Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mekete ea manyalo e ne e sebelisetsoa ho tšoara likopano

INDONESIA

Ha Baa ka ba Tlohela ho Bokana Hammoho

Ha Baa ka ba Tlohela ho Bokana Hammoho

Nakong ea ha mosebetsi o ntse o thibetsoe, Lipaki tse ngata li ile tsa tsoela pele ho tšoara liboka malapeng a barab’abo rōna. Empa e le hore li qobe ho ipitsetsa mahlo, li ne li sa bine lipina tsa ’Muso ha li le libokeng. Ka linako tse ling ba boholong ba ne ba itšohlometsa liboka li ntse li tsoela pele, empa barab’abo rōna ba ne ba sa lumelle hore seo se ba sitise.

Ha ho e-na le mokete oa lenyalo kapa oa lelapa, barab’abo rōna ba ne ba sebelisa monyetla oo ho tšoara likopano tse khōlō. Tagor Hutasoit o re: “Baratani ba ne ba ngolisa lenyalo la bona, ebe mapolesa a ba fa tumello ea hore ba etse mokete o moholo oa lenyalo. Joale banyalani le baetsana ba ne ba lula sethaleng ha barab’abo rōna ba fana ka lipuo tsa Bibele.”

Kopanong e ’ngoe, lepolesa le ile la bitsetsa Tagor ka thōko.

La re ho eena: “Manyalo a mangata a nka lihora tse peli kapa tse tharo. Joale ke hobane’ng ha a lōna a nka letsatsi lohle?”

Tagor o ile a re: “Banyalani ba bang ba na le mathata a mangata, joale ba hloka ho thusoa ka Lentsoe la Molimo.

Lepolesa leo le ile la re: “Ke taba e utloahalang eo.”

Ka 1983, barab’abo rōna ba ile ba sebelisa manyalo a ’maloa hore ba tšoare Kopano ea Setereke ea “Bonngoe ba ’Muso,” lebaleng le leholo la lipapali la Jakarta. Batho ba ka bang 4 000 ba ile ba ba teng kopanong eo, ’me ba 125 ba kolobetsoa ka lekunutu, pele mananeo a qala. Hamorao, ha thibelo e se e se matla haholo, barab’abo rōna ba ile ba tšoara likopano tse khōlō le ho feta, ho akarelletsa le eo ho eona ho ileng ha e-ba le batho ba fetang 15 000.

Ofisi ea Lekala e Ile ea Hahoa Nakong ea Thibelo

Lilemong tsa bo-1980 le bo-1990, ofisi ea lekala e ile ea kōpa ’muso ka makhetlo hore o ngolise Lipaki Tsa Jehova ka molao. Barab’abo rōna ba linaheng tse ling le bona ba ile ba ngolla ’muso oa Indonesia le baemeli ba ’ona, ba botsa hore na ke hobane’ng ha Lipaki li sa ngolisoe ka molao Indonesia. Baeta-pele ba bangata ba ne ba batla hore Lipaki li ngolisoe ka molao, empa Mokhatlo o Laolang Likereke o ne o sa lumellane le seo.

Ka 1990, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho haha ofisi ea lekala sebakeng se patehileng. Hona selemong seo, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho rekoe setša haufi le toropo e nyenyane ea Bogor, e bohōle ba lik’hilomithara tse 40 ka boroa ho Jakarta. Empa ke barab’abo rōna ba seng bakae feela ba neng ba tseba ho haha, Indonesia. Joale, ofisi ea lekala e ne e tla hahoa joang?

Barab’abo rōna ba linaheng tse ling ba ile ba ithaopela ho thusa. Ofisi ea Kaho ea Brooklyn le Ofisi ea Boenjiniere ea Lebatooa ea Australia li ile tsa toroea lipolane tsa mohaho. Barab’abo rōna ba 100 ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba thusa mosebetsing oo o ileng oa phethoa ka lilemo tse peli.

Hosea Mansur, e leng mor’abo rōna oa Moindonesia ea sebetsang le basebeletsi ba fapa-fapaneng ba ’muso, o re: “Ha mosebeletsi e mong oa ’muso oa Momosleme a bona litlhaku tse qalang tsa mabitso a ka, e leng H.M., lekarapeng la ka, o ile a nahana hore H e emela ‘Hājjī,’ e leng tlotla e fuoang Mamosleme a eang Mecca, e leng sebaka seo Mamosleme a se nkang se halalela. Kahoo, ba ile ba ntlhompha, ’me seo sa etsa hore ho be bonolo ho hlophisa mosebetsi.”

Ofisi ena ea lekala e hahiloe nakong ea thibelo

Ka la 19 July, 1996, ofisi ea lekala e ile ea neheloa. Mor’abo rōna John Barr oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo. Batho ba 285 ba neng ba tlile, ba ne ba akarelletsa ba 118 ba tsoang makaleng a mang, baromuoa ba mehleng ba tsoang linaheng tse ling hammoho le litho tse 59 tsa lelapa la Bethele ea Indonesia. Ka mor’a matsatsi a mabeli ofisi ea lekala e nehetsoe, batho ba 8 793 ba ile ba ba teng Kopanong ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo,” e neng e tšoaretsoe Jakarta.

Jehova o Thusa Bahlanka ba Hae

Ka 1998, Soeharto (Suharto), eo e ’nileng ea e-ba Mopresidente oa Indonesia ka nako e telele o ile a itokolla mosebetsing, ’me seo sa etsa hore ho be le puso e ncha. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ka thata hore Lipaki Tsa Jehova li ngolisoe ka molao.

Ha Letona la Litaba Tsa ka Ntle ho Naha la Indonesia, e leng Monghali Djohan Effendi a etetse New York ka 2001, o ile a ea ho ea bona Bethele ea Brooklyn ’me a kopana le litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang. O ile a khahloa ke seo a se boneng, ’me a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li na le botumo bo botle lefatšeng lohle. Monghali Effendi o ne a batla hore Lipaki Tsa Jehova li ngolisoe ka molao, empa a bolela hore qeto e lokela ho etsoa ke moeletsi oa ’muso oa Indonesia, e leng Monghali Marzuki Darusman.

Moeletsi eo oa ’muso le eena o ne a batla hore Lipaki Tsa Jehova li ngolisoe ka molao, empa basebetsi-’moho le eena ba ne ba lula ba chechisa taba eo moo ba tšepileng hore haufinyane ho tla kena motho e mong sebakeng sa hae. Qetellong, ka la 1 June, 2001, mor’abo rōna Tagor Hutasoit o ile a laeloa hore a tle ofising ea moeletsi oa ’muso. Mor’abo rōna Tagor o re: “Lilemong tse 25 tse fetileng, ke ile ka fuoa tokomane e reng mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoe hona ofising eo. Empa lekhetlong lena, moeletsi oa ’muso o ile a mpha tokomane e reng mosebetsi oa Lipaki o lumeletsoe ka molao, letsatsing la hae la ho qetela mosebetsing.”

Ka la 22 March, 2002, Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli le ile la ngolisa mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova oa Indonesia ka molao. Mookameli oa lefapha leo o ile a re ho barab’abo rōna ba tsoang lekaleng: “Hase rōna ba le thusitseng hore bolumeli ba lōna bo ngolisoe ka molao, empa le thusitsoe ke Molimo. Tokomane ena e bontša hore le lōna le na le litokelo tse tšoanang le tsa malumeli a mang, ’me ’muso o tla le thusa ka lintho tseo le li hlokang.”