Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

“Jehova o re Hlohonolofalitse ho Feta Kamoo re Neng re Nahanne Kateng!”

Angeragō Hia

“Jehova o re Hlohonolofalitse ho Feta Kamoo re Neng re Nahanne Kateng!”
  • O HLAHILE KA 1957

  • O KOLOBELITSOE KA 1997

  • PALE EA BOPHELO BA HAE O ile a khutlela motseng oa habo o Sehlekehlekeng sa Nias ’me a qala phutheho.

KA 2013, phutheho ea habo rōna e nyenyane e Tugala Oyo e ile ea fumana litaba tse monate tsa hore re tl’o haheloa Holo ea ’Muso! Ba boholong ba ile ba lumela hore re hahe ’me baahelani ba rōna ba 60 le bona ba ile ba saena tokomane ea hore ba lumellana le seo. Moahelani e mong o ile a re, “Haeba ho tlameha hore ho saene batho ba 200, re tla ba fumana.”

Baithaopi ba bang ba babeli ba sebetsang Kahong ea Liholo Tsa ’Muso ba nang le tsebo, ba ile ba tla ho tla etella pele mosebetsing oa ho haha Holo eo ea ’Muso, ’me e ile ea fela ka November 2014. Re ne re sa nahane hore phutheho ea rōna e ka ba le sebaka se setle hakana sa borapeli. Ruri Jehova o re hlohonolofalitse ho feta kamoo re neng re nahanne kateng!