Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Molaoli oa Sehlopha sa Linokoane o Fetoha Moahi ea Hlomphehang

Hisar Sormin

Molaoli oa Sehlopha sa Linokoane o Fetoha Moahi ea Hlomphehang
  • O HLAHILE KA 1911

  • O KOLOBELITSOE KA 1952

  • PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le molaoli oa sehlopha sa linokoane empa a qetella e le setho sa Komiti ea Lekala.

KA LETSATSI le leng, lefokisi le ile la bitsetsa Mor’abo rōna Sormin ofising ea moeletsi oa ’muso.

Le ile la re: “U moahi oa Indonesia, kahoo ke kōpa u mpolelle ’nete. Hantle-ntle Lipaki Tsa Jehova li etsa’ng moo Indonesia?”

Mor’abo rōna Sormin o ile a re: “E-re nke ke u phetele pale ea ka. Ke ne ke le molaoli oa sehlopha sa linokoane, empa hona joale ke ruta batho Bibele. Ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li se etsang mona Indonesia. Li thusa batho ba neng ba etsa lintho tse mpe joaloka ’na hore e be baahi ba hlomphehang!”

Hamorao lefokisi leo le ile la re: “Batho ba bangata ha ba rate Lipaki Tsa Jehova. Empa kea tseba hore li etsa mosebetsi oa bohlokoa kaha li thusitse Monghali Sormin hore a fetohe.”