Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang Haeba Batswadi ba ka ba Hlalana?

Nka Etsang Haeba Batswadi ba ka ba Hlalana?

 E nngwe ya dintho tse tshwenyang haholo eo batjha ba thulanang le yona ke ha batswadi ba bona ba hlalana. Ke eng e ka o thusang hore o mamelle boemo boo?

Sehloohong sena

 Dintho tse tharo tseo o sa lokelang ho di etsa

 1. Ho ipeha molato

 “Mme wa ka o ne a kile a mpolella hore mathata ohle a bona a qadile ha ke hlaha, ka hoo ke ile ka etsa qeto ya hore ke ka lebaka la ka batswadi ba ka ba hlalaneng.”​—Diana.

 Hopola sena: Ha ba a hlalana ka lebaka la hao. Ba hlalana ka lebaka la mathata a bona. Ha se wena ya ba baketseng mathata ebile o ke ke wa ba rarollela ona. Ke boikarabelo ba bona hore ba rarolle mathata a bona a lenyalo.

 “Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka dintho tseo a di etsang.”​—Bagalata 6:5.

 2. Ho dula o halefile

 “Ke kwatetse ntate wa ka haholo hobane ha a ka a tshepahalla mme wa ka. Ntate o tlo tlameha ho etsa boiteko bo boholo e le hore ke mo tshepe hape.”​—Rianna.

 Hopola sena: O tlameha o kwatile ebile o ferekane ka lebaka la se etsahalang pakeng tsa batswadi ba hao, mme ke ho utlwahalang hore o ikutlwe jwalo. Empa ho kotsi hore o dule o halefile. Ho ka o ntsha kotsi mmeleng le maikutlong. Ke ka hoo ho thweng ho dula o halefile ho tshwana le ho nwa tjhefo, ebe o lebella hore motho e mong e be yena ya kulang. a

 “Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale.”​—Pesaleme ya 37:8.

 3. O nahana hore o ke ke wa ba le lenyalo le thabileng

 “Ke tshaba hore ke tla etsisa ntate wa ka. Ke tshaba hore ha nka nyalwa ka ba le bana, ke tla etsa dintho tse tshwanang le tseo batswadi ba ka ba ileng ba di etsa ha ba tla qetella ba hlalane.”​—Jessica.

 Hopola sena: Taba ya hore lenyalo la batswadi ba hao ha le ya atleha, ha e bolele hore le la hao le ke ke la atleha. Ha e le hantle, o ka ithuta dintho tsa bohlokwa ho se etsahalletseng batswadi ba hao. Ka mohlala, o tla ba hlokolosi hore na o batla motho eo o tlo nyalana le yena a be jwang. Lenyalo la batswadi ba hao le sa kang la atleha, le ka o thusa hore o batle ho ba le makgabane a tla etsa hore o be monna kapa mosadi ya molemo.

 “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe dintho tseo a di etsang.”​—Bagalata 6:4.

Ho amohela hore batswadi ba hao ba hlalane ho tshwana le lesapo le robehileng le seng le fola. Se utlwisang bohloko hona jwale, se ka ba betere ha nako e ntse e ya

 Dintho tse tharo tseo o ka di etsang

 1. Bua le ba bang. Hangata batho ba sa bueng ha ba utlwile bohloko, ho ba bonolo hore ba etse dintho tse ba ntshang kotsi, tse kang ho nwa jwala haholo le ho sebedisa dithethefatsi. Ho ena le ho etsa jwalo, leka ho etsa dintho tsena tse latelang:

 Bua le batswadi ba hao. Haeba e mong wa batswadi ba hao kapa bobedi ba bona ba o bolella mathata a bona mme ba batla o nke lehlakore, bua le bona o kgobile matshwafo mme o ba bolelle hore na seo se etsa hore o ikutlwe jwang. Haeba o thatafallwa ho bua le bona, o ka ngolla e mong wa bona lengolo kapa wa ba ngolla ba le babedi.

 Bua le motswalle eo o mo tshepang. Ho ba le motho ya o mamelang ka hloko ha o bua, ho ka o thusa hore o imolohe. Bibele e re, “motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle mme ke ngwaneno eo o ka mo tshepang dinakong tsa mahlomola.”​—Diproverbia 17:17.

 Bua le Mmopi wa hao. “Ya Utlwang thapelo,” e leng Jehova Modimo, o dula a ikemiseditse ho o mamela. (Pesaleme ya 65:2) Bibele e re o ka ‘lahlela dintho tsohle tse o tshwenyang ho yena hobane wa o tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

  •   Ho batswadi ba hao, ke ofe eo o ka kgonang ho bua le yena o kgobile matshwafo?

  •   Ke motswalle ofe wa hao eo o mo tshepang (thaka ya hao kapa motho ya hodileng) ya ka o thusang le ho o tshehetsa hore o mamelle boemo boo?

  •   Ke dintho dife tseo o ka di rapellang ka ho kgetheha?

 2. Fetoha le maemo

 Ha batswadi ba hao ba hlalana, o ka nna wa tlameha ho fetola sebaka seo o neng o dula ho sona, sekolo, maemo a ditjhelete le ona a ka fetoha mme wa tlameha ho ba le metswalle e metjha. Ke ho utlwahalang hore o ikutlwe o tshwenyehile ebile o ferekane mme o ka utlwa eka bophelo ba hao bo fetohile haholo ebile bo bosula. Keng e ka o thusang hore o amohele boemo? Leka ho nahana haholo ka dintho tse ka o thusang hore o kgone ho ikamahanya le maemo a matjha.

  •   Ke phetoho efe e kgolo eo o ileng wa tlameha ho e etsa hobane batswadi ba hao ba hlalana?

  •   Ke dintho dife tse ka o thusang hore o kgone ho ikamahanya le maemo a matjha?

 “Ke ithutile ho kgotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.”​—Bafilipi 4:11.

 3. Tseba makgabane a hao

 Le hoja ho hlalana ha batswadi ba hao ho ka o tshwenya haholo, ho ka boela ha o thusa hore o hlokomele makgabane ao o nang le ona. O ka ba wa kgona ho ba le a mang. Jeremy, eo batswadi ba hae ba hlalaneng ha a le dilemo di 13 o re: “Ha batswadi ba ka ba hlalana, ke ile ka tlameha ho ba le boikarabelo haholwanyane. Ka ha ke nna ya moholo, ke ne ke lokela ho thusa mme wa ka le ngwaneso ya monyane wa moshemane.”

Ho hlalana ha batswadi ba hao ho ka etsa hore o be motho ya nang le boikarabelo haholo lapeng

  •   Ke makgabane afe ao o nang le ona ka lebaka la ho hlalana ha batswadi ba hao?

  •   Ke hokae moo o ka ratang ho ntlafatsa teng?

 “Mangolo ohle a halalelang a tswa ho Modimo. A molemo hobane . . . a lokisa dintho.”​—2 Timothea 3:16.

a Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Nka Etsang ho Laola Bohale ba ka?