Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipaki tsa Semarang, Java (ka bo-1937)

INDONESIA

Ke Batla ho Qala Mona!

Ke Batla ho Qala Mona!

Alexander MacGillivray, eo e neng e le mohlanka oa lekala la Australia, o ne a ntse a ea koana le koana ka ofising ea hae a ja masapo a hlooho. Ho ne ho se ho fetile matsatsi a ’maloa a na le bothata bo itseng, empa o ne a se a fumane tharollo ea bona. O ne a batla ho bua le Frank Rice.

Frank, eo e neng e le pula-maliboho ea lilemo li 28, o ne a e-na le libeke tse ’maloa a fihlile ofising ea lekala. O ile a ithuta Bibele ha e sa le mocha ’me ka mor’a moo ea e-ba pula-maliboho. O ile a qeta lilemo tse fetang leshome a bolela litaba tse molemo libakeng tse ngata tsa Australia. O ne a tsamaea ka pere, ka baesekele, ka sethuthuthu le ka k’haravene. Ka mor’a hore a phomole Bethele ho se hokae, Frank o ne a ikemiselitse ho ea bolela litaba tse molemo sebakeng se seng.

Mor’abo rōna MacGillivray o ile a bitsetsa Frank ofising ea hae ’me a mo bontša lihlekehleke tse ka leboea ho Australia ’mapeng. O ile a re: “Frank, na u ka rata ho ea bolela litaba tse molemo sebakeng see? Ha ho na Paki le ha e le ’ngoe lihlekehlekeng tsena!”

Frank o ile a khahloa ke lihlekehleke tseo tse neng li bonahala eka ke liperela har’a leoatle la India, tse neng li bitsoa Netherlands East Indies (tseo hona joale e seng e le Indonesia). * Lihlekehlekeng tseo, ho ne ho e-na le baahi ba limilione ba neng ba e-s’o ka ba bolelloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Frank o ile a supa motse-moholo, Batavia (oo hona joale o bitsoang Jakarta) eaba o re, “Ke batla ho qala mona!”

Re Bolela Litaba Tse Molemo Java

Ka 1931 Frank Rice o ile a fihla Jakarta, e leng toropo e sephethephethe e sehlekehlekeng sa Java. O ile a hira kamore toropong eo ’me a e tlatsa ka mabokose a lingoliloeng, e leng se ileng sa makatsa motho ea mo hiriselitseng kamore eo.

Frank Rice le Clem Deschamp ba Jakarta

Frank o re: “Kaha ke ne ke e-s’o ka ke tloaela sebaka seo, ke ne ke hloloheloa hae. Batho ba bangata ba ne ba itsamaela ba apere liaparo tse bobebe tse tšoeu ba roetse likatiba, ha ’na ke ikimelitse ka liaparo tsa Australia. Ke ne ke sa tsebe Sedache le Seindonesia ho hang. Ka mor’a hore ke kōpe Jehova hore a ntataise, ke ile ka nahana hore e tlameha ebe ho na le batho ba buang Senyesemane libakeng tsa khoebo. Ke hona moo ke ileng ka qala ho bolela litaba tse molemo teng ’me batho ba bangata ba ile ba mamela.”

Kaha baahi ba bangata ba Jakarta ba ne ba bua Sedache, Frank o ile a sebetsa ka thata hore a ithute puo ena, eaba o qala ho bolela ka ntlo le ntlo. O ile a boela a ithuta Seindonesia butle-butle. Frank o re: “Ke ne ke se na lingoliloeng tsa Seindonesia. Jehova o ile a nthusa hore ke kopane le tichere e neng e thabela ho ithuta Bibele. Tichere eo e ile ea lumela ho fetolela bukana ea Where Are the Dead? Hamorao, libukana tse ling li ile tsa fetoleloa, ’me batho ba bangata ba buang Seindonesia ba thabela ho ithuta Bibele.”

Ka November 1931, bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba tsoang Australia e leng Clem Deschamp ea lilemo li 25 le Bill Hunter ea lilemo li 19, ba ile ba fihla Jakarta. Ba ne ba tlile ka k’haravene ’me e ne e le eona ea pele Indonesia. Ka mor’a hore ba ithute lipolelo tse seng kae tsa Sedache, ba ile ba ea litoropong tse khōlō tsa Java ho ea bolela litaba tse molemo.

Charles Harris o ne a paka a sebelisa baesekele le k’haravene

Ka mor’a hore ho fihle Clem le Bill, ho ile ha fihla pula-maliboho e mong oa Australia, e leng Charles Harris. Ho tloha ka 1935, Charles o ile a sebetsa libaka tse ngata tsa Java a tsamaea ka k’haravene le baesekele, ’me a aba lingoliloeng ka lipuo tse hlano, e leng: Searabia, Sechaena, Sedache, Senyesemane le Seindonesia. Ka linako tse ling, o ne a tsamaisa lingoliloeng tse 17 000 ka selemo.

Tsela eo Charles a neng a tsamaisa lingoliloeng tse ngata ka eona, e ile ea etsa hore batho ba bangata ba li tsebe. Mosebeletsi e mong oa ’muso, Jakarta, o ile a botsa Clem Deschamp a re: “Le na le batho ba bakae ba abang libuka East Java?”

Mor’abo rōna Deschamp o ile a re, “O mong feela.”

Mosebeletsi eo oa ’muso o ile a khotsa, a re, “E tlameha ebe u ua soasoa! Ke ne ke nahana hore ke batho ba bangata, ho latela kamoo lingoliloeng tsa lōna li fumanehang libakeng tse ngata kateng!”

Bo-pula-maliboho bao ba pele ba ne ba lula ba le tseleng, e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ba ka khonang. Bill Hunter o re, “Re ne re paka ho tloha qalong ea sehlekehleke ho isa qetellong ea sona, ’me re sa khone ho khutlela ho bao re ileng ra bua le bona.” Bo-pula-maliboho bao ba ile ba jala peō e ngata ea lentsoe la Molimo, eo hamorao e ileng ea hlahisa litholoana tse ntle.—Moek. 11:6; 1 Bakor. 3:6.

Litaba Tse Molemo li Fihla Sumatra

Ka bo 1936, bo-pula-maliboho ba Java ba ile ba buisana ka hore na ba ka etsa joang hore litaba tse molemo li boleloe Sumatra, e leng sehlekehleke sa botšelela ho tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Sehlekehleke sena se lithaba se karolong e chesang haholo e bohareng ba lefatše, ’me se na le metse e meholo le meru e nang le metsi.

Bo-pula-maliboho ba ile ba etsa qeto ea ho romela Frank Rice moo, kahoo, ba kopanya matsoho e le hore a khone ho tsamaea. Nakoana ka mor’a moo, Frank o ile a fihla Medan, e North Sumatra, a nkile mekotla e ’meli ea ho ea tšimong, mabokose a 40 a lingoliloeng ’me a e-na le chelete e seng kae. Frank o ne a e-na le tumelo e matla. Kahoo, o ile a qala mosebetsi hang-hang, a kholisehile hore Jehova o tla mo fa lintho tseo a li hlokang hore a tsoele pele.—Mat. 6:33.

Bekeng ea ho qetela a le Medan, Frank o ile a kopana le monna e mong ea botsoalle oa Modache ea ileng a mo mema hore ba noe kofi hammoho. Frank o ile a bolella monna eo hore o hloka koloi, e le hore a khone ho bolela litaba tse molemo sehlekehlekeng seo sohle. Monna eo o ile a mo bontša koloi e robehileng e jareteng ea hae, eaba o re, “Nka u rekisetsa eona ka li-guilder tse 100 *, ebe u itokisetsa eona.”

Frank o ile a re, “ha ke na li-guilder tse 100.”

Monna eo o ile a shebisisa Frank, eaba o re, “Na u tiile ha u re u batla ho ruta batho bohle ba Sumatra Bibele?”

Frank a re: “E! Ke tiile.”

Joale monna eo oa Modache o ile a re, “Ho lokile, u ka e nka haeba u tla khona ho e lokisa. U tla mpatala mohla u nang le chelete.”

Frank o ile a lokisa koloi eo, ’me ea tsamaea hantle. Hamorao o ile a ngola a re, “Kaha joale ke ne ke e-na le koloi, ke e-na le peterole ke bile ke e-na le tumelo, ho ne ho se letho le nthibelang ho bolella batho ba Sumatra litaba tse molemo.”

Henry Cockman le Jean hammoho le Clem Deschamp ba Sumatra, ka 1940

Selemo hamorao, Frank o ne a se a boletse litaba tse molemo sehlekehlekeng sohle, kahoo a khutlela Jakarta. Ha a fihla moo, o ile a rekisa koloi eo ka li-guilder tse 100, eaba o romella monna oa Modache oa Medan chelete ea hae.

Libeke tse seng kae hamorao, Frank o ile a fumana lengolo le tsoang Australia, le mo bolellang ka kabelo ea hae e ncha. Hang-hang o ile a phutha mehasoana ’me a ea kabelong e ncha Indochina (eo hona joale e bitsoang Cambodia, Laos le Vietnam).

^ par. 6 Li ne li boetse li bitsoa Dutch East Indies. Madache a ile a fihla lilemo tse 300 pejana ’me a li hapa, e le hore a inkele khoebo ea linōko. Tlalehong ena re tla bitsa libaka tsena ka mabitso a sebelisoang hona joale.

^ par. 20 Li ka ’na tsa lekana le R15 000 kajeno.