Ho Baheberu 2:1-18

  • Re nahanisise (1-4)

  • Dintho tsohle di behilwe tlasa taolo ya Jesu (5-9)

  • Jesu le bana babo (10-18)

    • Ke Moetapele e Moholo ya etsang hore ba pholohe (10)

    • Moprista ya phahameng ya mohau (17)

2  Ke ka hoo ho hlokahalang hore re nahanisise ka dintho tseo re di utlwileng+ e le hore re se ke ra kgeloha.+  Haeba mantswe a ileng a buuwa ke mangeloi+ e ne e le nnete mme motho ya tlotseng molao le ya sa mameleng a ne a fuwa kotlo e mo tshwanetseng,+  jwale rona re tla phonyoha kotlo jwang haeba re iphapanyetsa molaetsa o bohlokwa hakaale wa poloko?+ Morena wa rona ke yena wa pele wa ho bua ka wona+ mme batho ba mo utlwileng ba ile ba re bolella wona.  Modimo o ile a paka hore molaetsa oo ke nnete ka ho etsa dipontsho, dimakatso, mehlolo e fapaneng+ le ka ho fana ka moya o halalelang ho ya ka thato ya hae.+  Modimo ha a kgetha mangeloi hore a laole lefatshe le tlang+ leo re buang ka lona.  Paki e nngwe e ile ya ngola ya re: “Motho keng hore o nne o mo hopole le mora wa motho keng hore o mo hlokomele?+  O mo entse ya tlasana ho mangeloi, wa mo fa kganya le ho hlompheha yaba o mo fa matla a ho laola dintho tseo o di bopileng.  O behile dintho tsohle tlasa taolo ya hae.”*+ Ha Modimo a mo fa matla a ho laola dintho tsohle,+ ha a ka a etsa hore ho be le ntho le ha e le nngwe eo a sa e laoleng.+ Hona jwale ha re eso bone dintho tsohle tseo a di laolang.+  Empa re bona Jesu, ya neng a entswe ya tlasana ho mangeloi+ empa a putswa ka kganya le tlhompho hobane o ile a shwa.+ Ka lebaka la mosa* wa Modimo, o ile a shwela motho e mong le e mong.+ 10  Dintho tsohle di bile teng ka Modimo le ka lebaka la hae. Ka hoo, e le hore a tlotlise bara ba hae ba bangata,+ ho ne ho loketse hore a tlohele Moetapele e Moholo+ hore a utlwe bohloko e le hore a ka ba pholosa.+ 11  Jesu le bohle bao a ba halaletsang+ ba na le Ntate a le mong.+ Ka hoo, ha a swabele ho ba bitsa bana babo.+ 12  Etswe o re: “Ke tla bolella bana beso lebitso la hao. Ke tla o rorisa hara phutheho.”+ 13  Hape o re: “Ke tla mo tshepa.”+ O boetse o re: “Bonang nna le bana bao Jehova* a mphileng bona.”+ 14  Ka ha bana bao ke batho ba nama le madi le yena e kile ya eba motho wa nama le madi+ e le hore ka lefu la hae a ka fedisa Diabolose+ ya kgonang ho baka lefu.+ 15  Ka ho etsa jwalo, o lokolotse bohle bao e neng e le makgoba bophelo bohle ba bona ka lebaka la ho tshaba lefu.+ 16  Ha e le hantle, o ne a tletse ho thusa ditloholo* tsa Abrahama+ eseng mangeloi. 17  Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tshwana le “bana babo” ka ditsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ya phahameng ya mohau le ya tshepahalang ha a etsa mosebetsi wa Modimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang dibe tsa batho e le hore ba ka ba le kgotso le Modimo.+ 18  Ka ha o ile a utlwa bohloko ha a lekwa,+ o kgona ho thusa ba ntseng ba lekwa.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “maoto a hae.”
Ka Segerike: “peo.”