Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Re Ile ra Qetella re Kopane!

Joalokaha ho boletse Linda le Sally Ong

Re Ile ra Qetella re Kopane!

Linda: Ha ke le lilemo li 12, ’mè oa ka o ile a mpolella hore ke na le ngoan’eso eo ba faneng ka eena lapeng le leng. Ke ne ke ipotsa hore na o hlahile a sa utloe litsebeng joaloka ’na. Empa ke hōtse ke sa mo tsebe.

Sally: Ke ne ke sa tsebe hore batho bao ke lulang le bona hase batsoali ba ka. ’Mè ea nkholisitseng o ne a nkotla habohloko a bile a ntšoara joaloka lekhoba, kahoo ke ne ke lula ke hloname ke bile ke jeoa ke bolutu. Lintho tseo li ne li nkutloisa bohloko le ho feta kaha ke hlahile ke sa utloe litsebeng. Ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me ka qala ho ithuta Bibele. Ha ’Mè a utloa hore ke ithuta le Lipaki, o ile a nchapa ka lebanta eaba o chencha liloko tsa menyako, e le hore ke se ke ka khona ho tsoa ka tlung. Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka baleha lapeng, eaba ke lula le lelapa le leng la Lipaki. Maqalong a 2012, ke ile ka kolobetsoa.

Linda: Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Hamorao ka qala ho ea likopanong tsa setereke Jakarta, ’me lipuo li ne li fetoleloa ka puo ea matsoho. Ke ile ka kopana le batho ba bang ba sa utloeng litsebeng, ho akarelletsa le Sally, e leng ngoanana oa Paki ea neng a lula North Sumatra. Ke ne ke utloa ke mo rata empa ke sa tsebe hore na hobane’ng.

Sally: ’Na le Linda re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo. Ke ne ke bona re tšoana, empa ha kea ka ka nkela taba eo hloohong.

Linda: Ka August 2012, letsatsi pele ke kolobetsoa, ke ile ka ba le takatso e matla ea ho batla ngoan’eso. Ke ile ka rapela ka re: “Jehova, ke kōpa u nthuse hore ke fumane ngoan’eso, hobane ke batla ho mo bolella ka uena.” Nakoana ka mor’a moo, re ile ra makala ha ’Mè a fumana molaetsa oa selefouno o tsoang ho motho e mong ea neng a tseba moo ngoan’eso a leng teng. Sena se ile sa etsa hore ke qalelle ho mo batla.

Sally: Ha Linda a mpolella hore ke ausi oa ka, ’me esale re lahlehelana, ke ile ka ea Jakarta hang-hang ka sefofane. Ha ke fihla boema-fofane, ke ile ka fumana Linda, Ntate, ’Me le ausi oa ka e mong ba emetse ho tla nkamohela. Ke ne ke thothomela. Kaofela re ile ra hakana le ho akana, ’me ka hakana le ’mè oa ka nako e telele. Kaofela re ne re lla. Ha batsoali ba ka ba lla, ’me ba kōpa tšoarelo ka hore ebe ba ile ba fana ka ’na, re ile ra lla ’me ra hakana hape.

Linda: Re ile ra tlameha ho ithuta ho phelisana hantle, kaha re hōlisitsoe ka tsela e sa tšoaneng, ’me le tsela eo re etsang lintho ka eona ha e tšoane. Empa re ratana haholo.

Sally: Hona joale, ’na le Linda re lula hammoho ’me re kopanela phuthehong ea puo ea matsoho e Jakarta.

Linda: ’Na le Sally re ne re lahlehelane ka lilemo tse ka bang 20. Re leboha Jehova hore ebe re ile ra qetella re kopane!