Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Bakreste ba Bontšana Lerato Nakong ea Koluoa

Bakreste ba Bontšana Lerato Nakong ea Koluoa

LITŠISINYEHO tsa lefatše, litsunami le ho foqoha ha seretse se chesang li tloaelehile haholo Indonesia. Nakong eo ho e-bang le likoluoa tsena, batho ba Jehova ba potlakela ho thusa ba bang, haholo-holo Bakreste-’moho le bona. Ka mohlala, ka 2005 tšisinyeho e khōlō ea lefatše e ile ea senya Gunungsitoli, e leng toropo e khōlō ka ho fetisisa ea Sehlekehleke sa Nias, North Sumatra. Ofisi ea lekala hammoho le liphutheho tse haufinyane tsa sehlekehleke sa Sumatra li ile tsa romela liphallelo hang-hang. Molebeli oa potoloho le mor’abo rōna ea tsoang ofising ea lekala ba ile ba ea sehlekehlekeng seo ho ea khothatsa bara le barali ba bo rōna. Moholo e mong oa Nias ea bitsoang Yuniman Harefa o re: “Batho ba ne ba tšohile haholo. Empa tsela e potlakileng eo mokhatlo oa Molimo o ileng oa re phallela ka eona e ile ea re bontša hore oa re tsotella.”