Lengolo la Pele le Yang ho Timothea 5:1-25

  • Tsela ya ho sebedisana le ba hodileng le ba batjha (1, 2)

  • Ho thusa bahlolohadi (3-16)

    • Ho hlokomela lelapa (8)

  • Hlompha baholo ba sebetsang ka thata (17-25)

    • “Veine e nyenyane bakeng sa mala a hao” (23)

5  O se ke wa halefela monna ya hodileng+ empa o bue le yena hantle jwalo ka ha eka ke ntate wa hao. O bue le bahlankana jwalo ka ha eka ke bo abuti ba hao le bana beno.  O bue le basadi ba baholo jwalo ka ha eka ke bomme ba hao le basadi ba batjha jwalo ka ha eka ke dikgaitsedi tsa hao. O itshware hantle ha o sebedisana le bona.  Hlokomela* bahlolohadi ba hlileng ba hlokang.*+  Empa haeba mohlolohadi ofe kapa ofe a ena le bana kapa ditloholo, bana bao ba bontshe hore ba rata Modimo ka hore ba qale pele ba hlokomele malapa a habo bona.+ Ba buseletse batswadi ba bona le batswadi ba batswadi ba bona dintho tse ba tshwanetseng+ hobane ho etsa jwalo ho thabisa Modimo.+  Mohlolohadi ya se nang letho o tshepa Modimo+ mme o dula a mo rapela ka matla le ho mo kopa thuso bosiu le motshehare.+  Empa mohlolohadi ya phelelang feela ho kgotsofatsa ditakatso* tsa hae, o shwele le hoja a ntse a phela.  Ka hoo, o nne o ba fe ditaelo tsena e le hore ho se ke ha eba le motho ya ka ba tshwayang phoso.  Haeba motho a sa hlokomele batho bao a nang le boikarabelo ba ho ba hlokomela, haholoholo ba lelapa la hae, o latotse tumelo ebile o mobe ho feta motho ya se nang tumelo.+  Mohlolohadi a kenngwe lethathamong la batho ba hlokang thuso haeba a le ka hodimo ho dilemo tse 60 ebile a ne a tshepahalla monna wa hae,* 10  a tumme ka mesebetsi e metle,+ a hodisitse bana hantle,+ a tlwaetse ho amohela baeti,+ a hlatswitse maoto a bahalaledi,+ a thusitse ba mahlomoleng+ ebile a tlwaetse ho etsa ntho e nngwe le e nngwe e molemo ka mafolofolo. 11  Bahlolohadi ba batjha dilemong bona o se ke wa ba kenya lethathamong leo hobane ha ditakatso tsa bona tsa ho etsa thobalano di ba sitisa ho sebeletsa Kreste, ba batla ho nyalwa. 12  Ba tla ahlolwa hobane ba sa ka ba tshepahalla tshepiso ya bona ya pele. 13  Ba qetella ba se ba tlwaetse ho se etse letho, ba nyolosa ba theosa ba ya malapeng a batho ba bang. Ntle le hore ba tlwaetse ho se etse letho, ba a seba le ho kenakenana le ditaba tsa batho ba bang+ ebile ba bua ka dintho tse sa ba tlameng. 14  Ka hoo, ke lakatsa hore bahlolohadi ba batjha dilemong ba nyalwe,+ ba be le bana,+ ba hlokomele malapa a bona e le hore ba se ke ba fa mohanyetsi ofe kapa ofe monyetla wa ho ba bua hampe. 15  Bahlolohadi ba bang ba kgelohile tsela e nepahetseng mme ba latela Satane. 16  Haeba mosadi ofe kapa ofe wa Mokreste a amana le mohlolohadi, o lokela ho mo thusa e le hore phutheho e se ke ya imelwa, e tle e kgone ho thusa bahlolohadi ba se nang letho.*+ 17  Baholo ba tataisang phutheho hantle+ ba lokela ho fuwa tlhompho e tebileng,+ haholoholo ba sebetsang ka thata ho bua ka lentswe la Modimo le ho ruta.+ 18  Le Mangolo a re, “O se ke wa tlama poho molomo ha e pola.”+ Hape a re, “Motho ya sebetsang o tshwanela ho fuwa moputso wa hae.”+ 19  O se ke wa etsa letho haeba ho ena le motho ya qosang monna ya hodileng,* ntle le ha ho ena le batho ba babedi kapa ba bararo ba pakang taba eo.+ 20  Ba tlwaetseng ho etsa sebe+ o ba kgalemele+ ka pela batho bohle e le hore le ba bang ba tle ba tshabe ho etsa sebe. 21  Ke o laela ka pela Modimo, Kreste Jesu le mangeloi a kgethilweng ke Modimo hore o latele ditaelo tsena o se na leeme kapa kgethollo.+ 22  O se ke wa potlakela ho kgetha* monna ofe kapa ofe+ hore a be le boikarabelo bo itseng, hape o se ke wa kenella dibeng tsa batho ba bang. Dula o itshwere hantle. 23  O se ke wa hlola o nwa metsi* empa o nwe veine e nyenyane bakeng sa mala a hao. E tla o thusa hobane o kula hangata. 24  Dibe tsa batho ba bang di a tsebahala mme seo se etsa hore ba ahlolwe ka potlako empa dibe tsa batho ba bang tsona di hlahella ha morao.+ 25  Ka tsela e tshwanang, mesebetsi e metle e a tsebahala.+ Le haeba e sa tsebahale, e ke ke ya dula e patehile.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “Hlompha.”
E leng ba se nang mang we!
Mohlomong ho buuwa ka ditakatso tsa ho etsa thobalano.
Ka Segerike: “e ne e le mosadi wa monna a le mong.”
E leng ba se nang mang we!
Kapa: “moholo wa phutheho.”
Kapa: “beha matsoho.”
Kapa: “O se ke wa nwa metsi feela.”