Feta

Ke ne ke Kgopiswa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Yona

Ke ne ke Kgopiswa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Yona

Ke ne ke Kgopiswa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Yona

JWALO KA HA HO BOLETSE EILEEN BRUMBAUGH

KE HOLETSE lelapeng le neng le le bodumeding ba Old Order German Baptist Brethren, bo batlang bo tshwana le bodumedi ba Amish le ba ba Mamennone. Mokgatlo wa The Brethren o qadile Germany ka 1708 mme morero wa wona e ne e le ho tsosolosa borapedi. Ho tsosoloswa hona ha borapedi ho tsejwa e le Pietism. The Encyclopedia of Religion e re Pietism e ne e kgethollwa ka “boikutlo ba hore batho ba hloka kosepele ya Kreste.” Boikutlo boo bo ile ba etsa hore mokgatlo ona o be le matsholo a atlehang a ho ruta dinaheng tse fapafapaneng.

Ka 1719 sehlopha se senyenyane se neng se etellwa pele ke Alexander Mack se ile sa ya sebakeng seo hona jwale se tsejwang e le Pennsylvania se United States. Ha nako e ntse e ya, sehlopha sena se ile sa tswala tse ding mme ha morao di ile tsa arohana. Sehlopha se seng le se seng se ne se utlwisisa dithuto tsa Alexander Mack ka tsela e fapaneng. Kereke ya rona e ne e ena le ditho tse 50. Ho ne ho nkwa e le ha bohlokwa ho bala Bibele le ho mamela diqeto tsohle tse entsweng ke kereke.

Meloko e meraro ya lelapa leso haesale e le bodumeding bona. Le nna ke ile ka ba karolo ya kereke eo mme ke ile ka kolobetswa ha ke le dilemo di 13. Ha ke ntse ke hola ke ile ka rutwa hore ho fosahetse ho sebedisa kapa ho ba le koloi, terekere, founu, radio kapa ntho le ha e le efe e sebetsang ka motlakase. Bomme ba ne ba sa apare dintho tse nang le mekgabiso hape ba ne ba sa ikute moriri ebile ba dula ba rwetse hloohong. Bontate ba ne ba hodisa ditedu. Ho ya ka tsela eo re neng re nahana ka yona, ho se be karolo ya lefatshe ho ne ho akarelletsa ho se apare diaparo tsa sejwalejwale, ho se sebedise make-up kapa mekgabiso, e leng dintho tseo re neng re nahana hore di etswa ke baetsadibe ba ikgohomosang.

Re ne re rutwa hore re hlomphe Bibele haholo ka ha e ne e nkwa e le dijo tsa moya. Hoseng ho hong le ho hong pele re ja dijo tsa hoseng re ne re dula ha mmoho mme re mamela ha Ntate a re balla kgaolo e itseng ka Bibeleng ebe ka mora moo re a bua hore na re ithutileng. Ha re qeta, kaofela ha rona re ne re kgumama ebe Ntate o a rapela. Ka mora moo, Mme o ne a etsa Thapelo ya Morena. Ka mehla ke ne ke labalabela ho ba teng borapeding ba hoseng hobane lelapa kaofela le ne le kopana mme re ithuta ka Modimo.

Re ne re dula polasing e pela toropo ya Delphi e Indiana mme re ne re lema mefuta e fapaneng ya dijalo. Re ne re ya toropong ka kariki mme re rekisa meroho seterateng kapa ka ntlo le ntlo. Re ne re nahana hore ho sebetsa ka thata e ne e le tsela e nngwe hape eo re sebeletsang Modimo ka yona. Ka hoo re ne re dula re sebetsa ntle le ka Sontaha hobane ka letsatsi leo re ne re sa lokela ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ka dinako tse ding lelapa leso le ne le sebetsa ka thata polasing mme seo se ne se re sitisa ho tsepamisa dikelello kamanong ya rona le Modimo.

Lenyalo le Lelapa

Ka 1963, ha ke le dilemo di 17, ke ile ka nyalana le James, e leng e mong wa setho sa kereke ya Old Brethren. Lelapa la habo e ne e se e ntse e le karolo ya Old Brethren ho tloha kgale. Bobedi ba rona re ne re hlile re batla ho sebeletsa Modimo mme re ne re dumela hore kereke ya rona ke yona feela ya nnete.

Ka 1975 re ne re se re na le bana ba tsheletseng mme ka 1983 ngwana wa rona wa ho fela e leng wa bosupa o ile a hlaha. Ngwana wa rona wa bobedi e leng Rebecca e ne e le yena feela ngwanana. Re ne re sebetsa ka thata, re sebedisa tjhelete e nyenyane ebile re phela bophelo bo bobebe. Re ne re leka ho ruta bana ba rona ho phela ka melao ya Bibele eo re ithutileng yona ho batswadi ba rona le batho ba bang ba kerekeng ya Old Brethren.

Batho ba kereke ya Old Brethren ba ne ba nka tsela eo motho a neng a shebahala ka yona e le ya bohlokwa. Re ne re nahana hore ka ha ha re kgone ho bona se ka pelong, tsela eo motho a aparang ka yona e a bontsha hore na ke motho ya jwang. Haeba motho a ne a lokisa moriri wa hae haholo, ho ne ho nkwa seo e le ho ikgohomosa. Haeba mokgabiso o seaparong sa motho o ne o le moholo, seo se ne se nkwa e le letshwao la boikgohomoso. Ka dinako tse ding dintho tsena di ne di nkwa di le bohlokwa ho feta seo Bibele e se rutang.

Se Ileng sa Etsahala Teronkong

Ho elella dilemong tsa bo 1970, abuti wa monna wa ka e leng Jesse, eo le yena a hodiseditsweng lelapeng le kenang kereke ya Old Brethren o ile a iswa teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Ha a le moo o ile a kopana le Dipaki Tsa Jehova. Dipaki Tsa Jehova le tsona di dumela hore ho kenela sesole ha ho dumellane le Mangolo. (Esaia 2:4; Matheu 26:​52) Jesse o ne a thabela ho bua ka Bibele le Dipaki Tsa Jehova, ebile o ne a kgona ho bona ka boyena hore na ke batho ba jwang. Ka mora hore a ithute Bibele le bona o ile a kolobetswa mme ya eba Paki ya Jehova. Ntho eo ha e a ka ya re thabisa.

Jesse o ile a bolella monna wa ka dintho tseo a ithutileng tsona. O ile a boela a lokisetsa hore monna wa ka a fumane dimakasine tsa Tsoha! le Molula-Qhooa. Ha monna wa ka a ntse a di bala o ile a thahasella Bibele le ho feta. Ka ha o ne a batla ho sebeletsa Modimo empa hangata a utlwa eka o hole le yena, o ne a thahasella ntho e nngwe le e nngwe e neng e tla etsa hore a be haufi le yena.

Baholo ba kereke ya rona ba ne ba re kgothalletsa ho bala dimakasine tsa bodumedi tsa Amish, Mamennone le tsa ditumelo tse ding tsa Old Brethren, le hoja re ne re nka madumedi a na e le karolo ya lefatshe. Ntate wa ka yena o ne a hloile Dipaki. O ile a re le ka mohla re se ke ra bala Molula-Qhooa le Tsoha! Ka hoo, ke ile ka tshoha ha ke bona monna wa ka a di bala. Ke ne ke tshaba hore o tla dumela dithuto tse fosahetseng.

Haesale monna wa ka a belaella dithuto tsa Old Brethren hobane a nka hore ha di dumellane le Bibele, haholoholo thuto ya hore ke sebe ho etsa mosebetsi le ha e le ofe ka Sontaha. Ka mohlala, ho ne ho rutwa hore motho a ka fa diphoofolo metsi ka Sontaha empa ha a dumellwa hore a fothole setlamatlama. Baholo ba ne ba sa kgone ho mo fa lebaka le hlahang ka Mangolong la sena. Butle butle le nna ke ile ka qala ho ba le dipelaelo ka dithuto tseo.

Ho ne ho le thata ho tlohella bodumedi ba Old Brethren hobane ho tloha kgale re ne re dumela hore ke yona feela kereke ya Modimo mme re ne re tseba hore na ho tla etsahalang haeba re e tlohela. Le ha ho le jwalo, matswalo a rona a ne a se a sa re dumelle ho ba bodumeding boo dithuto tsa bona di neng di sa dumellane ka ho felletseng le seo Bibele e se rutang. Ka 1983 re ile ra ngola lengolo le neng le hlalosa mabaka a rona a ho tlohella bodumedi boo mme ra kopa hore le balwe ka pela phutheho. Ka hoo batho ba kereke ba ile ba kgaotsa ho itswakanya le rona.

Re Ile ra Batla Bodumedi ba Nnete

Ka mora moo, re ile ra qala ho batlana le bodumedi ba nnete. Re ne re batlana le bodumedi boo balatedi ba teng ba neng ba etsa dintho tseo ba di rutang batho ba bang. Ntho ya pele eo re ileng ra e etsa ke ho ipolella hore re ke ke ra ba bodumeding le ha e le bofe bo nkang karolo dintweng. Re ne re ntse re batlana le bodumedi boo batho ba teng ba neng ba phela bophelo bo bobebe ebile ba sa apare diaparo tse nang le mekgabiso, hobane re ne re dumela hore bodumedi bo jwalo ha se karolo ya lefatshe. Ho tloha ka 1983 ho ya ho 1985, re ne re ntse re batlana le bodumedi ba nnete mme re ile ra ya bodumeding ba Mamennone, Quakers le madumedi a mang ao batho ba teng ba neng ba phela bophelo bo bobebe.

Hona nakong eo, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa re etela polasing ya rona e pela toropo ya Camden e Indiana. Re ne re ba mamela mme re ba kopa hore ba sebedise Bibele ya King James version feela. Ke ne ke hlompha taba ya hore Dipaki di ne di le sebete mme di hana ho ya ntweng. Ho ne ho le thata hore ke ba mamele hobane ba ne ba sa bone bohlokwa ba hore motho a apare diaparo tse se nang mekgabiso. Ke ne ke nka bodumedi ba bona e le karolo ya lefatshe, ka hoo e ne e ke ke yaba ke ba nnete. Ke ne ke utlwa eka ho ikgohomosa ho etsa hore batho ba apare ka tsela e fapaneng le eo re aparang ka yona. Ke ne ke dumela hore dintho tseo motho a nang le tsona di ne di ka etsa hore a ikgohomose.

Monna wa ka o ile a qala ho ya Holong ya Dipaki Tsa Jehova le ba bang ba bara ba rona. Ntho eo e ile ya nkwatisa haholo. Monna wa ka o ile a nkopa hore ke tsamaye le yena empa ke ile ka hana. Ka letsatsi le leng o ile a re: “Le haeba o sa dumellane le dintho tseo ba di rutang, e ya feela o ilo bona hore na ba tshwarana jwang.” O ne a kgahlilwe ke tsela eo ba tshwaranang ka yona.

Qetellong ke ile ka etsa qeto ya hore ke tsamaye le yena, empa ka ipolella hore ke tla ba hlokolosi. Ke ile ka ya ke apere mose wa ka o se nang mekgabiso mme ke rwetse katiba. Bara ba rona ba bang ba ne ba sa rwala dieta mme le bona diaparo tsa bona di ne di se na mekgabiso. Le ha ho le jwalo, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa tla ho rona mme tsa re tshwara ka lerato. Ka pelong ke ile ka re, ‘re fapane le bona le ha ho le jwalo ba ntse ba re amohela.’

Ke ile ka kgahlwa ke lerato la bona, empa ke ne ke ntse ke ikemiseditse hore nke ke ka ba bodumeding ba bona. Ke ne ke sa eme ha ba bina ebile ke sa bine le bona. Ka mora seboka ke ile ka ba botsa dipotso tse ngata, ka ba botsa ka dintho tseo ke neng ke nahana hore ha ba di etse hantle le ka mangolo ao ke neng ke batla hore ba a hlalose. Le hoja ke ne ke sa bontshe mosa ha ke ne ke bua le bona, motho e mong le e mong eo ke neng ke bua le yena o ne a bontsha hore o a nthahasella. Ntho e nngwe e ileng ya nkhahla ke hore ke ne ke botsa batho ba fapaneng dipotso tse tshwanang, empa dikarabo tsa bona di ne di dumellana. Ka dinako tse ding ba ne ba nngolla karabo fatshe e leng se neng se nthusa haholo hobane ke ne ke kgona ho iketsetsa dipatlisiso ka yona ha morao.

Ka 1985, nna le lelapa la ka re ile ra ya kopanong ya Dipaki Tsa Jehova e neng e tshwaretswe Memphis, Tennessee, e le hore feela re ilo bona. Monna wa ka o ne a ntse a le ditedu mme re ne re ntse re apere diaparo tsa rona tse se nang mekgabiso. Nakong ya kgefu, batho ba bangata ba ne ba tla ba tlo qoqa le rona. Re ne re kgahlilwe ke tsela eo ba neng ba re rata, ba re thahasella le ho re amohela ka yona. Re ne re boetse re kgahlilwe ke bonngwe boo ba neng ba na le bona hobane ho sa tsotellehe hore na re ne re ya dibokeng hokae, ba ne ba ruta ntho e tshwanang.

Monna wa ka o ile a rata tsela eo Dipaki Tsa Jehova di neng di mo thahasella ka yona mme o ile a dumela ho ithuta Bibele le bona. O ile a hlahloba ntho e nngwe le e nngwe hobane o ne a batla ho kgodiseha hore seo a neng a ithuta sona ke nnete. (Liketso 17:​11; 1 Bathesalonika 5:​21) Ha nako e ntse e ya, monna wa ka o ile a re o fumane nnete. Le ha ho le jwalo, nna ke ne ke ntse ke ferekane. Ke ne ke batla ho etsa se nepahetseng, empa ke ne ke sa batle ho phela ka tsela e neng e tla etsa hore ke balellwe hara batho ba “lefatshe.” Ka lekgetlo la pele ha ke ne ke dumela ho ba teng thutong ya Bibele, ke ne ke nkile Bibele ya King James Version le ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha e le ho bapisa hore na di bua ntho e tshwanang.

Ntho e Ileng ya Nkgodisa

Ha re ntse re ithuta le Dipaki Tsa Jehova re ile ra hlokomela hore Ntate wa rona ya lehodimong ke yena feela Modimo mme ha se boraro bo teroneng, re ile ra boela ra ithuta hore ha re na moya o sa shweng. (Deuteronoma 6:4; 1 Bakorinthe 8:​5, 6) Re ile ra boela ra ithuta hore dihele ha se sebaka seo batho ba hlokofatswang ho sona, empa ke lebitla le tlwaelehileng. (Jobo 14:​13; Pesaleme ya 16:​10; Moeklesia 9:​5, 10; Liketso 2:​31) Ho ithuta nnete ka dihele e ne e le ntho ya bohlokwa hobane kerekeng ya Old Brethren batho ba ne ba sa dumellane ka hore na dihele di bolelang.

Le ha ho le jwalo, ke ne ke ntse ke ipotsa hore na ehlile Dipaki Tsa Jehova ke bodumedi ba nnete hobane ke ne ke nka bodumedi ba bona e le karolo ya lefatshe. Ke ne ke nahana hore ho bohlokwa hore re phele bophelo bo bobebe le hore re se ke ra apara diaparo tse nang le mekgabiso. Ka nako e tshwanang ke ne ke hlokomela hore ba phetha taelo ya Jesu ya ho bolella batho bohle ditaba tse molemo. Ke ne ke ferekane haholo.​—Matheu 24:​14; 28:​19, 20.

Nakong ena e thata, lerato leo Dipaki Tsa Jehova di neng di mpontsha lona le ile la nthusa hore ke tswele pele ke etsa dipatlisiso. Phutheho yohle e ne e thahasella lelapa la rona. Ditho tsa phutheho di ne di dula di re etela mme ka dinako tse ding ba ne ba ipehela lebaka la ho re etela ka hore ba tlo reka lebese le mahe. Seo se ile sa etsa hore re bone hore ke batho ba hantle. Ba ne ba sa kgaotse ho re etela hobane feela re ne re ithuta le Paki e itseng ya Jehova. Ho ena le hoo, nako e nngwe le e nngwe ha ba ne ba le haufi le moo re dulang teng ba ne ba tla. Re ne re hloka ho ba tseba haholwanyane mme ona e ne e le monyetla wa hore re etse jwalo, hape re ne re ananela hore ba a re rata ebile ba a re tsotella.

Lerato lena le ne le sa bontshwe feela ke Dipaki tse phuthehong e haufinyane le rona. Ha ke ntse ke tshwengwa ke taba ya moaparo, mme e mong wa Paki ya bitswang Kay Briggs ya neng a kopanela phuthehong e haufi o ile a nketela. O ne a ikgethetse hore a se ke a apara diaparo tse nang le mokgabiso ebile o ne a sa sebedise makeup. Ke ne ke utlwa ke phuthulohile ha ke na le yena ebile ke kgona ho qoqa ka bolokolohi. Ka letsatsi le leng Lewis Flora, eo le yena a hodiseditsweng bodumeding bo tshwanang le ba ka o ile a nketela. O ile a bona hore ke ferekane, ka hoo o ile a nngolla lengolo le lelelele mme a nthomella lona, o ne a leka ho nkgoba matshwafo. Mosa wa hae o ile wa nkama pelo mme ke ile ka bala lengolo leo ka makgetlo a mangata.

Ke ile ka kopa Morabo Rona O’Del eo e neng e le molebedi wa potoloho hore a ntlhalosetse lengolo la Esaia 3:​18-​23 le 1 Petrose 3:​3, 4. Ke ile ka mo botsa ka re: “Na mangolo aa ha a bontshe hore ho apara diaparo tse se nang mokgabiso ke ha bohlokwa e le hore motho a kgahlise Modimo?” O ile a re: “Na ho na le ntho e mpe ka ho rwala katiba? Na ho loha moriri ho fosahetse?” Kerekeng ya Old Brethren, re ne re loha meriri ya bana ba banyenyane mme bomme ba ne ba rwala dikatiba. Ke ile ka hlokomela hore ha re mamele dithuto tsa rona ka ho felletseng mme ke ile ka kgahlwa ke mamello le mosa tseo molebedi wa potoloho a ileng a mpontsha tsona.

Hanyane ka hanyane ke ile ka kgodiseha hore ke fumane bodumedi ba nnete, empa ho ne ho ntse ho na le ntho e nngwe e ntshwenyang, bomme ba bang ba ne ba kuta meriri. Baholo ba ile ba ntlhalosetsa hore meriri ya bomme ba bang ha e kgone ho hola haholo ha ya ba bang yona e ba melelele haholo, empa seo ha se bolele hore moriri wa e mong o hantle ho feta wa e mong. Ba ile ba boela ba nthusa ho bona hore letswalo la motho ke lona le ka mo thusang hore a kgethe moaparo, yaba ba mpha dintho tseo nka ipallang tsona.

Re Ile ra Nka Qeto ka Lebaka la Seo re Ithutileng Sona

Re ne re batla bodumedi ba nnete mme re ile ra bo fumana. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le ena le lerato hara lona.” (Johanne 13:​35) Re ne re kgodisehile hore Dipaki Tsa Jehova ke batho ba lerato e le ka nnete. Le ha ho le jwalo, bana ba rona ba baholo e leng Nathan le Rebecca ba ne ba ntse ba ferekane hobane ba ne ba se ba amohetse dithuto tsa Old Brethren ebile ba se ba kolobeditswe teng. Qetellong, ba ile ba rata nnete ya Bibele eo re neng re ba bolella yona, ha mmoho le lerato leo Dipaki Tsa Jehova di neng di ba bontsha lona.

Ka mohlala, haesale Rebecca a ntse a batla ho ba le setswalle se haufi le Modimo. Ho ile ha ba bonolo hore a mo rapele ha a ne a ithuta hore Modimo ha a rera esale pele hore na motho o tla etsa eng kapa bokamoso ba hae bo tla ba jwang. O ile a boela a kgona ho ba haufi le Modimo le ho ananela taba ya hore Modimo ha se Boraro bo Teroneng empa ke motho wa sebele eo a ka kgonang ho mo etsisa. (Baefese 5:1) Hape o ne a thabetse taba ya hore ha a bua le Modimo ha ho hlokahale hore a sebedise mantswe a kgale a ngotsweng Bibeleng ya King James Version. O ile a boela a ithuta hore na Modimo o batla hore a mo rapele ka tsela e jwang, le hore morero wa hae o ka sehloohong ke hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise mme seo se ile sa etsa hore a ikutlwe a le haufi haholo le yena.​—Pesaleme ya 37:​29; Tšenolo 21:​3, 4.

Mesebetsi eo Kaofela ha Rona re e Thabelang

Nna le monna wa ka James le bana ba rona ba bahlano e leng Nathan, Rebecca, George, Daniel le John, re ile ra kolobetswa hore re be Dipaki Tsa Jehova kopanong ya 1987. Harley o ile a kolobetswa ka 1989, ha Simon yena a ile a kolobetswa ka 1994. Kaofela ha rona re ntse re etsa mosebetsi oo Jesu Kreste a ileng a laela balatedi ba hae hore ba o etse e leng ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo.

Bara ba rona ba bahlano e leng Nathan, George, Daniel, John le Harley ha mmoho le moradi wa rona Rebecca ba kile ba sebeletsa ofising ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova e United States. George o se a na le dilemo tse 14 a sebetsa lekaleng. Simon yena o qetile sekolo ka 2001 mme o sa tswa qala ho sebetsa lekaleng. Bara bohle ba rona ke baholo le bahlanka ba sebeletsang phuthehong ya Dipaki Tsa Jehova. Monna wa ka ke moholo phuthehong e toropong ya Thayer e Missouri mme nna ke phathahane ka mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo.

Hona jwale re na le ditloholo tse tharo e leng Jessica, Latisha le Caleb mme re thaba haholo ha re bona batswadi ba bona ba ba ruta ho rata Jehova. Re thabile haholo hore Jehova o ile a re hulela ho yena mme a re thusa hore re fumane batho ba hae ka hore re bone lerato leo ba nang le lona.

Re amehile ka batho ba hlileng ba batlang ho thabisa Modimo empa ba phela ka tsela eo ba hodisitsweng ka yona ho ena le seo Bibele e se rutang. Re tshepa hore ba ka fumana thabo eo re nang le yona hona jwale ya ho ya ka ntlo le ntlo re sa rekise moroho empa re bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo le dintho tse thabisang tseo o tla re etsetsa tsona. Ke utlwa ke ameha maikutlo haholo ha ke nahana ka mamello le lerato leo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa re bontsha lona.

[Ditshwantsho]

Ha ke le dilemo di ka bang supa le ha ke se ke le moholo

[Setshwantsho]

James, George, Harley le Simon ba apere diaparo tse se nang mekgabiso

[Setshwantsho]

Senepe sena sa ha ke ne ke isa meroho mmarakeng se ile sa hlaha koranteng

[Tlhaloso ya Moo Setshwantsho se Nkilweng Teng]

Journal and Courier, Lafayette, Indiana

[Setshwantsho]

Lelapa la rona hona jwale