Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016

Bala ka mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o finyelletseng selemong sa 2015 le histori ea tsona naheng ea Indonesia.

Temana ea Selemo ea 2016

Baheberu 13:1 e phehella Bakreste ebile ea ba babatsa.

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Molaetsa ona o khothatsang o bontša kamoo Jehova a re hlohonolofalitseng kateng ka websaete ea jw.org, JW Broadcasting, ho paka phatlalatsa ka literoli le ka Kopano ea Setereke ea 2015.

“Re Rata Khaso ea JW Haholo”

Ho ne ho hlokahala eng e le hore khaso ea Inthanete e sebetse?

Ho Hahoa Liholo Tsa ’Muso ka Potlako

Tsela eo mosebetsi o etsoang ka eona e ile ea fetoloa e le ho thusa ka liholo tse ncha

Mosebetsi oa Kaho o Ntse o Tsoela Pele Joang Warwick?

Tseba se ntseng se etsahala kahong ea ntlo-khōlō e ncha ea Lipaki Tsa Jehova.

Ho Fumana Batho Bao ho Neng ho le Thata ho ba Fumana

Ke’ng e ileng ea etsa hore Terry a lumele hore seo Lipaki Tsa Jehova li mo bolellang sona ke karabo ea thapelo ea hae?

Leseli le Ntse le Khanya le ho Feta

Karolong ena, hlokomela kamoo Jehova a ntseng a khantšetsa batho ba hae leseli kateng.

Ho Nehela Makala

Lipaki Tsa Jehova tsa Madagascar le Indonesia li ile tsa fumana tlhohonolofatso e khethehileng mathoasong a selemo sa 2015.

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Lipuo Tse Eketsehileng

Ho lokollotsoe likhatiso tse 16 selemong sa tšebeletso sa 2015.

Tlaleho ea Litaba Tsa Molao

Lipaki li ntse li tsoela pele ho loanela litokelo tsa tsona tsa bolumeli lefatšeng lohle.

Litlaleho Tse Tsoang Lefatšeng Lohle

Monehelo oa Ken o thusa mosebetsing oa ho haha Holo ea ’Muso.

Afrika

Ke mekhoa efe eo Lipaki li e sebelisang ho bolela litaba tse molemo?

Linaha Tsa Amerika

Ke hobane’ng ha mosali e mong a ile a ea hlatheng ho ithuta Bibele a khantšitse kerese? Ke hobane’ng ha morena e mong oa Maindia a Amerika a ne a emetse Lipaki? Ke hobane’ng ha monna e mong ea neng a hlorisa Lipaki a ile a lla?

Asia le Bochabela bo Hare

Ha ho letho le sitisang baboleli ba ’Muso—ebang ke ho holofala kapa ho tšoaroa.

Europe

Monna oa Moromani, motšoaruoa le mosali ea neng a nahana ho ipolaea ba ile ba thaba ha ba fumana molaetsa oa Bibele.

Oceania

Litafole tsa ho paka phatlalatsa, literoli tsa ho paka phatlalatsa, websaete ea jw.org, livideo li jala peō ea ’nete bathong ba bangata, haeba ha se ba likete!

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Indonesia

Bala lintlha tse khutšoanyane ka naha, batho le litloaelo tsa batho ba lulang ho se seng sa lihlekehleke tse khōlō ka ho fetisisa.

Khoebo ea Linōko

Lilemong tsa bo-1500, khoebo ea linōko e ne e laola moruo oa lefatše.

Ke Batla ho Qala Mona!

Bo-pula-maliboho ba ’maloa ba Australia ba ile ba tobana le mathata ha ba qala ho bolela moo.

Mekhoa ea ho Paka e Neng e Sebelisoa Khale

Khaso ea seea-le-moea le ho paka malibohong ho ile ha halefisa batho ba neng ba le khahlanong le mosebetsi oa boboleli Indonesia.

Bibelkring

Sehlopha sena se ne se thehile lithuto tsa sona lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova, empa hamorao se ile sa iketsetsa melao ea sona.

O ne a Ananela Kamano ea Hae le Jehova

Batho ba sa laoleheng ba ile ba nka thepa ka likhoka lehaeng la Thio Seng Bie a ntse a shebile, empa ba ile ba siea ntho eo a e nkang e le ea bohlokoa ka ho fetisisa.

Lipaki Lia Eketseha West Java

Ha lingoliloeng li ntse li thibetsoe, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bolela ka masene.

Majapane a Busa ka Lere la Tšepe

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tse ling li ile tsa khona ho ingolisa pusong ea Majapane empa li sa tlōle molao oa Molimo.

Pula-maliboho ea Sebete

Ha André Elias a ntse a sebeletsa Jehova ka lilemo tse 60, o ile a lula a tšepahala ho sa tsotellehe ho hlonngoa lipotso le ho tšosoa ka hore o tla bolaoa.

Baromuoa ba Gileade Baa Fihla

Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba ileng ba fihla pele ba ile ba thusa ho potlakisa mosebetsi oa boboleli.

Mosebetsi oa Boboleli o Namela Karolong e ka Bochabela

Na baruti ba tla atleha ho hanyetsa mosebetsi oa Lipaki lekhetlong lee?

Ho Fihla Baromuoa ba Eketsehileng Indonesia

Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ile oa e-ba boima bohareng ba bo-1970.

O ne a Tšoana le Sara

Titi Koetin o ile a ikokobelletsa monna oa hae ’me seo sa hlahisa litholoana tse ntle.

Kopano e sa Lebaleheng

Kopanong ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng” ea 1963 e ile ea atleha ho sa tsotellehe litšitiso.

Ke Ile ka Pholoha Litlhaselo Tsa Makomonisi

Lebitla la Ronald Jacka le ne le se le chekiloe.

E Bile Pula-maliboho ea Khethehileng ka Lilemo Tse 50

Ka 1964, moruti oa Moprostanta o ile a re, ‘Ke tl’o felisa Lipaki Tsa Jehova Manokwari!’ Na o ile a atleha?

Molaoli oa Sehlopha sa Linokoane o Fetoha Moahi ea Hlomphehang

Lefokisi le ile la re: “Hantle-ntle Lipaki Tsa Jehova li etsa’ng moo Indonesia?”

Lipaki li ne li Ikemiselitse ho Tsoela Pele

Ke’ng e ileng ea susumeletsa batho ba bang hore ba re, “Lipaki Tsa Jehova li na le tumelo e matla”?

Ha Baa ka ba Tlohela ho Bokana Hammoho

Ha ho thibeloa ha mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ho felisoa, ofisiri e ’ngoe e ile ea bua taba e sa utloahaleng, ea re: “Tokomane ena ha e bolele hore le se le lokolohile.”

Bakreste ba Bontšana Lerato Nakong ea Koluoa

Lipaki Tsa Jehova li fana ka thuso hang-hang ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše toropong ea Gunungsitoli.

Re ile ra lula re tšepahala

Daniel Lokollo o phetha se ileng sa etsahala ha a ne a hlongoa lipotso ke balebeli ba teronko

Re Ile Ra Mamela Tataiso ’Me Ra Pholoha!

Lehloeo le neng le le pakeng tsa Mamosleme le Bakreste le ile la tlisitsa Lipaki Tsa Jehova mathata.

Keketseho e Khōlō Indonesia

Hang ha ho thibeloa ha mosebetsi oa Lipaki ho felisoa, barab’abo rōna ba ile ba rua molemo litokisetsong tse tharo tse ileng tsa etsoa.

Ba Motlotlo ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova

Lipaki li ile tsa hlōla mathata a ho tloaela ho sebetsa tlas’a thibelo le litloaelo tsa setso joang tse neng li ba sitisa ho paka ka sebete?

Ofisi ea Lekala e Lutseng Qhooeng

Batho ba sebeletsang moo ho hlokahalang bahoeletsi, ba ile ba fumana sebaka se loketseng.

“Jehova o re Hlohonolofalitse ho Feta Kamoo re Neng re Nahanne Kateng!”

Phutheho e motseng oa Tugala Oyo, Indonesia, e hlohonolofalitsoe ho feta kamoo e neng e nahanne kateng.

Re Ile ra Qetella re Kopane!

Bana ba motho ba sa utloeng litsebeng ba Indonesia ba ile ba arohana ha e mong oa bona ho fanoa ka eena hore a hōlisoe ke lelapa le leng, empa ba kopana ka mor’a hore ba ithute Bibele le Lipaki.

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1916

Ketsahalo e ileng ea etsahala mafelong a 1916 e ile ea e-ba e ikhethang ho Liithuti Bibele.

Lipalo-kakaretso Tsa 2015

Re entse boiteko bofe ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, hona re sebelisitse chelete e kae?

Sehopotso—Labohlano la la 3, April, 2015

Letšolo la libeke tse ’nè la ho memela batho sehopotsong le bile le katleho e khōlō.