Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Leseli le Ntse le Khanya le ho Feta

Leseli le Ntse le Khanya le ho Feta

KAHA barapeli ba ’nete ba lumela hore Jehova ke Mohloli oa ’nete, ba rapella hore ‘leseli le ’nete’ ea Molimo le ba tataise. (Pes. 43:3) Le hoja lefatše le le lefifing litabeng tsa bolumeli, Molimo o ntse a khantšetsa batho ba hae leseli. Kahoo, tsela ea bona “e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng.” (Liprov. 4:18) Jehova o ntse a khantša leseli ka ho eketsehileng mokhatlong oa hae, lithutong tsa Bibele le tseleng eo batho ba hae ba lokelang ho itšoara ka eona. Ke lithuto life tse ileng tsa hlakisoa morao tjee?