Diketso Tsa Baapostola 16:1-40

  • Pauluse o kgetha Timothea (1-5)

  • Pono ya monna wa Macedonia (6-10)

  • Lydia e ba morutuwa motseng wa Filipi (11-15)

  • Pauluse le Silase ba a tshwarwa (16-24)

  • Molebedi wa teronko le ba lelapa la hae ba a kolobetswa (25-34)

  • Pauluse o re bommaseterata ba itlise ba tlo kopa tshwarelo (35-40)

16  Pauluse a ya Derbe, ha a tloha moo a fetela Listra.+ Ho ne ho ena le morutuwa e mong moo ya bitswang Timothea.+ Mme wa hae e ne e le Mojuda ebile e le morutuwa, ntate wa hae yena e le Mogerike.  O ne a buuwa hantle ke barutuwa ba Listra le Ikoniamo.  Pauluse o ne a batla hore Timothea a tsamaye le yena. Ka hoo, a mo bolotsa hobane Bajuda bohle ba dulang dibakeng tseo+ ba ne ba tseba hore ntate wa hae ke Mogerike.  Ha ba ntse ba ya le metse, ba ne ba bolella diphutheho hore na baapostola le baholo ba Jerusalema ba entse diqeto dife e le hore le bona ba ka etsa dintho tumellanong le diqeto tseo.+  Ka hoo, diphutheho tsa nna tsa matlafala tumelong mme tsa hola letsatsi le letsatsi.  Ba feta le Frigia le naheng ya Galatia+ hobane moya o halalelang o ne o ba hanetse ho bolela lentswe profinseng ya Asia.  Ha ba fihla Misia ba leka ho kena Bithinia+ empa Jesu a ba thibela a sebedisa moya o halalelang.  Ka hoo, ba feta Misia yaba ba ya Troase.  Bosiu Pauluse a ba le pono. A bona monna ya tswang Macedonia a eme pela hae a mo kopa a re: “Tshelela Macedonia o re thuse.” 10  Ka mora hore a bone pono eo, ra leka ho kena Macedonia hobane re fihletse qeto ya hore Modimo o re laetse hore re bolelle batho ba moo ditaba tse monate tsa Mmuso wa hae. 11  Ka hoo, ra tloha Troase ka sekepe ra toba Samothrase. Ka le hlahlamang ra ya Neapolise. 12  Ha re tloha moo ra ya Filipi.+ Filipi ke kolone ya Roma ebile ke motse o moholo wa setereke sa Macedonia. Ra qeta matsatsinyana motseng oo. 13  Ka Sabatha ra ya ka ntle ho dikeiti tsa motse pela noka moo re neng re nahana hore ho rapellwa teng. Ra dula fatshe yaba re bua le basadi ba neng ba le moo. 14  Ho ne ho ena le mosadi ya hlahang Thiatire+ ya bitswang Lydia. O ne a rekisa masela le diaparo tse pherese. E ne e le mosadi ya hlomphang Modimo. Ha a ntse a mametse, Jehova* a mo thusa* hore a amohele dintho tseo Pauluse a ntseng a di bua. 15  Ka mora hore yena le ba lelapa la hae ba kolobetswe,+ a re ho rona: “Haeba le dumela hore ke tshepahalla Jehova,* ke kopa le tlo robaletsa ha ka.” A re phehella hore re tsamaye le yena. 16  Ha re ya moo ho rapellwang teng, ra kopana le ngwanana wa mosebeletsi ya nang le modemona wa bonohe.+ O ne a etsetsa beng ba hae tjhelete e ngata ka ho bolela dintho tse tla etsahala. 17  Ngwanana enwa a nna a re sala morao a hweletsa a re: “Banna bana ke makgoba a Modimo ya Phahameng+ ka ho Fetisisa. Ba a le bolella hore na le tla pholoswa jwang.” 18  A etsa jwalo ka matsatsi a mangata. Pauluse a qetella a tenehile yaba o a hetla o re ho modemona eo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena.” Modemona a tswa hanghang.+ 19  Ha beng ba ngwanana eo ba bona hore ha ba sa tla kgona ho etsa tjhelete ka yena,+ ba tshwara Pauluse le Silase ba ba isa mmarakeng ho babusi.+ 20  Ba ba isa ho bommaseterata yaba ba re: “Batho bana ba ferekanya motse wa rona haholo.+ Ke Bajuda 21  jwale ba ruta dintho tseo molao o sa re dumelleng hore re di etse re le Baroma.” 22  Letshwele la ba halefela. Bommaseterata ba tabola diaparo tsa bona yaba ba laela hore ba otlwe ka melamu.+ 23  Ka mora ho ba otla ka makgetlo, ba ba kenya teronkong yaba ba laela molebedi wa teronko hore a ba lebele ka thata.+ 24  Ka mora hore molebedi wa teronko a fumane taelo eo, a ba isa karolong e ka harehare ya teronko yaba o faseletsa maoto a bona dikoqong tse kgolo tsa patsi.* 25  Hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela ba bile ba rorisa Modimo ka pina.+ Batshwaruwa ba bang ba ne ba ba mametse. 26  Lefatshe la reketla ka matla hoo metheo ya teronko e ileng ya sisinyeha. Menyako yohle ya buleha mme dintho tseo batshwaruwa bohle ba neng ba fasitswe ka tsona tsa fasoloha.+ 27  Ha molebedi wa teronko a tsoha mme a bona hore mamati a teronko a bulehile, a nahana hore batshwaruwa ba balehile. A ntsha sabole ya hae yaba o leka ho ipolaya.+ 28  Empa Pauluse a hweletsa a re: “O se ke wa ipolaya hobane re ntse re le teng kaofela!” 29  Molebedi wa teronko a kopa mabone yaba o mathela ka teronkong. A kgumama ka pela Pauluse le Silase a ntse a thothomela. 30  A ba isa ka ntle yaba o re: “Bontate, ke etseng hore ke pholohe?” 31  Ba re: “Dumela ho Morena Jesu mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoha.”+ 32  Ba mo bolella lentswe la Jehova* ha mmoho le bohle ba lelapa la hae. 33  A tsamaya le bona bosiung bona boo mme a ba hlatswa maqeba. Yena le bohle ba lelapa la hae ba kolobetswa hanghang.+ 34  A ya le bona ha hae yaba o ba tekela tafole. Yena le bohle ba lelapa la hae ba thaba haholo ka ha ba ne ba se ba dumela ho Modimo. 35  Ha bosiu bo esa, bommaseterata ba roma makosetabole ho molebedi wa teronko hore a re ho yena: “Lokolla batho bao.” 36  Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo a re: “Bommaseterata ba romme banna e le hore lona ba babedi le ka lokollwa. Jwale tswang le itsamaele ka kgotso.” 37  Pauluse a re ho bona: “Ba re shapile phatlalatsa re eso ahlolwe* empa re le Baroma+ yaba ba re kenya teronkong. Jwale ba se ba batla ho re lokolla ka lenyele? Lekgale! Bona ha ba tle ba tlo re lokolla.” 38  Makosetabole a tlalehela bommaseterata ditaba tsena. Ba tshoha ha ba utlwa hore banna bao ke Baroma.+ 39  Ka hoo, ba tla yaba ba kopa tshwarelo. Ha ba qeta ho ba ntsha, ba ba kopa hore ba tlohe motseng oo. 40  Ha ba tswa teronkong ba ya ha Lydia. Ha ba kopana le barutuwa ba ba kgothatsa+ yaba ba a tsamaya.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “a bula pelo ya hae.”
Kapa: “nyewe ya rona e eso buuwe.”