Feta

NA E ENTSWE?

Lebese la Mme

Lebese la Mme

 Buka e nngwe ya babelehisi e re: “Lebese la phofo la bana le ke ke la tshwana le la mme hantle.” Ntho e etsang hore lebese la mme e be le loketseng bakeng sa ngwana wa hae, ke hobane mmele wa hae o fetola lebese ho latela ditlhoko tsa lesea.

 Nahana ka sena: Lebese la mme le fetoha ho tloha ha a qala ho nyantsha ngwana ho fihlela qetellong. Qalong, lebese le na le diprotheine, divithamine, diminerale le metsi a mangata, ebe hamorao le ba le mafura a mangata e le hore ngwana a ka kgora. Lebese la mme le fetoha ho latela hore na ngwana o se a le mokae le hore ke nako efe selemong.

 Lebese la mme le na le maro a mang a kang melatonin, e bang ngata haholo bosiu le maro a mang a bang teng motshehare. Ho itshetlehile ka hore na ke neng, maro ana a ka etsa hore ngwana a robale kapa a shebe, e leng ntho e thusang hore lesea le be le nako e tsitsitseng ya ho robala le ho tsoha.

 Matsatsi a mmalwa ka mora hore ngwana a hlahe, lebese la mme le ba lesehla mme le bitswa colostrum. Colostrum e sileha habonolo, e na le dimatlafatsi tse ngata tse tswelang lesea molemo le hoja mpa ya lona e le nyane. Colostrum e na le maro a mangata a bohlokwa a thusang lesea hore le se ke la kula. Ho ekelletsa moo, e thusa ho hlephisa lesea ka maleng, e leng ntho e etsang hore tshilo ya dijo ya lesea le sa tswa hlaha e hlweke.

 Bo mme ha ba a lokela ho tshwenyeha ka hore lebese le tla fela, le haeba ba ena le mafahla hobane lebese le ikeketsa ka tlhaho hore le lekane bana.

 O nahana jwang? Na lebese la mme le nang le bokgoni bo ikgethang le ikentse kapa le bopilwe jwalo?