Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RENG KA BOPHELO LE LEFU?

Seo Bibele e se Buang ka Bophelo le Lefu

Seo Bibele e se Buang ka Bophelo le Lefu

Lengolo la Genese le re rutang ka popo, le re bolella hore Modimo o ile a re ho motho wa pele e leng Adama: “O ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore o kgotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Genese 2:16, 17) Polelo eo e bontsha ka ho hlaka hore haeba Adama a ne a ile a mamela taelo eo ya Modimo, a ka be a sa ka a shwa empa a ka be a ntse a phela serapeng sa Edene.

Ka maswabi, Adama o ile a kgetha ho se mamele taelo eo ya Modimo, a ja tholwana e thibetsweng eo mosadi wa hae Eva a ileng a mo fa yona. (Genese 3:1-6) Ditlamorao tsa kgetho eo ya hae di ama batho bohle lefatsheng. Moapostola Pauluse o hlalosa taba ena tjena: “Jwalo ka ha sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) “Motho a le mong,” eo lengolo lena le buang ka yena ke Adama. Empa o ka nna wa ipotsa, ebe sebe see seo hothweng Adama o ile a se etsa keng, hona ke hobaneng ha ditlamorao e le lefu?

Ka hore Adama a kgethe ho se mamele mme a robe molao wa Modimo, o ne a etsa sebe. (1 Johanne 3:4) Haeba a ne a ile a mamela taelo ya Modimo, a ka be a saka a ba le sebe ebile a sa shwa mme le rona re ka be re sa shwe. Jwalo ka ha Modimo a ne a ile a bolella Adama, moputso wa sebe ke lefu. Modimo o ne a sa re bopela hore re shwe empa o ne a batla hore re phele ka ho sa feleng.

Ha ho potang hore Bibele e bua nnete ha e re ‘lefu le ne le tla namela ho batho bohle,’ ka ha mantswe ao a fela a phethahala a le jwalo kajeno. Empa nahana ka sena, na ho na le karolo e nngwe ya rona e dulang e phela le ha re se re shwele? Batho ba bangata ba dumela jwalo, ba re moya ke ona o sa shweng. Empa seo se ne se tla be se bolela hore Modimo o ne a buile leshano, ha a ne a bolella Adama hore moputso oo sebe se o lefang ke lefu. Hobane Bibele e re: ‘Ke ho ke keng ha kgoneha hore Modimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Ha e le hantle, Satane ke yena ya ileng a bua leshano ho Eva ha a ne a re: “Ka sebele le ke ke la shwa.”​—Genese 3:4.

Empa taba ena e ka nna ya etsa hore o boele o ipotse, haeba thuto ya hore moya ha o shwe ke leshano, jwale keng se etsahalang ka rona ha re shwele?

BIBELE E FANA KA DIKARABO TSE UTLWAHALANG

Lengolo la Bibele la Genese le re: “Jehova Modimo a etsa motho ka lerole la lefatshe mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya bophelo, mme motho ya eba moya o phelang.” Polelwana ena e reng “moya o phelang” e fetoletswe ho tswa lentsweng la Seheberu ne’phesh, le bolelang “sebopuwa se hemang.”​—Genese 2:7.

Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore batho ha ba a bopuwa ba ena le moya o sa shweng. Empa, motho e mong le e mong ke “moya o phelang.” Ke ka hona o ke keng wa fumana lengolo le ha e le lefe la Bibele le nang le polelwana ena, “moya o sa shweng.”

Ka ha Bibele ha e rute hore motho o na le moya o sa shweng, jwale ke hobaneng ha madumedi a mangata a ruta thuto eo? E le ho fumana karabo ya potso eo, a re ke re tshohleng dintho tse ileng tsa etsahala mehleng ya kgale Egepeta.

THUTO YA BOHATA E YA ATA

Herodotus e leng setsebi sa histori sa Mogerike se phetseng dilemong tsa bo400, se ile sa re Baegepeta e ne e le bona “batho ba pele ba ileng ba tsitlella thuto ya hore ho na le moya o sa shweng.” Bababylona le bona ba ile ba tshehetsa Baegepeta ka thuto ena. Ha Alexandere e Moholo a ne a hlola puso ya Botjhabela bo Hare ka selemo sa 332 mehleng eo, Borafilosofi ba bang ba Bagerike ba ile ba etsa hore thuto ya hore moya ha o shwe, e ate Mmusong wa Greece.

O ke ke wa fumana lengolo le ha e le lefe la Bibele le nang le polelwana ena, “moya o sa shweng.”

Pele ho dilemo tsa bo100, maqulwana a mabedi a Bajuda e leng Baessene le Bafarise, ba ile ba ruta hore ha motho a shwa moya wa hae o a pholoha. Buka ya The Jewish Encyclopedia e re: “Thuto ena, e fihlile ho Bajuda ka tshusumetso ya Bagerike le filosofi ya Plato.” Setsebi se seng sa histori sa Mojuda se bitswang Josephus le sona se dumela hore thuto ena ya hore moya ha o shwe ha eya thehwa Mangolong a Halalelang, empa ke “ntho e iqapetsweng ke bara ba Greece.”

Ha tshusumetso ya Bagerike e ntse e ata, batho ba ipolelang hore ke Bakreste le bona ba ile ba tshwaswa ke thuto ena ya maka. Ho ya ka rahistori e mong ya bitswang Jona Lendering, “Thuto ena e iqapetsweng ya Plato ya hore moya wa motho o ba sebakeng se seng se itseng mme o tswela pele o phela ha a shwa, e se e kene le Bokresteng.” Ka hona, thuto ya maka ya hore moya ha o shwe, e ile ya namela kerekeng ya “Bokreste” hoo jwale e seng e le kobo anela.

“NNETE E TLA LE LOKOLLA”

Mehleng ya baapostola, moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso e reng: “Polelo e buduletsweng e bolela ka tiyo hore dinakong tsa morao ba bang ba tla wa tumelong, ba ela hloko dipolelo tse buduletsweng tse kgelosang le dithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Temoso eo e nakong hakaakang! Thuto ya hore moya ha o shwe ke e nngwe ya “dithuto tsa bademona.” Hohang ha e yo ka Bibeleng, ntle le moo, e simolohile madumeding a maka le difilosofing.

Re lehlohonolo hakaakang! Ka ha Jesu o itse: “Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ha re ntse re tswela pele ho fumana tsebo e nepahetseng ya nnete ya Bibele, re lokoloha mashanong le dithutong tse sa hlompheng Modimo tsa madumedi a mangata lefatsheng kajeno. Ho feta moo, nnete e ka Bibeleng, e re lokolla metshwasong ya dithuto tsa maka tse inahanelwang mabapi le taba ya lefu.​—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng: “ Bafu ba Hokae?

Mmopi wa rona o ne a sa batle hore re phele feela dilemo tse 70 kapa tse 80 lefatsheng, ebe ka mora moo re ilo phela ka ho sa feleng sebakeng se seng. Sepheo sa hae sa mathomo, e ne e le hore batho bohle ba phele ka ho sa feleng ba sa shwe hona mona lefatsheng. Ka ha Modimo o rata batho, ha a so fetohe o ntse a batla ho bona thato ya hae e phethahala. (Malakia 3:6) Mongodi wa lengolo la Pesaleme o re kgodisa ka sena: “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, Ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.