Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

Ke Dumelletse Jehova Hore a Ntataise Bophelong

Ke Dumelletse Jehova Hore a Ntataise Bophelong

HA KE ne ke le motjha ke ile ka kgetha mosebetsi wa boiphediso oo ke neng ke o thabela haholo. Empa Jehova o ile a nkgethela mosebetsi o fapaneng, e ne eka o re ho nna: “Ke tla etsa hore o be le temohisiso mme ke o rupele ka tsela eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Pes. 32:⁠8) Ho dumella Jehova hore a ntataise bophelong ho ile ha etsa hore ke qete nako e ngata ke mo sebeletsa mme sena se ile sa etsa hore ke fumane ditlhohonolofatso le menyetla e mengata e akarelletsang ho sebeletsa Afrika ka dilemo tse 52.

HA KE NE KE TLOHA BLACK COUNTRY KE YA AFRIKA

Ke hlahile ka selemo sa 1935 toropong ya Darlaston e karolong ya Black Country e leng sebaka se Engelane. Se ile sa bitswa jwalo hobane ho ne ho ena le difeme tse ngata tse neng di ntsha mosi o motsho. Ha ke ne ke le dilemo tse ka bang tse nne, batswadi ba ka ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Ha ke ntse ke hola, ke ile ka qala ho kgodiseha hore seo ke ithutang sona Bibeleng ke nnete mme ka kolobetswa ka selemo sa 1952 ke le dilemo di 16.

Ka yona nako eo ke ile ka ithuta mosebetsi ke se ke ntse ke sebetsa femeng e kgolo e neng e etsa dithulusi le dikarolo tse ding tsa koloi. Ke ile ka kwetlisetswa ho etsa mosebetsi wa ho ba mongodi femeng eo mme mosebetsi oo o ne o nthabisa haholo.

Ke ile ka lokela ho etsa qeto ya bohlokwa ha molebedi wa potoloho a ne a nkopa hore ke tshware Thuto ya Bibele ya Phutheho dibokeng tsa hara beke phuthehong ya heso e Willenhall. Ena e ne e le qeto e boima eo ke neng ke lokela ho e etsa. Ka nako eo ke ne ke ya dibokeng diphuthehong tse pedi tse fapaneng. Hara beke ke ne ke ya phuthehong e haufi le moo ke neng ke sebetsa teng e Bromsgrove, e leng toropo e ka bang bohole ba dikhilomithara tse 32 ho tloha moo ke neng ke dula teng. Mafelobeke ha ke ne ke le hae ho batswadi ba ka ke ne ke ya dibokeng tsa phutheho e Willenhall.

Ka ha ke ne ke batla ho tshehetsa mokgatlo wa Jehova, ke ile ka amohela kopo ya molebedi wa potoloho le hoja sena se ne se bolela hore ke ne ke tlameha ho tlohela mosebetsi oo ke neng ke o rata haholo. Ho dumella Jehova hore a ntataise boemong boo ho ile ha mpha menyetla e mengata ya hore ke mo sebeletse mme ha ke ikwahlaele qeto eo ke ileng ka e etsa.

Ha ke ntse ke le phuthehong ya Bromsgrove ke ile ka kopana le Moradiwabo rona Anne ya motle haholo ya neng a rata ho sebeletsa Jehova. Re ile ra nyalana ka 1957 mme ra thabela ho sebeletsa re le bopulamadiboho ba ka mehla, bopulamadiboho ba kgethehileng, balebedi ba potoloho le ho sebeletsa Bethele. Anne o ne a etsa hore ke dule ke thabile.

Ka 1966 re ile ra thabela ho ya tlelaseng ya bo42 ya Gileade. Re ile ra abelwa ho yo sebeletsa Malawi e Afrika moo batho ba teng ba tsebahalang ka ho ba mosa le ho amohela batho ka mofuthu. Re ne re sa lebella hore re ne re sa tlo dula nako e telele moo.

HO SEBETSA DINAKONG TSE THATA MALAWI

Koloi e bitswang Kaiser Jeep eo re neng re e sebedisa mosebetsing wa potoloho Malawi

Re fihlile Malawi ka la 1 February, 1967. Re qetile kgwedi ya pele re ithuta puo ya moo mme ka mora moo ra qala ho etsa mosebetsi wa rona wa setereke. Re ne re tsamaya ka koloi e bitswang Kaiser Jeep eo batho ba bangata ba neng ba nahana hore e ka kgona ho tsamaya hohle esita le dinokeng. Empa taba eo e ne e se nnete hobane re ne re kgona feela ho feta metsing a seng mangata. Ka dinako tse ding re ne re dula matlong a entsweng ka seretse mme a ruletswe ka jwang mme ha pula e na re ne re beha seili marulelong e le ho thibela metsi hore a se ke a kena. Qalong ho ne ho nyolosetsa empa re ne re rata mosebetsi oo wa rona wa boromuwa.

Ka April ke ile ka hlokomela hore haufinyane mmuso o ka re bakela mathata. Ke ile ka utlwa mopresidente wa Malawi Dr. Hastings Banda a bua radiong. O ile a re Dipaki Tsa Jehova ha di patale lekgetho ebile di bakela mmuso mathata. O ne a sa bue nnete. Re ne re tseba hore mmuso o ne o sa rate taba ya hore ha re nke karolo dipolotiking ebile re ne re hana ho reka karete ya hore re be ditho tsa karolo e itseng ya mokgatlo wa dipolotiki.

Ka September re ile ra bala koranta moo mopresidente a neng a re barababo rona ba baka moferefere hohle. O ile a etsa tsebiso sebokeng se seng sa dipolotiki ya hore haufinyane mmuso o ne o tla lokela hore o thibele Dipaki Tsa Jehova. Ka di 20 tsa October, 1967 Dipaki Tsa Jehova di ile tsa thibelwa. Nakwana ka mora moo, mapolesa le diofisiri tsa bajaki di ile tsa kwala ofisi ya lekala mme tsa leleka le baromuwa naheng eo.

Ha re ne re ena le baromuwammoho Jack le Linda Johansson nakong eo re neng re tshwerwe mme re tsamaiswa Malawi ka 1967

Ka mora matsatsi a mararo re le teronkong, re ile ra iswa Mauritius e neng e laolwa ke Brithani. Le ha ho le jwalo, balaodi ba Mauritius ba ne ba sa re dumelle hore re dule moo re le baromuwa. Ka hoo re ile ra romelwa Rhodesia (eo hona jwale e leng Zimbabwe). Ha re fihla moo re ile ra kopana le ofisiri e nngwe ya bajaki e neng e halefile haholo mme e ile ya hana ha re kena naheng eo. E ile ya re: “Ha le a dumellwa hore le dule Malawi. Ba ke ke ba le dumella hore le dule Mauritius jwale le tla mona hobane dinaha tse ding di sa le amohele?” Anne o ile a qala ho lla. Ho ne ho bonahala eka ha ho na motho ya re batlang. Ka yona nako eo ke ne ke batla ho tsamaya, ke kgutlele lapeng Engelane. Qetellong balaodi ba bajaki ba ile ba re dumella hore re robale ofising ya lekala empa ba re re lokela ho itlaleha ntlokgolo ya bona letsatsing le latelang. Re ne re kgathetse haholo empa re ile ra tswela pele re emetse Jehova ho bona hore na o tla re thusa jwang. Letsatsi le latelang motshehare re ile ra fumana tumello eo re neng re sa e lebella ya hore re yo dula re le baeti Zimbabwe. Nke ke ka lebala tsela eo ke neng ke ikutlwa ka yona letsatsing leo. Ke ne ke kgodisehile hore Jehova o a re tataisa.

MOSEBETSI O MOTJHA WA HO SEBELETSA MALAWI KE LE ZIMBABWE

Nna le Anne Bethele e Zimbabwe ka 1968

Ke ne ke abetswe ho sebetsa Lefapheng la Tshebeletso lekaleng la Zimbabwe ke thusa naheng ya Malawi le Mozambique. Bara le baradibabo rona ba Malawi ba ne ba hloriswa haholo. O mong wa mosebetsi oo ke neng ke o etsa e ne e le ho fetolela ditlaleho tse neng di romelwa ke molebedi wa potoloho wa Malawi. Mantsiboyeng a mang ha ke ntse ke qetella tlaleho e nngwe ke ile ka lla haholo ha ke bala ka dintho tse bohloko tse etsahallang bara le baradibabo rona. * Ho ntse ho le jwalo, ke ile ka kgothatswa haholo ke ho tshepahala ha bona, tumelo ya bona le ho mamella ha bona.​—2 Bakor. 6:4, 5.

Re ile ra etsa sohle seo re ka se kgonang ho etsa bonnete ba hore barababo rona ba neng ba ntse ba setse Malawi le ba ileng ba balehela Mozambique ba eba le dingolwa. Bafetoledi ba Sechichewa e leng puo e buuwang haholo Malawi ba ile ba fallela polasing e kgolo ya morabo rona e mong Zimbabwe. O ile a ba hahela diofisi le matlo ao ba ka dulang ho ona. Ha ba le moo ba ile ba tswela pele ho etsa mosebetsi wa bohlokwa e leng ho fetolela dingolwa.

Re ile ra lokisetsa hore balebedi ba potoloho ba Malawi ba ye kopanong ya setereke ya Sechichewa selemo le selemo e neng e tshwarelwa Zimbabwe. Ha ba le moo ba ile ba fuwa di outline tsa dipuo tsa kopano. Ha ba ne ba kgutlela Malawi ba ne ba arolelana le bara le baradibabo rona dintlha tsohle tseo ba ithutileng tsona kopanong eo. Selemo se seng ha ba ne ba etetse Zimbabwe, re ile ra hlophisa hore ho be le Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso e le ho kgothatsa balebedi bana ba potoloho ba sebete.

Ke fana ka puo ka Sechichewa kopanong ya Sechichewa kapa Seshona Zimbabwe

Ka February 1975 re ile ra etela Dipaki Tsa Jehova tse tswang Malawi tse neng di balehetse dikampong tsa Mozambique. Bara bana babo rona ba ne ba latela tataiso ya moraorao ya mokgatlo wa Jehova ho akarelletsa le ya hore ho be le sehlopha sa baholo. Baholo bana ba batjha ba ile ba etsa tokisetso ya hore ho be le dintho tse ngata tse akarelletsang hore ho fanwe ka dipuo tsa phatlalatsa, ho buisanwe ka temana ya letsatsi le Tora ya ho Lebela le hore ho tshwarwe dikopano. Ba ile ba lokisetsa hore ho be le dikampo tse kang tsa kopano tse nang le mafapha a ho hlwekisa, a dijo le a tshireletso. Jehova o ile a thusa bara bana babo rona ba tshepahalang hore ba fihlele dintho tse ngata mme sena se ile sa nkgothatsa haholo.

Ho elella mafelong a 1970, ofisi ya lekala ya Zambia e ile ya qala ho thusa Malawi. Ho ntse ho le jwalo ke ile ka dula ke nahana le ho rapella bara le baradibabo rona ba Malawi mme le batho ba bang ba ne ba etsa se tshwanang. Ka ha ke ne ke le e mong wa setho sa Komiti ya Lekala Zimbabwe, ka makgetlo a mmalwa ke ne ke kopana le baemedi ba tswang ntlokgolo le barababo rona ba tswang Malawi, Afrika Borwa le Zambia. Ka mehla ha re ne re kopana re ne re botsana hore na re ka etsang ho thusa barababo rona ba Malawi.

Ha nako e ntse e eya barababo rona ba ne ba se ba sa hloriswe haholo. Barababo rona ba ileng ba baleha Malawi, hanyane hanyane ba ile ba kgutlela mme ba neng ba setse moo ba ne ba se ba sa hloriswe haholo. Dinaha tse haufinyane le moo di ne di dumella Dipaki Tsa Jehova hore di kopane le ho bolela ditaba tse molemo hape di ile tsa tlosa dithibelo. Ka 1991 Mozambique e ile ya etsa se tshwanang. Empa re ile ra ipotsa hore na Dipaki Tsa Jehova tse Malawi tsona di tla lokollwa neng.

HA RE KGUTLELA MALAWI

Ha nako e ntse e eya, boemo ba dipolotiki ba Malawi bo ile ba fetoha mme ka 1993 mmuso o ile wa tlosa dithibelo tsa Dipaki Tsa Jehova. Ha morao ke ile ka bua le moromuwa e mong mme a mpotsa hore na ke tla kgutlela Malawi hape. Ka nako eo ke ne ke le dilemo di 59 mme ke ile ka mo araba ka re: “Tjhe ke se ke hodile.” Le ha ho le jwalo, ka lona letsatsi leo re ile ra fumana molaetsa o tswang ho Sehlopha se Busang o reng re kgutlele Malawi.

Re ne re rata mosebetsi wa rona haholo ha re ne re le Zimbabwe, ka hoo ho etsa qeto eo ho ne ho le boima. Re ne re thabile haholo ha re ne re le Zimbabwe ebile re ne re se re ena le metswalle. Ka mosa Sehlopha se Busang se ile sa re re ka nna ra dula Zimbabwe haeba re ntse re batla. Ka hoo, ho ne ho ka ba bonolo hore re etse qeto ya hore re dule Zimbabwe. Empa ke ile ka hopola ka moo Abrahama le Sara ba ileng ba tlohela ntlo ya bona e ntle ba se ba hodile e le hore ba mamele Jehova.​—Gen. 12:1-5.

Re ile ra etsa qeto ya hore re mamele tataiso ya mokgatlo wa Jehova mme ra kgutlela Malawi ka la 1 February, 1995 e leng letsatsi leo re ileng ra fihla ka lona Malawi dilemo tse 28 tse fetileng. Komiti ya Lekala e ile ya thehwa mme e ne e le nna le barababo rona ba bang ba babedi yaba re hlophisa hore ho etswe mesebetsi e meng e etswang ke Dipaki Tsa Jehova.

JEHOVA O ETSA HORE MOSEBETSI O ATLEHE

E ne e le tlhohonolofatso e kgolo ho bona ha Jehova a etsa hore mosebetsi o hole kapele. Palo ya bahweletsi e ile ya eketseha ka potlako, ka 1993 ho ne ho ena le bahweletsi ba ka bang 30 000 mme ka 1998 ha eba le bahweletsi ba ka hodimo ho 42 000. * Sehlopha se Busang se ile sa dumella hore ho be le ofisi ya lekala e ntjha e neng e tla thusa ka mosebetsi oo re neng re tla lokela ho o etsa. Re ile ra fumana sebaka se dihekthere tse 12 Lilongwe mme ke ile ka koptjwa hore ke sebetse komiting ya kaho.

Ka May 2001 Morabo rona Guy Pierce wa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ho nehela moaho ona. Dipaki tsa moo tse ka hodimo ho 2 000 di ile tsa tla ha ho fanwa ka puo eo mme boholo ba tsona e ne e le tse kolobeditsweng dilemo tse ka hodimo ho tse 40. Bara le baradibabo rona bana ba tshepahalang ba ile ba mamella ha ba ne ba hloriswa ka dilemo tse ngata nakong eo ba neng ba thibetswe. Ba ne ba se na tjhelete e kaalo empa tumelo ya bona e ne e le matla ebile e le metswalle ya Jehova. Ba ne ba thabetse ho bona Bethele ya bona e ntjha. Hohle moo ba neng ba tsamaya teng ha ba le Bethele ba ne ba bina dipina tsa Mmuso ka tsela ya Afrika. Ena e ne e le ketsahalo e monate le e thabisang eo nkileng ka ba ho yona. E ile ya bontsha hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba mamellang diteko ka botshepehi.

Ka mora hore lekala le qetwe ho hahwa ke ile ka thabela mosebetsi oo ke neng ke o filwe wa hore ke nehele Diholo Tsa Mmuso. Tokisetso eo mokgatlo o neng o e entse ya ho haha Diholo Tsa Mmuso kapele dibakeng tseo bara le baradibabo rona ba neng ba se na tjhelete e kaalo, e ile ya tswela diphutheho tsa Malawi molemo. Nakong e fetileng diphutheho tse ding di ne di kopanela moahong o neng o entswe ka sefate sa boloukomo. Ba ne ba rulela ka dimmete tsa lehlaka mme ba dula ditulong tsa bentjhe e telele e entsweng ka seretse. Barababo rona ba ile ba sebetsa ka thata ho etsa ditene ka onto eo ba neng ba iketseditse yona mme ba haha dibaka tse ntle tseo ba neng ba tla kopanela ho tsona. Barababo rona ba ntse ba rata ho dula dibentjheng hobane dibentjhe di etsa hore ho be bonolo hore ba batlele motho e mong sebaka sa ho dula.

Ke ile ka boela ka hlollwa ke ho bona Jehova a thusa batho hore e be Bakreste ba nang le boiphihlelo. Ke ile ka thabiswa ke ho bona barababo rona ba batjha ba Afrika ba ithaopela ho thusa ebile ba ithuta dintho tse ding kapele kwetlisong eo ba e fumaneng mokgatlong wa Jehova le ka moo ba neng ba etsa mosebetsi ka teng. Sena se ile sa etsa hore ba kgone ho thusa ka mesebetsi e mengata Bethele le diphuthehong. Diphutheho tsa moo di ile tsa matlafatswa ke balebedi ba potoloho ba batjha bao bongata ba bona ba neng ba nyetse. Banyalani bana ba entse qeto ya hore ba se ke ba eba le bana e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng le hoja batho ba bangata le ba lelapa ba ne ba lebelletse hore ba be le bana.

KE KGOTSOFADITSWE KE QETO EO KE E ENTSENG

Nna le Anne Bethele e Brithani

Ka mora dilemo tse 52 ke le Afrika ke ile ka kula. Sehlopha se Busang se ile sa tjhaela monwana kopo ya Komiti ya Lekala ya hore re yo sebetsa Brithani. Re ne re utlwile bohloko haholo ha re ne re tlohela mosebetsi oo re o ratang haholo empa lelapa la Bethele le Brithani le re hlokometse haholo dinakong tsena tsa rona tsa botsofadi.

Ke kgodisehile hore ho dumella Jehova hore a ntataise bophelong e bile qeto e bohlale eo nkileng ka e etsa. Haeba ke ne ke ile ka itshetleha ka kutlwisiso ya ka le ka mosebetsi oo ke neng ke o etsa, ke mang ya tsebang hore na nkabe ke le hokae? Haesale Jehova a tseba hore na ke hlokang e le hore a ‘otlolle ditsela tsa ka.’ (Liprov. 3:5, 6) Ha ke ne ke le motjha ke ne ke thabetse ho tseba hore na khamphaning e kgolo ho sebetswa jwang. Le ha ho le jwalo, mokgatlo wa Jehova o lefatsheng lohle o ile wa mpha mosebetsi o kgotsofatsang ho feta mosebetsi le ha e le ofe. Ho sebeletsa Jehova ho ne ho nthabisa haholo ebile ho ntse ho tswela pele ho nthabisa.

^ Histori ya Dipaki Tsa Jehova tse Malawi e hlaha ho Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999 leq. 148-223.

^ Hona jwale Malawi e na le bahweletsi ba fetang 100 000.