Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Jehova

Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Jehova

“LEFU ha le sa tla hlola le e ba teng, mme batho ba hlokahetseng ba tla tsoswa.” Mosadi wa ka Mairambubu, o ile a utlwa mantswe ao a buuwa ke mosadi eo a neng a palame bese le yena. Mairambubu o ne a batla ho tseba ho eketsehileng. Kahoo ha ba theoha beseng, o ile a mathela mosadi eo. Lebitso la mosadi eo ke Apun Mambetsadykova, mme ke e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Ho bua le Dipaki nakong eo ho ne ho le kotsi, empa seo re ileng ra ithuta sona ho Apun, se ile sa fetola bophelo ba rona.

HO SEBETSA HO TLOHA HA LETSATSI LETJHABA HO FIHLELA LE DIKELA

Ke hlahile ka selemo sa 1937 mapolasing a Tokmok, Kyrgyzstan. Lelapa leso ke Makyrgyz, mme re bua puo ya Sekyrgyz. Batswadi ba ka ba ne ba sebetsa polasing ho tloha ha letsatsi le tjhaba ho fihlela le dikela. Batho ba sebetsang mapolasing ba ne ba fuwa dijo tseo ba neng ba ka di ja le malapa a bona, empa ba ne ba fumana moputso wa bona wa tjhelete hanngwe feela ka selemo. Mme wa ka o ne a sebetsa ka thata hore a hlokomele nna le ngwaneso. Ke ile ka kena sekolo dilemo tse hlano feela, yaba ke a se tlohela hore ke ilo sebetsa polasing.

Dithaba tsa Teskey Ala-Too

Ke holetse sebakeng se futsanehileng. Ha ke ne ke le motjha, ke ne ke sa nahane ka bokamoso. Ke ne ke sa nahane hore ho tseba nnete ka Jehova Modimo, ho ne ho tla fetola bophelo ba ka. Ho a thahasellisa hore na nnete ya Bibele e fihlile jwang Kyrgyzstan. Tsena tsohle di qadile karolong e ka leboya ya Kyrgyzstan.

BAHOLEHUWA BA TLISA NNETE KYRGYZSTAN

Nnete ka Jehova Modimo e ile ya fihla Kyrgyzstan ka 1950. Ho ne ho le thata hore nnete ena e finyelle batho hobane ba ne ba rutilwe dithuto tsa Bokomonisi. Hobaneng? Ka nako eo Kyrgyzstan e ne e le e nngwe ya dinaha tsa Union of Soviet Socialist Republics (USSR). Dipaki Tsa Jehova tse neng di dula dinaheng tse tlasa puso ya USSR di ne di sa kenele dipolotiki. (Joh. 18:36) Kahoo puso ya Bokomonisi e ne e ba hlorisa. Empa dithuto tsena tsa bokomonisi di ne di ke ke tsa thibela Lentswe la Modimo ho finyella dipelo tsa batho ba tshepahalang. Thuto e nngwe ya bohlokwa eo ke ileng ka ithuta yona bophelong ke hore ho Jehova “dintho tsohle di a kgoneha.”—Mar. 10:27.

Emil Yantzen

Ho hloriswa ha Dipaki Tsa Jehova ho ile ha etsa hore ho be le Dipaki tse ngata Kyrgyzstan. Hobaneng? Siberia ke e nngwe ya dibaka tse neng di le tlasa puso ya USSR, mme dira tsa Mmuso di ne di iswa moo kgolehong. Baholehuwa bangata ba ile ba tla Kyrgyzstan ha ba lokollwa, mme ba bang ba bona ba ile ba tla le nnete ya Bibele. E mong wa bona e ne e le Emil Yantzen, ya hlahetseng Kyrgyzstan ka 1919. Emil o ile a iswa kampong ya mahloriso mme a kopana le Dipaki Tsa Jehova teng moo. O ile a amohela nnete mme a kgutlela hae ka 1956. Emil o ne a dula Sokuluk, toropong ya motse wa heso. Phutheho ya pele ya Kyrgyzstan e ile ya thehwa Sokuluk ka 1958.

Victor Vinter

Ka mora selemo, Victor Vinter o ile a fallela Sokuluk. Mora enwa wabo rona o ne a ile a kopana le mathata a mangata. O ile a ahlolelwa ho qeta dilemo tse tharo teronkong ka makgetlo a mabedi hobane o ne a hana ho nka karolo dipolotiking, a ba a ahlolelwa ho qeta dilemo tse leshome teronkong le tse hlano a le kampong ya mahloriso. Le ha ho le jwalo, mahloriso ha a ka a thibela borapedi ba nnete ho ata.

NNETE E FIHLA KYRGYZSTAN

Eduard Varter

Ka 1963 ho ne ho na le Dipaki Tsa Jehova tse 160 Kyrgyzstan, mme bongata ba tsona di ne di tswa Germany, Ukraine le Russia. E mong wa bona e ne e le Eduard Varter, eo e neng e le motshwaruwa, ya ileng a kolobetswa ka selemo sa 1924 Germany. Ka 1940, Manazi a ile a mo isa dikampong tsa mahloriso, mme dilemo tse seng kae ka mora moo, mokgatlo wa Makomonisi wa USSR o ile wa mo isa kgolehong. Ka 1961 morabo rona enwa ya tshepahalang o ile a fallela motseng wa Kant, o haufi le motse wa heso.

Elizabeth Fot; Aksamai Sultanalieva

Moradiwabo rona Elizabeth Fot, ya sebeletsang Jehova ka botshepehi le yena o ne a dula Kant. O ne a iketsetsa tjhelete ka ho rokela batho diaparo. Ka ha o ne a tseba ho roka, matitjhere le dingaka di ne di mo kopa hore a di rokele. E mong wa bareki ba hae e ne e le mosadi ya bitswang Aksamai Sultanalieva, eo monna wa hae a neng a sebeletsa ofising ya motjhotjhisi wa setjhaba. Aksamai o ile a tla ho Elizabeth hore a mo rokele, empa o ne a botsa dipotso tse ngata mabapi le hore na ha e le hantle re phelelang le hore ho etsahalang ka bafu. Elizabeth o ile a mo araba a sebedisa Bibele. Qetellong Aksamai e ile ya ba Paki e bolelang ditaba tse molemo ka mafolofolo.

Nikolai Chimpoesh

Nakong eo, Nikolai Chimpoesh ya tswang Moldova, o ile a kgethwa hore e be molebedi wa potoloho, mme e bile mopotolohi ka dilemo tse ka bang 30. Nikolai o ne a sa etele diphutheho feela empa hape o ne a thusa hore ho be le dingolwa tse lekaneng diphuthehong. Batho ba sebetsang Mmusong ba ile ba bona seo Nikolai a neng a se etsa. Eduard Varter o ile a eletsa Nikolai a re: “Ha batho ba Mmuso ba o botsa hore re nka dibuka tsena hokae, o ba jwetse hore di tswa ntlokgolo e Brooklyn. O ba arabe o ba shebile ka mahlong. Ha ho letho leo o lokelang ho le tshaba.”—Mat. 10:19.

Ka mora hore ba be le puisano eo, Nikolai o ile a bitswa ntlokgolo ya KGB e Kant. Ha Nikolai a bua ka se ileng sa etsahala, o re: “Lepolesa la KGB le ile la mpotsa hore na re nka dingolwa tsa rona hokae. Ke ile ka mo bolella hore re di fumana Brooklyn. E ile yaba ke mo kwetse molomo. O ile a ntlohela hore ke tsamaye, ebile ha a ka a hlola a mpitsa.” Dipaki tse sebete jwalo ka Nikolai di ile tsa tswela pele di bolela ditaba tse molemo motseng wa heso Kyrgyzstan. Ka 1981, ha ditaba tse molemo di fihla lelapeng la ka, mosadi wa ka Mairambubu ke yena ya ileng a di utlwa pele.

MOSADI WA KA O FUMANA NNETE

Mairambubu o tswa sebakeng se bitswang Naryn, Kyrgyzstan. Ke qadile ho kopana le yena ka August 1974 ha a ne a tjhaketse ngwaneso wa ngwanana. Ke ile ka mo rata ke qala ho kopana le yena. Ebile ke ile ka mo nyala hona letsatsing leo.

Apun Mambetsadykova

Ka January 1981, ha Mairambubu a ne a le ka beseng a ya toropong, o ile a utlwa moqoqo wane oo re buileng ka ona qalong ya sehlooho sena. Ka ha o ne a batla ho utlwa ho eketsehileng, o ile a botsa mosadi eo lebitso, a ba a kopa le aterese ya hae. Mosadi eo o ile a re lebitso la hae ke Apun, empa ha a ka a fana ka aterese ya hae hobane dilemong tseo tsa bo1980, Dipaki di ne di thibetswe. Empa o ile a kopa aterese ya mosadi wa ka. Mosadi wa ka o ile a fihla hae a thabile haholo.

Mairambubu o ile a re: “Ke utlwile ditaba tse monate kajeno. Mosadi e mong o mpolelletse hore haufinyane batho ba ke ke ba hlola ba shwa le hore diphoofolo tse hlaha di ke ke tsa hlola di lematsa batho.” Ke ne ke utlwa eka o ntse a bua ditshomo feela. Kahoo ke ile ka re ho yena: “A re emele hore mosadi eo a re etele hore a tlo re hlalosetsa hantle.”

Ka mora dikgwedi tse tharo Apun o ile a re etela. Ka mora moo Dipaki di ile tsa re etela kgafetsa mme re ile ra tseba tse ding tsa Dipaki tsa pele tsa mona Kyrgyzstan. Baradi bana babo rona ba ile ba re ruta nnete ka Jehova le thato ya hae. Ba ne ba ithuta le rona ka buka ya From Paradise Lost to Paradise Regained. * Ka ha ho ne ho na le buka e le nngwe feela mona Tokmok, re ne re ikopiletsa yona ka letsoho.

E nngwe ya dintho tseo re ileng ra ithuta tsona pele ke boprofeta bo ho Genese 3:15. Boprofeta bona bo tla phethahala ka Jesu. Ona ke molaetsa wa bohlokwa oo batho bohle ba lokelang ho o tseba! Kahoo ke ha bohlokwa hore re o phatlalatse ho batho bohle. (Mat. 24:14) Ka mora nako e seng kae, nnete ya Bibele e ile ya qala ho fetola bophelo ba rona.

HO TSHWARA DIBOKA LE HO KOLOBETSWA LE HOJA RE THIBETSWE

Morabo rona e mong wa Tokmok o ile a re memela lenyalong. Ha re le moo, re ile ra hlokomela hore Dipaki di etsa dintho ka tsela e fapaneng. Ho ne ho se na jwala lenyalong leo, mme dintho tsohle di etswa ka tlhophiso. Ho ne ho sa tshwane le manyalong a mang ao re kileng ra ya ho ona, moo batho ba neng ba tahwa, ba sa itshware hantle ba bile ba rohakana.

Re ne re boetse re ya dibokeng tsa Bokreste phuthehong ya Tokmok. Diboka di ne di tshwarelwa morung haeba ho sa bate. Bara le baradi babo rona ba ne ba tseba hore mapolesa ha a batle ha re tshwara diboka, kahoo ho ne ho ba le morabo rona ya neng a kata hore ba se ke ba re fumana. Ha e le mariha, re ne re tshwarela diboka ka tlung. Ka matsatsi a mang mapolesa a ne a tla ka tlung ebe a re botsa hore na re ntse re etsang. Ha nna le Mairambubu re ne re kolobetswa ka July 1982 Nokeng ya Chüy, re ne re tlameha ho ba hlokolosi. (Mat. 10:16) Barababo rona ba ile ba tla ka dihlopha tse nyenyane mme ba bokana ka morung. Re ile ra bina pina mme ka mora moo ra mamela puo ya kolobetso.

RE ATOLOSA TSHEBELETSO YA RONA

Ka 1987 morabo rona e mong o ile a nkopa hore ke etele motho ya nang le thahasello ya ho ithuta Bibele, ya dulang motseng wa Balykchy. Re ne re lokela ho nka leeto la dihora tse nne ka terene hore re fihle ho motho eo. Ka mora ho etela Balykchy ka makgetlo a mmalwa, re ile ra hlokomela hore batho ba bangata ba moo ba rata Bibele. Ruri ona e ne e le monyetla wa hore re atolose tshebeletso ya rona.

Nna le Mairambubu re ne re tlwaetse ho etela Balykchy. Hangata re ne re qeta mafelobeke moo, re ya tshimong le dibokeng le batho ba moo. Batho ba bangata ba ne ba batla dingolwa tsa rona. Kahoo re ne re tloha Tokmok re di tshetse ka mokotleng wa ditapole. Ka kgwedi re ne re ya le mekotla e mmedi, empa e ne e sa ba lekane. Re ne re boetse re bua le batho ka tereneng, ha re ya Balykchy le ha re tswa teng.

Ka 1995 ho ile ha thehwa phutheho Balykchy. Ka nako eo ho ne ho se ho fetile dilemo tse 8 re ntse re etela moo. Ho tloha Tokmok ho ya Balykchy ho ne ho re hloka tjhelete e ngata. Le ha ho le jwalo, ho na le morabo rona ya neng a tlwaetse ho re thusa ka tjhelete hore re kwahele ditshenyehelo. Jehova o ile a bona hore re lakatsa ho atolosa tshebeletso ya rona, yaba o re bulela “dikgoro tsa morwallo tsa mahodimo.” (Mal. 3:10) Ruri dintho tsohle di a kgoneha ho Jehova!

RE SEBETSA TSHIMO EBILE RE HODISA BANA

Ka 1992 ke ile ka kgethwa hore ke be moholo, kahoo e ile ya ba nna moholo wa pele hara batho ba morabe wa heso. Re ile ra tswela pele ho atleha tshimong ya phutheho ya rona ya Tokmok. Re ne re ithuta le bana ba bangata ba kenang kholeje le dikolong tse ding. E mong wa bona e se e le setho sa Komiti ya Lekala mme ba bang ba babedi ke bopulamadiboho ba kgethehileng. Re ne re boetse re thusa ba bang dibokeng. Maqalong a bo1990, ho ne ho sebediswa dingolwa tsa Serussia, mme le diboka di tshwarwa ka puo eo. Empa batho ba bangata ka phuthehong ba ne ba bua Sekyrgyz. Kahoo ke ne ke ba tolokela mme seo se ile sa ba thusa ho utlwisisa nnete.

Nna le mosadi wa ka le bana ba rona ba 8 ka 1989

Nna le Mairambubu re ne re boetse re phathahane ka ho hodisa bana. Re ne re tsamaya le bona tshimong le dibokeng. Moradi wa rona Gulsayra eo ka nako eo a neng a na le dilemo tse 12, o ne a rata ho bua le batho ba fetang seterateng ka Bibele. Bana ba rona ba ne ba rata ho tshwara ditemana ka hlooho. Ka tsela ena, bana ba rona mme hamorao le ditloholo tsa rona, ba ne ba dula ba phathahane ka mesebetsi ya phutheho. Hara bana ba rona ba 9 le ditloholo tse 11, ba 16 ba sebeletsa Jehova mme ba ya dibokeng le batswadi ba bona.

HO BA LE DIPHETOHO TSE KGOLO

Bara le baradi babo rona ba ileng ba qala mosebetsi wa Jehova maqalong a bo1950 mona Kyrgyzstan, ba ne ba tla thaba haholo ha ba bona diphetoho tse etsahetseng mona. Ho tloha ka bo1990, re ile ra fumana bolokolohi ba ho paka le ho tshwara diboka.

Ke tshimong le mosadi wa ka

Ka 1991 nna le mosadi wa ka re ile ra ya kopanong e kgolo ka lekgetlo la pele e neng e tshwaretswe Alma-Ata, eo hona jwale e bitswang Almaty, naheng ya Kazakhstan. Ka 1993 ho ile ha ba le kopano e kgolo ka lekgetlo la pele Kyrgyzstan setediamong sa Spartak se toropong ya Bishkek. Bahweletsi ba ile ba qeta beke ba se hlwekisa. Mookamedi wa sona o ne a thabile hoo a ileng a re dumella ho tshwara kopano moo mahala.

Ka 1994, re ile ra boela ra thaba ha re qala ho fumana dingolwa tsa rona ka puo ya Sekyrgyz. Hona jwale dingolwa tsa rona di se di fetolelwa kamehla ke sehlopha sa bafetoledi ba sebetsang Bethele e Bishkek. Ka 1998 mosebetsi wa Dipaki o ile wa ba molaong mona Kyrgyzstan. Bahweletsi ba se ba eketsehile, mme hona jwale re se re feta 5 000. Kajeno, re na le diphutheho tse 83 le dihlopha tse 25 tsa puo ya Setjhaena, Sekgowa, Sekyrgyz, Serussia, Puo ya Matsoho ya Russia, Seturkey, Seuighur, le Seuzbek. Bara le baradi bana babo rona ba sebeletsa Jehova ba momahane. Ke Jehova ya ileng a etsa hore dintho tsena kaofela di kgonehe.

Jehova o ile a fetola bophelo ba ka. Ke holetse mapolasing mme ke kene sekolo dilemo tse hlano feela. Jehova o ile a etsa hore ke be moholo a ba a ntshebedisa hore ke rute batho ba rutehileng ho mpheta nnete ya Bibele. Ruri Jehova o re sebedisa ka tsela eo re sa e lebellang. Ke ikemiseditse ho tswela pele ke sebeletsa Jehova ka botshepehi, eo ho yena ‘dintho tsohle di kgonehang.’—Mat. 19:26.

^ par. 21 E hatisitswe ke Dipaki Tsa Jehova empa hona jwale ha e sa printwa.