Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Re Ile Ra Mamela Tataiso ’Me Ra Pholoha!

Blasius da Gomes

Re Ile Ra Mamela Tataiso ’Me Ra Pholoha!
  • O HLAHILE KA 1963

  • O KOLOBELITSOE KA 1995

  • PALE EA BOPHELO BA HAE Moholo eo ka lerato a ileng a hlokomela mohlape nakong ea merusu ea bolumeli Ambon, e leng karolo ea Lihlekehleke Tsa Maluku.

KA LA 19 January 1999, lehloeo le neng le ntse le ata pakeng tsa Mamosleme le Bakreste le ile la etsa hore ho be le ntoa, lik’hilomithara tse ka bang tharo ho tloha moo ke lulang teng. Boemo bo ne bo le bobe haholo. *

Ke ile ka etsa bonnete ba hore ba lelapa la ka ba sireletsehile eaba ke founela bahoeletsi ba bang ho utloa hore na le bona ba sireletsehile. Ke ile ka ba kōpa hore ba khobe matšoafo ’me ba qobe libaka tse kotsi. Hamorao, baholo ba ile ba ba etela ho ea ba matlafatsa tumelong le ho ba khothalletsa hore ba tšoare liboka ka lihlopha tse nyenyane.

Ofisi ea lekala e ile ea fana ka tataiso ea hore bahoeletsi bohle ba lulang libakeng tse kotsi ba tlohe, kahoo malapa a mangata a ile a tsebisoa taba ena. Mor’abo rōna e mong ea sa kang a mamela tataiso eo, o ile a bolaoa ke sehlopha se hlometseng. Empa batho bohle ba ileng ba mamela ba ile ba pholoha.

^ par. 7 Ntoa ena e nkileng lilemo tse fetang tse peli e ile ea namela Maluku eohle ’me batho ba mashome a likete ba baleha mahaeng a bona.