Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dula o Inyenyefaditse le ha o Thulana le Mathata

Dula o Inyenyefaditse le ha o Thulana le Mathata

“O inyenyefatse ha o tsamaya le Modimo wa hao!”MIK. 6:8.

DIPINA: 4895

1-3. Moprofeta ya tswang Juda o ile a hloleha ho etsang, hona phello ya e ba efe? (Sheba setshwantsho se qalong.)

NAKONG ya puso ya Morena wa Iseraele wa mokwenehi e leng Jeroboame, Jehova o ile a romela moprofeta ya tswang Juda ho isa molaetsa wa kahlolo ho yena. Moprofeta eo o ile a fela a fetisa molaetsa wa Modimo, mme Jehova a mo sireletsa kgahlanong le bohale ba Jeroboame.1 Mar. 13:1-10.

2 Ha a kgutlela lapeng, o ile a kopana le monnamoholo e mong ya tswang Bethele. Monnamoholo eo o ile a ipolela hore ke moprofeta wa Jehova. O ile a kgelosa moprofeta wa Jehova hore a se ke a mamela taelo eo a neng a e filwe ya hore a se ke a ja bohobe kapa a nwa metsi moo, le hore a se ke a kgutla ka tsela eo a tlileng ka yona. Jehova ha aa ka a thabela seo. Hamorao, ha moprofeta eo wa Jehova a se a kgutlela lapeng, o ile a kopana le tau mme ya mo bolaya.1 Mar. 13:11-24.

3 Ke hobaneng ha moprofeta eo wa Modimo ya neng a tshepahala a ile a tsamaya le monnamoholo eo ya bolotsana? Bibele ha e bolele. E ka nna yaba o ne a lebetse hore o lokela ho ‘inyenyefatsa ha a tsamaya le Modimo wa hae.’ (Bala Mikea 6:8.) Ha Bibele e bua ka ho tsamaya le Jehova, e bolela hore re lokela ho mo tshepa, re tshehetse bobusi ba hae re be re latele melao ya hae. Motho ya ikokobeditseng o a hlokomela hore ke ha bohlokwa hore a buisane le Ntate wa hae Jehova nako le nako. Moprofeta eo a ka be a ile a botsa Jehova hore na ditaelo tsa hae di fetohile, empa ha ho bonahale e ka o ile a etsa jwalo. Ka dinako tse ding, le rona re lokela ho etsa diqeto tse boima tseo ho leng thata ho tseba hore na Jehova o ikutlwa jwang ka tsona. Haeba ka boikokobetso re kopa tataiso ya Jehova, re tla qoba ho etsa diphoso tse tebileng.

4. Re tlilo tshohla eng sehloohong see?

4 Sehloohong se fetileng re ile ra ithuta hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore Bakreste ba inyenyefatse le hore ho inyenyefatsa ho bolelang. Empa ke maemo afe a ka nnang a leka boikokobetso ba rona? Re ka thuswa ke eng hore re be le boinyenyefatso esita leha re le tlasa kgatello? E le hore re fumane dikarabo, re tla tshohla maemo a mararo a ka nnang a leka boinyenyefatso ba rona, mme re boele re bone kamoo re ka etsang ka bohlale kateng boemong ka bong.Liprov. 11:2.

HA MAEMO A RONA A FETOHA

5, 6. Barzilai o ile a bontsha boinyenyefatso jwang?

5 Ha dikabelo kapa maemo a rona a bophelo a fetoha, ho ka nna ha totobala hore na re ikokobeditse kapa tjhe. Re bona sena tabeng ya Barzilai. Morena Davida o ile a kopa monna enwa ya dilemo di 80 hore a tlo dula ntlong ya borena. Ha ho pelaelo hore memo ena e ne e le tlotla e kgolo. Leha ho le jwalo, Barzilai ha aa ka a e amohela. Hobaneng? Hobane o ne a se a tsofetse ebile a sa batle ho ba morwalo ho morena. Kahoo, Barzilai o ile a kopa hore memo ena e fuwe monna e mong ya bitswang Kimhame, eo ho ka etsahalang hore e ne e le mora wa hae.2 Sam. 19:31-37.

6 Boinyenyefatso bo ile ba thusa Barzilai ho etsa qeto ena e utlwahalang. Ha aa ka a hana memo eo hobane a nahana hore ha a tshwanelehe kapa a leka ho balehela boikarabelo bo itseng. Empa o ne a tseba a bile a amohetse hore maemo a hae a bophelo a fetohile. O ne a sa batle ho ikimetsa. (Bala Bagalata 6:4, 5.) Le rona re lokela ho qoba ho rata ho hlahella kapa maemo a phahameng, kaha sena se ka re lematsa mme sa re tlisetsa maswabi. (Bagal. 5:26) Leha ho le jwalo, haeba re inyenyefaditse re tla sebedisana mmoho le bara le baradi babo rona hore re rorise Modimo le ho thusa batho ba bang.1 Bakor. 10:31.

7, 8. Boinyenyefatso bo ka re thusa jwang hore re se ke ra itshepa ho tlola?

7 Re ka nna ra thatafallwa ke ho inyenyefatsa haeba re fuwe boikarabelo bo bongata. Ha Nehemia a utlwa ka mathata ao batho ba habo ba neng ba tobane le ona Jerusalema, o ile a ba rapella ka tiyo ho Jehova. (Neh. 1:4, 11) Jehova o ile a araba thapelo eo ha Morena Artaxerxese a etsa Nehemia mmusisi wa naha. Esita leha Nehemia a se a na le maruo e bile a le boemong bo phahameng, ha ho mohla a ileng a itshepa kapa a tshepela bokgoning ba hae. O ile a nna a tsamaya le Modimo. O ile a batla tataiso ya Jehova ka ho bala Molao wa Modimo kamehla. (Neh. 8:1, 8, 9) Nehemia ha aa ka a hatella batho ba bang kapa hona ho sebedisa matla a hae ho ithuisa.Neh. 5:14-19.

8 Mohlala wa Nehemia o bontsha kamoo boinyenyefatso bo ka re thusang kateng hore re se ke ra itshepa ha re fumana kabelo e ntjha kapa boikarabelo bo eketsehileng. Ka mohlala, moholo ya itshetlehileng ka tsebo ya hae feela, a ka nna a qala ho etsa mesebetsi e meng ya phutheho ntle le ho kopa thuso ya Jehova ka thapelo. Kapa motho e mong a ka nna a etsa qeto pele, ebe ka mora moo o kopa Jehova hore a hlohonolofatse qeto eo. Na boo e tla be e le boinyenyefatso? Motho ya inyenyefaditseng kamehla o hlompha Modimo le boikarabelo ba hae ditokisetsong tsa Modimo. Re ke ke ra tshepa bokgoni ba rona. Re tla qoba sena haholoholo ha re tadimane le bothata boo re bo tlwaetseng, boo re kileng ra bo rarolla nakong e fetileng. (Bala Liproverbia 3:5, 6.) Ha ho mohla re lokelang ho nahana hore ho ba le ditokelo tse eketsehileng ka phuthehong ho re etsa ba phahametseng ba bang, empa re tla lwanela ho sebetsa hammoho ka kutlwano.1 Tim. 3:15.

HA RE NYATSWA KAPA RE RORISWA

9, 10. Boinyenyefatso bo ka re thusa jwang ha re nyatswa kapa re tshwauwa diphoso?

9 Ho ka nna ha e ba thata ho laola maikutlo ha ba bang ba re nyatsa kapa ba re tshwaya diphoso. Anna o ne a dula a lla hobane Penina a mo soma. Monna wa hae o ne a mo rata, empa Anna o ne a sa kgone ho ba le bana. Hamorao, ha Anna a ntse a rapela tabernakeleng, Moprista Eli o ile a mo qosa ka hore o tahilwe. Ako nahane feela! Empa boinyenyefatso ba Anna bo ile ba mo thusa hore a itshware, mme a bue ka tlhompho le Eli. Hamorao Anna o ile a etsa thapelo e nngwe e neng e bontsha tumelo le lerato la hae ho Jehova. Thapelo eo e amang pelo e tlalehilwe ka Bibeleng.1 Sam. 1:5-7, 12-16; 2:1-10.

10 Ho inyenyefatsa ho ka re thusa hore re ‘nne re hlole bobe ka botle.’ (Bar. 12:21) Kaha lefatshe la Satane le tletse bobe mme ka dinako tse ding re tshwarwa hampe, re lokela ho itebela hore re se ke ra halefiswa ke maemo ana. (Pes. 37:1) Ebile ho ka ba bohloko le ho feta ha re tshwarwa hampe ke Bakreste mmoho le rona. Ha sena se etsahala motho ya ikokobeditseng o tla etsisa mohlala wa Jesu. Bibele e re: ‘Ha a ne a hlapaolwa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola, empa o ile a tswela pele ho ipeha ho ya ahlolang ka ho loka.’ (1 Pet. 2:23) Jesu o ne a tseba hore phetetso ke ya Jehova. (Bar. 12:19) Bakreste le bona ba hopotswa hore ba dule ba ikokobeditse, mme ba se ke ba ‘phetetsa bobe ka bobe.’1 Pet. 3:8, 9.

11, 12. (a) Boinyenyefatso bo ka re thusa jwang ha ba bang ba re rorisa ka ho fetelletseng? (b) Boinyenyefatso bo re thusa jwang tabeng ya moaparo, boitlhopho le boitshwaro?

11 Boinyenyefatso ba rona bo ka boela ba lekwa ha ba bang ba re rorisa ho feta tekano. Esthere o ile a tobana le boemo bo tshwanang. O ne a le motle haholo, mme a qeta selemo a phela bophelo bo monate. O ne a phela le barwetsana ba bang ba bangata ba Persia ba neng ba hlodisana bakeng sa ho fumana kamohelo ya morena. Le hoja morena a ile a rata Esthere ho ba feta, botho ba morwetsana enwa ya hlomphang ha bo a ka ba fetoha. Ha aa ka a ikgohomosa le ha a se a nyetswe ke morena.Esth. 2:9, 12, 15, 17.

Na tsela eo re aparang le ho itokisa ka yona e bontsha hore re hlompha Jehova le batho ba bang, kapa e bontsha ho hloka boinyenyefatso? (Sheba serapa sa 12)

12 Boinyenyefatso bo re thusa hore re apare le ho itshwara ka tsela e bontshang hore re a itlhompha ebile re hlompha le ba bang. Ha re leke ho kgahla ba bang ka ho ithorisa kapa ho etsa dintho tse tla re bitsetsa mahlo a batho ho sa hlokahale, empa kamehla re bonahatsa “moya o thotseng le o bonolo.” (Bala 1 Petrose 3:3, 4; Jer. 9:23, 24) Diketso tsa rona di tla senola se ka dipelong tsa rona. Ka mohlala, dintho tseo re di etsang di ka nna tsa bontsha hore re inkela hodimo ka lebaka la ditokelo tseo re nang le tsona kapa tsa metswalle ya rona, esita le ka lebaka la tsebo eo re nang le yona. Kapa mohlomong re ka nna ra etsa eka re finyelletse ho itseng ka borona, esita le ha re thusitswe ke ba bang. Le tabeng ena, Jesu o re behetse mohlala o motle haholo. O ne a qotsa Lentswe la Modimo kgafetsa ha a ruta. O ile a etsa sena e le hore a se ke a iphumanela thoriso, empa hore batho ba tsebe hore Jehova e ne e le yena mohlodi wa dithuto tseo, ka lebaka leo ba rorise Modimo.Joh. 8:28.

HA RE LOKELA HO ETSA DIQETO

13, 14. Ho inyenyefatsa ho tla re thusa jwang ho etsa diqeto tse bohlale?

13 Boinyenyefatso ba rona bo ka boela ba lekwa ha re lokela ho etsa diqeto kapa ha ba bang ba etsa diqeto tse re amang. Ha Pauluse a ntse a dula Cesarea, moprofeta Agabase o ile a mo bolella hore o tla tshwarwa ha a ka ya Jerusalema. O ne a ka ba a bolawa. Bara babo rona ba ile ba tshoswa ke sena mme ba kopa Pauluse hore a se ke a tsamaya. Empa Pauluse ha aa ka a ba mamela. Ha se hore Pauluse o ne a itshepa ho tlola empa le teng o ne a se boi. O ne a tshepile Jehova ka ho felletseng mme a ikemiseditse ho phetha kabelo ya hae, ho sa tsotellehe hore na e hokae. Ha badumedi mmoho le yena ba utlwa sena, ha ba aa ka ba hlola ba leka ho mo thibela.Lik. 21:10-14.

14 Boinyenyefatso bo tla re thusa hore re etse diqeto tse bohlale le hoja re ke ke ra kgona ho laola maemo a mang, kapa ho tseba hore na dintho di tla fella jwang. Ka mohlala, haeba re kenela tshebeletso ya nako e tletseng, ho tla etsahalang ka rona ha re ka kula? Re tla etsa jwang ha batswadi ba rona ba hloka thuso? Re tla hlokomelwa ke mang ha re se re hodile? Re ke ke ra fumana dikarabo tsa dipotso tsena, leha re ka rapela kapa ra etsa dipatlisiso. (Moek. 8:16, 17) Ho tshepa Jehova ho tla re thusa hore re tlohelle dintho matsohong a hae. Ka mora ho etsa dipatlisiso, ho fumana dikeletso ho ba bang, le ho rapela, re tla latela tataiso eo Modimo a fanang ka yona. (Bala Moeklesia 11:4-6.) Ha re entse jwalo, Jehova o tla hlohonolofatsa diqeto tsa rona kapa a re tataise ka tsela e nngwe.Liprov. 16:3, 9.

HO HLAOLELA BOINYENYEFATSO

15. Ho nahana ka botho ba Jehova ho tla re thusa jwang hore re dule re ikokobeditse?

15 Jwalokaha re se re bone melemo e tliswang ke boinyenyefatso, re ka etsang ho bo hlaolela? Ha re ke re nahane ka ditsela tse nne. Ya pele, re lokela ho nahana ka botho ba Jehova le bophahamo ba hae. (Esa. 8:13) Hopola, re tsamaya le Modimo ya matla ohle, eseng le batho kapa mangeloi. Ho tseba seo ho tla re thusa hore re “ikokobetse tlasa letsoho le matla la Modimo.”1 Pet. 5:6.

16. Ho nahana ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona ho tla re thusa jwang hore re dule re ikokobeditse?

16 Tsela ya bobedi, ke ho nahana ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona. Jehova o entse dikarolo tsohle tsa mmele e le tsa bohlokwa, mme Pauluse o ile a bapisa phutheho le mmele. (1 Bakor. 12:23, 24) Ka ho tshwanang, Jehova o re tsotella ka ho lekanang. Ha a re bapise le batho ba bang, mme ha a kgaotse ho re rata hobane feela re entse diphoso. Ho tseba hore Jehova o a re rata ho tla etsa hore re ikutlwe re sireletsehile.

17. Ho sheba dintho tse ntle tseo batho ba bang ba di etsang ho tla re thusa jwang?

17 Tsela ya boraro, ke ho sheba dintho tse ntle tseo batho ba bang ba di etsang. Ho e na le ho rata ho bonwa ke batho kapa ho bolella batho ba bang seo ba lokelang ho se etsa, re lokela ho ikokobetsa ka hore re ba kope dikeletso re be re ba mamele. (Liprov. 13:10) Re tla thaba le ba bang ha ba fuwa ditokelo. Re leboha Jehova ha re bona a hlohonolofatsa “mokgatlo ohle wa bara babo [rona] lefatsheng.”1 Pet. 5:9.

18. Re lokela ho sebedisa eng ho kwetlisa matswalo a rona?

18 Tsela ya bone, ke ka ho kwetlisa matswalo a rona re sebedisa Bibele. Seo se tla re thusa ho sheba dintho ka tsela eo Modimo a di shebang ka yona. Ha re bala Bibele kamehla, re rapela, ebile re sebedisa seo re ithutileng sona, re tla matlafatsa matswalo a rona. (1 Tim. 1:5) Re lokela ho beha dithahasello tsa ba bang pele ho tsa rona. Haeba re etsa dintho tsena, Jehova o tshepisa hore o tla ‘qetella kwetliso ya rona’ mme a re thuse hore re hlaolele boinyenyefatso.1 Pet. 5:10.

19. Re ka thuswa ke eng hore re dule re e na le boinyenyefatso?

19 Ho se ikokobetse ha moprofeta eo re buileng ka yena qalong ya sehlooho ho ile ha senya kamano ya hae le Modimo. Re ka kgona ho inyenyefatsa le ha re ka kopana le mathata. Bahlanka ba tshepahalang ba mehleng ya pele le ba mehleng ena ba bontshitse hore seo se ka kgoneha. Ha re ntse re tswela pele ho sebeletsa Jehova, boikokobetso ba rona bo tla hola. (Liprov. 8:13) Ho sa tsotellehe kabelo eo re e etsang hona jwale, ho sebeletsa Jehova ke tlotla e kgolo haholo. Kahoo ananela tlotla eo, mme o tswele pele ho etsa sohle se matleng a hao ho tsamaya le Jehova ka boinyenyefatso.