Diketso Tsa Baapostola 4:1-37

  • Petrose le Johanne ba a tshwarwa (1-4)

    • Banna ba 5 000 e ba barutuwa (4)

  • Nyewe Lekgotleng le Phahameng la Bajuda (5-22)

    • “Re ke ke ra kgaotsa ho bua” (20)

  • Ba rapella ho ba sebete (23-31)

  • Barutuwa ba arolelana dintho tsohle (32-37)

4  Ha Petrose le Johanne ba ntse ba bua le setjhaba, baprista ba baholo, motsamaisi wa tempele le Basaduse+ ba ba kgorohela,  ba halefisitswe ke hore baapostola ba a ruta ebile ba bolella batho phatlalatsa hore Jesu o tsositswe bafung.+  Ba ba tshwara yaba ba a ba kwalla+ ho fihlela letsatsing le hlahlamang hobane e ne e se e le shwalane.  Batho ba bangata ba neng ba ba mametse ya eba barutuwa. Palo ya barutuwa ba banna e ne e ka ba 5 000.+  Ka le hlahlamang, babusi, baholo le bangodi ba Bajuda ba kopana Jerusalema  ba ena le Anase+ moprista e moholo, Kaifase,+ Johanne, Alexandere le bohle ba amanang le moprista e moholo.  Ba tlisa Petrose le Johanne yaba ba re ho bona: “Ke mang ya le fileng matla a ho etsa tjee?”  Petrose a bua a tletse moya o halalelang+ a re: “Babusi ba setjhaba le lona baholo  haeba le re hloma dipotso ka ntho e ntle eo re e etseditseng monna ya neng a holofetse+ mme le batla ho tseba hore na ke mang ya mo fodisitseng, 10  lona le Baiseraele bohle le tsebe hore monna enwa ya emeng ka pela lona o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Monazaretha,+ eo le ileng la mo kgokgothela palong+ empa Modimo a mo tsosa bafung.+ 11  Jesu ke ‘lejwe leo lona dihahi le ileng la nka le se bohlokwa empa lejwe leo le se le fetohile lejwe la sekgutlo la sehlooho.’*+ 12  Hape ha ho na mopholosi e mong ntle le yena hobane ha ho na lebitso le leng+ lefatsheng leo Modimo a le fileng batho e le hore re pholohe.”+ 13  Ha ba bona ka moo Petrose le Johanne ba leng sebete ka teng le hore ke batho feela ba tlwaelehileng ba sa rutehang,*+ ba makala. Ba hlokomela hore ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le Jesu.+ 14  Ba ne ba shebile monna ya nang le bona ya seng a phekotswe,+ ba sa tsebe hore na ba ka hanyetsa ka ho reng.+ 15  Ka hoo, ba ba laela hore ba ye ka ntle ho holo ya Lekgotla le Phahameng la Bajuda,* bona ba sala ba buisana 16  ba re: “Re tla etsang ka batho baa?+ Ntho ena eo ba e entseng ke mohlolo mme baahi bohle ba Jerusalema ba e bone,+ re ke ke ra e latola. 17  A re ba tshoseng re ba bolelle hore ba se ke ba hlola ba bua ka lebitso lena e le hore taba ena e se ke ya tsebahala ho feta mona.”+ 18  Ba ba bitsa yaba ba ba laela hore ba se ke ba hlola ba ruta kapa ba bua ka lebitso la Jesu. 19  Petrose le Johanne ba re: “Lona iketsetseng qeto hore na ho nepahetse mahlong a Modimo hore re mamele lona ho ena le ho mamela yena. 20  Empa rona re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”+ 21  Ba ba tshosa hape yaba ba a ba lokolla hobane ba ne ba se na mabaka a ho ba ahlola. Hape ba ne ba tshaba batho+ hobane batho bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka lebaka la ntho e etsahetseng. 22  Dilemo tsa monna eo ya neng a phekotswe ka mohlolo di ne di feta 40. 23  Ka mora hore barutuwa bao ba babedi ba lokollwe, ba ya ho barutuwa ba bang mme ba ba bolella hore na baholo le baprista ba baholo ba itseng ho bona. 24  Ha ba utlwa ditaba tsena, ba rapela Modimo ba momahane ba re: “Mmusi wa Dintho Tsohle, ke wena ya entseng lehodimo, lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona.+ 25  Ke wena ya ileng a susumetsa moholoholo wa rona Davida+ mohlanka wa hao ka moya o halalelang hore a re: ‘Ke hobaneng ha ditjhaba di ne di le morusu mme batho ba thuisa ka dintho tse se nang thuso? 26  Marena a lefatshe a ile a itokisetsa ho lwana mme babusi ba ikopanya hore ba hlasele Jehova* le motlotsuwa wa hae.’*+ 27  Heroda, Ponse Pilato,+ batho ba ditjhaba le Baiseraele ba ne ba ikopantse motseng ona ho hlasela mohlanka wa hao ya halalelang Jesu, eo o mo kgethileng+ 28  e le hore ba etse dintho tseo o neng o rerile esale pele hore di etsahale ka matla le thato ya hao.+ 29  Jehova,* re kopa o bone ka moo ba re tshosang ka teng mme o thuse makgoba a hao hore a nne a bolele lentswe la hao ka sebete sohle. 30  Re kopa o sebedise matla a hao ho fodisa batho ba kulang le hore mehlolo e etsahale+ ka lebitso la mohlanka wa hao ya halalelang Jesu.”+ 31  Ka mora hore ba etse thapelo eo e matla, sebaka seo ba bokaneng ho sona sa sisinyeha yaba kaofela ba tlala moya o halalelang+ mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.+ 32  Barutuwa bohle ba ne ba dumellana.* Ba ne ba arolelana dintho tsohle, ho se na ya reng dintho tsa hae ke tsa hae a le mong.+ 33  Baapostola ba nna ba fana ka bopaki ka tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo+ mme Modimo a hlohonolofatsa bohle haholo.* 34  Ho ne ho se le ya mong wa bona ya hlokang+ hobane batho bohle ba nang le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlisa tjhelete ya dintho tse rekisitsweng 35  ebe ba e fa baapostola.+ Baapostola ba ne ba abela barutuwa bohle tjhelete eo ho ya ka hore na ba hlokang.+ 36  Josefa wa Molevi ya hlahetseng Saeprase, eo baapostola ba neng ba mo bitsa Barnabase+ (eo ha e fetolelwa e bolelang, “Mora wa Matshediso”), 37  o ile a rekisa setsha sa hae yaba o fa baapostola tjhelete ya sona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “la bohlokwa.” Ka Segerike: “hlooho ya sekgutlo.”
E leng hore ha ba a ya dikolong tsa borabi, eseng hore ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola.
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Kapa: “Kreste wa hae.”
Ka Segerike: “ba ena le pelo e le nngwe le moya o le mong.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a ba mosa haholo ho bona.” Sheba Tlhaloso.