Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

“Re Rata Khaso ea JW Haholo”

“Re Rata Khaso ea JW Haholo”

KHASO EA JW e hasoang Inthaneteng e ile ea qala ho bapaloa ka la 6 October, 2014. * Ho tloha ka August 2015, mananeo a eona a ’nile a fetoleloa ka lipuo tse fetang 70 e le hore bara le barali babo rōna ba rue molemo ho ’ona. Bashebelli ba Khaso ena ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa lefatše ba ile ba ntša maikutlo a bona ka tokisetso ena e ncha. Empa ho ne ho hlokahala eng e le hore Khaso ea JW e sebetse?

Ho ne ho hlokahala sebaka se loketseng. Ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, e ile ea khetha sebaka se loketseng mohahong o 30 Columbia Heights. Ka beke feela, sebaka seo se ile sa hloekisoa, Lefapha la Tlhokomelo ea Mehaho la qala ho se lokisa ’me barab’abo rōna ba meralo ba etsa studio sa khaso se setle sa sejoale-joale. Bara le barali babo rōna ba bangata ba tsoang libakeng tse haufi le United States ba ne ba sebetsa lihora tse ngata ba toroea lipolane tsa studio ba bile ba hlophisa mosebetsi e le hore ba tle ba sebetse ka potlako. Lipatlisiso tseo hangata li nkang likhoeli, li ile tsa etsoa ka matsatsi a seng makae feela ’me ka potlako Lefapha la ho Reka la batla thepa e hlokahalang.

Barab’abo rōna ba ile ba kenya lithapo tse ngata ’me ba etsa bonnete ba hore lintho tsohle li sebetsa hantle. Ka nako eo, studiong se Patterson, bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ngata ba ne ba ntse ba rekota ’mino o tla bapaloa ha mananeo a khaso a ntse a tsoela pele. Barab’abo rōna ba Brooklyn, Patterson, Wallkill hammoho le ba linaheng tse ling ba ile ba sebetsa ka thata ho rekota livideo tse neng li tla hasoa. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba qete ho haha studio, ba ile ba qala ho hlophisa mananeo a neng a tla hasoa likhoeling tse ’maloa tse qalang.

Studio sa Khaso ea JW se Brooklyn, New York

Ha re botsa setsebi se seng hore na ho ka nka nako e kae ha haha studio sa mofuta oo, se ile sa re mohlomong ho ka nka selemo le likhoeli tse tšeletseng. Leha ho le joalo, kaha bara le barali babo rōna ba ne ba sebetsa ka thata, ba ile ba se qeta ka likhoeli tse peli feela!

Khaso ea JW e atlehile haholo. Mantaha o qalang oa khoeli ka ’ngoe ho kenngoa lenaneo le lecha Inthaneteng, ’me le shebelloa ka makhetlo a fetang limilione tse peli khoeling eo. Batho ba shebella mananeo a mang le livideo ka makhetlo a fetang limilione tse leshome ka khoeli.

“Khaso ena e entse hore ke ikutloe ke atamelane le mokhatlo oa Jehova le Sehlopha se Busang. Kea tseba hore ke setho sa lelapa le nang le lerato.”—Kenya

Batho ba Jehova ba ikutloa joang ka Khaso ee ea JW? Ba bang ba ile ba bua tjena ho bontša kananelo:

  • “Lena e bile letsatsi le monate ka ho fetisisa bophelong ba ka! ’Na le molekane oa ka re ile ra shebella lenaneo la May 2015 la Khaso ea JW, ’me ke thabile haholo! Ena ke e ’ngoe ea limpho tse molemo ka ho fetisisa tseo Jehova a re fileng tsona. Re leboha Sehlopha se Busang le bara le barali babo rōna ba ileng ba sebetsa ka thata hore re fumane lenaneo lena le babatsehang.”—Indonesia.

  • “Ho na le barab’abo rōna ba bangata ba neng ba qala ho utloa ha setho sa Sehlopha se Busang se fana ka puo. Hona joale, ha re ba utloe feela empa rea ba bona. Hona joale re ikutloa re atamelane le Sehlopha se Busang hammoho le barab’abo rōna lefatšeng lohle.”—Kenya.

  • “Kaha monna oa ka hase Paki, ho thata hore ke tšoare borapeli ba lelapa le bana ba ka ba babeli. Kahoo, mananeo ana a nthusitse haholo. A etsa hore ke ikutloe ke le karolo ea mokhatlo ’me aa re khothatsa. Ruri ena ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova!”—Brithani.

  • “Re rata Khaso ea JW haholo! Jehova o ile a araba lithapelo tsa rōna ha mananeo ana a e-ba teng ka lipuo tse ling. Re matlafatsoa haholo ke ho bona barab’abo rōna ba thabile ba bile ba le mosa ha ba ntse ba sebeletsa Jehova. Ka mor’a hore ho be le Khaso ena, re ikutloa re le haufi le mokhatlo oa Jehova ho feta leha e le neng pele.”—Czech Republic.

  • “Ho mamela litho tsa Sehlopha se Busang ka puo ea ka ho entse hore ke atamele ho Jehova haholoanyane.”—Brazil.

  • “Ke se ke sebelelitse Jehova ka lilemo tse 16, empa tsela eo ke thabileng ka eona kajeno, e tšoana le ea mohla ke neng ke kolobetsoa. Rea leboha barab’abo rōna ka Khaso ea JW.”—Brazil.

Re kholisehile hore ka thuso ea Jehova, Khaso ea JW e tla lula e matlafatsa bara le barali babo rōna lefatšeng ka bophara, le ho etsa hore thoriso le tlotla li isoe ho Jehova.

^ par. 3 U ka shebella Khaso ea JW ka hore u kene ho tv.pr418.com.