Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Mosebetsi oa Boboleli o Namela Karolong e ka Bochabela

Mosebetsi oa Boboleli o Namela Karolong e ka Bochabela

Ka 1953, Peter Vanderhaegen o ile a abeloa ho potoloha Indonesia. O ne a etela naha eohle ea Indonesia, a tsamaea lik’hilomithara tse 5 100 ho tloha bochabela ho ea bophirimela le tse 1 800 ho tloha leboea ho ea boroa. O ’nile a tobana le mathata a mangata ha a ntse a potoloha naheng ena.

Peter Vanderhaegen

Ka 1954, Mor’abo rōna Vanderhaegen o ile a etela karolo e ka bochabela ea Indonesia, e leng sebaka se nang le malumeli a mangata. Sehlekehlekeng sa Bali ho ne ho tletse Mahindu, sa Lombok le sa Sumbawa ho tletse Mamosleme, sa Flores ho tletse Mak’hatholike athe lihlekehlekeng tsa Sumba, Alor le Timor ho tletse Maprostanta. Ha Mor’abo rōna Vanderhaegen a tsamaea ka sekepe ho ea Kupang, e leng motse-moholo oa Timor, o ne a bolela litaba tse molemo le lihlekehlekeng tseo a fetang ho tsona. O re: “Ke ile ka qeta libeke tse peli ke bolela litaba tse molemo Timor. Ho sa tsotellehe lipula tsa litloebelele ke ile ka tsamaisa lingoliloeng tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona, ka fumana batho ba 34 ba reng ke lule ke ba tlisetsa limakasine, ka ba ka qalisa lithuto tsa Bibele tse ’maloa.” Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba khutlela ho batho bao ba thahasellang ’me ba theha phutheho Kupang. Ka mor’a moo litaba tse molemo li ile tsa namela lihlekehlekeng tse ling tse kang, Rotè, Alor, Sumba le Flores.

Ha baruti ba Maprostanta ba Kupang ba hlokomela hore litho tsa kereke ea bona li ne li mamela Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba halefa haholo. Moruti e mong ea phahameng o ile a laela Thomas Tubulau, e leng monna-moholo ea sebetsang ka lesenke hore a khaotse ho ithuta Bibele le Lipaki, a re haeba a sa khaotse ho bolella batho ba bang seo a ithutileng sona, o tla mo bolaea. Thomas o ile a mo araba ka sebete a re: “Ha ho na Mokreste ea ka buang seo u qetang ho se bua. Ebile ha ke sa tla le beha kerekeng ea hao.” Thomas e ile ea e-ba mohoeletsi ea chesehang oa ’Muso, ’me morali oa hae ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng.

Baruti ba Timor ba ne ba ntse ba ikemiselitse ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Ka 1961, ba ile ba susumeletsa Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli le baeta-pele ba sesole hore ba thibele mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo, ’me ba ile ba atleha. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba fetola tsela eo ba bolelang litaba tse molemo ka eona. Ba ne ba pakela batho limmarakeng le lilibeng, ba buisana le batšoasi ba litlhapi lebōpong la leoatle le malapa a ntseng a hloekisa mabitla. Ka mor’a khoeli, baeta-pele ba sesole ba ile ba fetola maikutlo ’me ba phatlalatsa seea-le-moeeng hore malumeli ’ohle a Timor a lokolohile. Ha ba Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli ba tsitlella hore mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo o ntse o thibetsoe, barab’abo rōna ba ile ba ba kōpa hore ba ngole seo fatše. Empa ba ile ba hana. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba qalella ho bolela ka ntlo le ntlo ba sa sitisoe ke letho.

Baromuoa ba bang e leng, Piet le Nell de Jager le Hans le Susie van Vuure, ba ile ba fihla Papua ka 1962, ’me baruti ba ne ba le khahlanong le mosebetsi oa bona. Baruti ba bang ba bararo ba ile ba leleka baromuoa bao, ba re ba bolele litaba tse molemo sebakeng se seng. Baruti ba ne ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka hore li hlohlelletsa merusu khahlanong le ’muso, ’me ba jala leshano leo likerekeng, seea-le-moeeng le likoranteng. Ha batho ba qala ho ithuta Bibele le baromuoa bao, baruti ba ne ba ba tšosa, kapa ba ba qekisa ka ho ba fa tjotjo hore ba khaotse ho ithuta. Ba ne ba boetse ba susumeletsa marena hore a be khahlanong le mosebetsi oa boboleli.

Boiteko ba bona ha boa ka ba atleha kaha morena e mong o ile a bitsa baromuoa hore ba tl’o bua le sechaba sa hae. Hans o re: “Ka mor’a hore morena a bokelle sechaba, ’na le Piet re ile ra fana ka lipuo tse peli tse khutšoanyane, re hlalosa mosebetsi oa rōna. Ka mor’a moo, basali ba rōna ba ile ba etsa pontšo ho bontša hore na re buisana le batho joang ha ba re amohela matlong a bona. Morena le sechaba sa hae ba ile ba thabela puisano eo haholo ’me a re re ka tsoela pele ka mosebetsi oa rōna.”

Ho ne ho ntse ho e-na le batho ba bang ba seng khahlanong le mosebetsi oa rōna. Hase hangata Mamosleme a neng a hanyetsa mosebetsi oa boboleli, empa o ne o hanyetsoa ke baruti ba Bokreste ba bohata. Ho ntse ho le joalo le kajeno.

‘Ba Hulanyetsoa ka Pel’a Babusisi Hore e be Bopaki’

Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” (Mat. 10:18) Mantsoe ana a phethahetse ka makhetlo Indonesia.

Ka 1960, setsebi sa thuto ea bolumeli sa Modache sa Jakarta, se ile sa ngola bukeng ea sona hore Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba bohata. Buka ena e ile ea susumeletsa baruti ba bangata hore ba qose Lipaki. Ka mohlala, moruti ea lulang motseng o mong o ile a ngolla Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli, a qosa Lipaki ka hore li “ferekanya litho tsa likereke tsa bona.” Ha ba boholong ba bitsa barab’abo rōna hore ba tl’o ikarabella, ba ile ba hlalosa litaba hantle ’me seo sa fana ka bopaki. E mong oa ba boholong lefapheng leo o ile a re ho mosebetsi-’moho le eena: “Tlohelang Lipaki Tsa Jehova li ke li phaphamise Maprostanta ana a robetseng.”

Libuka tsa Paradise lia fihla ka 1963

Ka 1964, baruti ba Maprostanta ba Papua ba ile ba ipiletsa ho Komiti ea Paramente ea Litaba Tsa Bolumeli le Sechaba hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibeloe. Ofisi ea lekala le eona e ile ea kōpa ho hlaha ka pel’a komiti e le hore e ipuelle. Tagor Hutasoit o re: “Re ile ra buisana le komiti eo nako e ka etsang hora ’me ra e hlalosetsa ka mosebetsi oa rōna oa ho ruta batho Bibele. Ralipolotiki e mong oa Moprostanta o ile a re qosa ka hore re etsa hore ho be le merusu malumeling a Papua. Leha ho le joalo, litho tse ngata tsa komiti eo tsa Mamosleme li ne li re utloela bohloko. Li ile tsa re: ‘Molao oa motheo o re malumeli ’ohle a lokolohile, kahoo, le na le tokelo ea ho bua le batho ka Bibele.’” Ka mor’a seboka seo, letona le phahameng la Papua le ile la re: “Puso e ncha . . . e lumella malumeli ’ohle hore a etse lintho ka bolokolohi, ho akarelletsa le a macha.”