Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Russia: Ba bolela litaba tse molemo Moscow

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Tlaleho ea Litaba Tsa Molao

Tlaleho ea Litaba Tsa Molao

Ho Ngolisoa ka Molao

Lipaki Tsa Jehova li ka tsoela pele ho sebeletsa Molimo leha li sa ngolisoa ka molao. Leha ho le joalo, ha li ngolisitsoe ka molao li khona ho reka litša tseo li tla haha libaka tsa borapeli ho tsona le ho fumana lingoliloeng tsa tsona ho tsoa linaheng tse ling.

  • Ka 2004, makhotla a Russia a ile a felisa mokhatlo o neng o sebelisoa ke Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba Moscow ba ile ba hlorisoa. Ba ile ba hlekefetsoa ke mapolesa, ba bang ba hlaseloa ke batho nakong eo ba ntseng ba bolela litaba tse molemo, ho feta moo, beng ba mehaho eo ba e hirileng hore ba tšoarele liboka ho eona ba ile ba ba koenehela, eaba barab’abo rōna ba hloka moo ba ka tšoarelang liboka teng. Ka 2010, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le ile la liha kahlolo e reng Russia e hataketse litokelo tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow ’me la laela hore mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki o boele o ngolisoe. Re thabela ho le tsebisa hore ka la 27 May, 2015, Lefapha la Toka la Russia le ngolisitse mokhatlo o mocha o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow.

Lekhetho

Mekhatlo e mengata ea molao e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle ha e lefisoe lekhetho, joaloka mekhatlo e meng ea bolumeli le ea thekolohelo. Leha ho le joalo, linaha tse ling li batla ho re lefisa lekhetho.

  • Ba boholong Sweden, ba re Bethele ho etsoa mosebetsi oa khoebo ’me batho ba sebetsang moo ba hiriloe. ’Muso o ile oa hlahloba hore na Bethele le basebeletsi ba Bethele ba lokela ho lefa chelete e kae ea lekhetho. Lipaki Tsa Jehova tsa Sweden li ipelaelitse makhotleng a linyeoe a Sweden, hape li rometse le mangolo a tšeletseng a boipiletso Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho.

Lipaki li Hana ho ea Sesoleng

Bahlanka ba Jehova ba hlompha taelo ea Bibele e reng ba ‘tee lisabole tsa bona hore e be mehoma’ le hore ba se ke ba “hlola ba ithuta ntoa.” (Esa. 2:4) Ba hana ho ea sesoleng le hoja mebuso e meng e sa lokisetse hore ba etse mesebetsi e meng ea sechaba e sa amaneng le sesole.

  • Hona joale molao oa naha ea Korea Boroa ha o lumellane le taba ea hore batho ba bang ba se ke ba ea sesoleng ka lebaka la bolumeli ba bona. Lilemong tse 60 tse fetileng, Lipaki tse fetang 18 000 tsa banna li ’nile tsa koalla teronkong ka lebaka la ho hana ho ea sesoleng. Hoo e ka bang Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Korea Boroa e na le setho sa lelapa kapa motsoalle ea kileng a koalloa teronkong. Ka 2004 le ka 2011, Lekhotla la Molao oa Motheo la Korea Boroa le ile la re ho tšoaroa hoo ha Lipaki ho molaong. Leha ho le joalo, ka July 2015, Lekhotla le ile la sekaseka taba ena bocha. Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li rapella hore bothata bona bo seng bo nkile nako e telele bo rarolloe, e le hore barab’abo rōna ba Korea Boroa ba se ke ba hlola ba koalla teronkong ka lebaka la bolumeli ba bona.

  • E se e le lilemo tse 22 joale Lipaki Tsa Jehova tse tharo tsa Eritrea li koaletsoe teronkong ka lebaka la ho hana ho ea sesoleng. Paulos Eyassu, Negede Teklemariam le Isaac Mogos ha ba e-s’o ka ba qosoa kapa ba fuoa monyetla oa hore ba ikemele lekhotleng la molao. Bona hammoho le bara le barali babo rōna ba fetang 50, ba ntse ba tšepahala ho sa tsotelle ho hlekefetsoa le maemo a utloisang bohloko a teronkong. Re kholisehile hore Jehova ‘o utloa ho feheloa’ ha ba koaletsoeng literonkong ka lebaka la tumelo ea bona, le hore o tla ba thusa.—Pes. 79:11.

  • Ka August 2014, naheng ea Ukraine, Vitaliy Shalaiko o ile a laeloa hore a ngolisetse ho ea sesoleng nakong eo masole a neng a itokisetsa ho ea ntoeng. O ile a hana ho ea sesoleng ka lebaka la bolumeli ba hae, ’me a kōpa ho fuoa mosebetsi o mong o sa amaneng le sesole. Mochochisi o ile a qosa Mor’abo rōna Shalaiko ka hore o hana ho ea sesoleng, empa lekhotla leo a neng a qosoa ho lona hammoho le lekhotla la boipiletso a ile a re ha a na molato. Lekhotla la boipiletso le ile la re ho ameha ha ’Muso ka tšireletseho hase lebaka le ka etsang hore ho hatelloe litokelo tsa batho ’me “batho ba hanang ho ea sesoleng ka lebaka la bolumeli ha baa lokela ho qobelloa.” Mochochisi o ile a ipiletsa hape. Ka la 23 June, 2015, Lekhotla le Phahameng le Sebetsanang le Linyeoe Tse Khethehileng la Ukraine le ile la lumellana le qeto e entsoeng ke makhotla a tlaase. Lekhotla leo le ile la boela la tiisa hore motho ea hanang ho ea sesoleng a ka fuoa mosebetsi o sa amaneng le sesole, esita le haeba masole a hlokahala ka potlako.

Ukraine: Vitaliy Shalaiko o bolela litaba tse molemo

Ha Mor’abo rōna Shalaiko a bua ka litaba tse thabisang tsa nyeoe eo, o re: “Ke ile ka matlafatsoa ke mantsoe a Jeremia 1:19. Ke ne ke itokiselitse ho amohela qeto efe kapa efe. Ntho ea bohlokoa ho ’na e ne e le ho tšepahala ho Jehova. Ke kholisehile hore a ke ke a ntahla, empa o tla mpha matla a hore ke lule ke tšepahala. Leha ho le joalo, ke ile ka makatsoa ke qeto eo lekhotla le ileng la e etsa. Ke ile ka fumanoa ke se na molato makhotleng a mararo. Barab’abo rōna ba ile ba ntšehetsa nakong ea nyeoe eo. Ha ho mohla nkileng ka ikutloa eka ke lahliloe kherehloa.”

Ho se Kenelle Meketeng ea Bochaba

Bakreste ba boetse ba tobana le bothata nakong eo ho nang le mekete ea bochaba. Bacha ba bang ba hatelloa hore ba se ke ba tšepahala ho Jehova ha matichere a ba qobella ho bina pina ea sechaba kapa ho hlompha folakha.

  • Seterekeng sa Karongi, Rwanda, ba boholong sekolong se seng ba ile ba qosa baithuti ba ’maloa ba Lipaki ka hore ha ba hlomphe pina ea sechaba hobane ba hana ho e bina. Baithuti bao ba ile ba lelekoa sekolong ba ba ba koalloa teronkong. Ka la 28 November, 2014, Lekhotla la Boipiletso la Karongi le ile la hlakola qoso eo, ’me la bolela hore baithuti bao ha ba hlompholle pina ea sechaba ha ba sa e bine. Linaheng tse ling tsa Afrika, tse kang Cameroon, Democratic Republic of Congo, Equatorial Guinea le Malawi, bacha ba Lipaki ba ’nile ba e-ba le bothata bo tšoanang ’me ba bang ba lelekoa likolong. Barab’abo rōna ba linaheng tseo ba etsa boiteko ba ho tsebisa ba boholong ’musong le likolong hore Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle linthong tse ling tse itseng.

  • Honduras: Mirna Paz le Bessy Serrano ba ile ba qetella ba fuoe mangolo a bona a diploma

    Ka December 2013, sekolo se seng se Lepaera, Honduras, se ile sa hana ho fa baithuti ba babeli ba Lipaki mangolo a bona a diploma hobane ba hanne ho bina pina ea sechaba le ho hlompha folakha. E le ho rarolla bothata boo, maqoetha a mabeli a Lipaki Tsa Jehova a ile a buisana le moemeli oa Lefapha la Thuto ’me a mo tsebisa ka linyeoe tsa linaha tse ling tseo baithuti ba Lipaki ba ileng ba li hlōla. Moemeli eo o ne a le mosa ’me o ile a lumela hore baithuti le batsoali ba ngolle mookameli oa litaba tsa molao oa Lefapha la Thuto la Honduras, ba hlalose litaba tsohle. Ka mor’a hore a hlahlobe taba ea bona, o ile a fana ka taelo ka la 29 July, 2014, e reng, “batho bohle sechabeng ba lokela ho fumana thuto ’me ha baa lokela ho tšoaroa ka leeme ka tsela leha e le efe,” a ba a laela hore baithuti ba Lipaki ba neng ba hanetsoe ka mangolo a diploma ba a fuoe.

’Muso o Tšoara Lipaki ka Leeme

Re le Lipaki Tsa Jehova re mamela taelo ea Jesu ea hore re bolelle baahisani ba rōna litaba tse molemo tsa ’Muso, re rapele Molimo hammoho ’me re ithute Lentsoe la hae kamehla. Re boetse re hlompha taelo ea Bibele ea hore re rute bana ba rōna melao ea Jehova ka ho pheta-pheta le hore re “ile . . . mali.” (Lik. 15:20; Deut. 6:5-7) Empa ka linako tse ling ho mamela litaelo tsena ho etsa hore re hohlane le ba boholong pusong.

  • Moahloli e mong oa Florida, U.S.A., o ile a fa ’mè e mong eo e seng Paki tokelo ea hore e be eena ea rutang bana ba hae ba bararo litaba tsa bolumeli. Ntate oa bona oa Paki, o ile a laeloa hore a se ke a ruta bana bao thuto leha e le efe e khahlanong le seo Mak’hatholike a se lumelang. Ntate eo o ile a ipelaetsa ka qeto eo ea lekhotla, eaba ka la 18 August, 2014, lekhotla la boipiletso le hlakola thibelo eo. Lekhotla le ile la fihlela qeto le ipapisitse le linyeoe tse ’nileng tsa sebetsoa nakong e fetileng, la re: “Batsoali ka bobeli ba na le tokelo ea ho ruta bana ba bona lithuto tsa bolumeli hafeela li se kotsi ho bana.”

    Qeto eo e buletse bana monyetla oa hore ba ithute ka Jehova Molimo ba sa sitisoe ke letho. Kaofela ha bona ba tsoela pele hantle kaha ba khona ho ea libokeng. Ntate oa bona o re: “Ho mamella bothata bona ho entse hore ke be le tumelo e matla. Morao tjena ke ’nile ka tobana le liteko, empa Jehova o nthusitse hore ke li mamelle! Kea tseba hore ha re khetha ho sebeletsa Jehova re tla hlorisoa.”

  • Namibia: Efigenia Semente le bana ba hae ba bararo

    Morali’abo rōna Efigenia Semente, e leng ’mè oa bana ba bararo ea lulang Namibia, o ile a tobana le teko e matla. Ha a le sepetlele a il’o pepa ngoana oa hae oa boraro, o ile a kula ’me lingaka le beng ka eena bao e seng Lipaki ba ile ba mo batlela lengolo la lekhotla le mo qobellang hore a tšeloe mali. Morali’abo rōna Semente o ile a loana ka thata hore a se ke a tšeloa mali, ’me a nka bohato ba molao e le hore a sireletse tokelo ea hae ea ho ikhethela mokhoa oa phekolo. Ka la 24 June 2015, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Namibia le ile la emela Morali’abo rōna Semente, la re “motho o na le tokelo e feletseng ea ho ikhethela hore na o batla phekolo ea mofuta ofe, ho sa tsotellehe hore na ke motsoali kapa che.” Morali’abo rōna Semente o re: “Re ile ra hlokomela matla a Jehova ho feta leha e le neng pele. Ho monate ho ba karolo ea mokhatlo oa hae. Ka sebele Jehova oa re tsotella.”

  • Lipaki tsa Switzerland li thabela ho paka phatlalatsa litoropong tse khōlō. Leha ho le joalo, toropo ea Geneva e ile ea fana ka taelo e thibelang “ho sebelisoa ha litoroli kapa litafole ho phatlalatsa litaba tsa bolumeli libakeng tsa sechaba.” Lipaki li ile tsa ipelaetsa lekhotleng, tsa bolela hore ho thibeloa hore li sebelise litoroli kapa litafole ha li bolela litaba tse molemo, “ho sitisa bolokolohi ba tsona ba bolumeli.” Lekhotla le ile la lumellana le Lipaki, ’me ba boholong ba li thusa hore li fumane sebaka se loketseng sa ho beha litoroli le ho khetha nako eo li ka sebetsang ka eona.

  • Ba boholong pusong, Azerbaijan, ba tiisitse letsoho ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Ba Lefapha la Tšireletseho ba lula ba bitsa Lipaki ho tla li hloma lipotso. Ba boetse ba secha matlo a Lipaki e le hore ba batle lingoliloeng tse sa lumelloang ho kena naheng eo. Batho ba bangata ba ile ba makala ha basebeletsi ba Lefapha la Tšireletseho ba tšoara Lipaki tse peli, e leng, Irina Zakharchenko le Valida Jabrayilova ka February 2015, hobane feela ba ruta baahelani ba bona Bibele. Le hoja re utloisoa bohloko ke tsela eo barab’abo rōna ba Azerbaijan ba tšoaroeng ka eona, re thabisoa ke hore ba ntse ba cheseha ’me ba bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ ka sebete.—Mat. 24:14.

  • ’Muso oa Russia o lula o sitisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Ho tla fihlela joale, lingoliloeng tse 80 tsa Lipaki Tsa Jehova li thibetsoe hobane ho thoe li fetelletsa lintho. Sena se bolela hore ho tsamaisa kapa ho ba le lingoliloeng tseo, tse akarelletsang Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele ke tlōlo ea molao. Ho feta moo, ka December 2014, Lekhotla le ka Holimo-limo la ’Muso oa Russia le ile la re websaete ea rōna ea jw.org, le eona e fetelletsa lintho. Lik’hamphani tsa Inthanete tsa Russia li entse hore batho ba se ke ba khona ho kena websaeteng ea jw.org, ebile ho e phatlalatsa ho nkoa e le tlōlo ea molao. Ka March 2015, basebeletsi ba malibohong ba ile ba qala ho hanela lingoliloeng tsa Lipaki hore li kene Russia, ho akarelletsa le Libibele le lingoliloeng tseo makhotla a neng a itse ha li fetelletse lintho.

Nyeoe e ntse e tsoela pele motseng oa Taganrog, moo ba boholong ba qosang bahoeletsi ba 16 ka hore ba hlophisitse liboka le ho ba teng ho tsona. Motseng oa Samara teng, ba boholong ba fumane tumello ea lekhotla ea hore ba felise mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki kaha ba re o fetelletsa lintho. Ho sa tsotellehe mathata ana a mangata, bara le barali babo rōna ba Russia ba ikemiselitse ‘ho fa Molimo lintho tsa Molimo,’ le ho se nyahamisoe ke mathata ao.—Mat. 22:21.