Fetela boitsebisong

Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona

Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona

Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona

JOALOKAHA HO BOLETSE EILEEN BRUMBAUGH

KE HOLETSE lelapeng le neng le le bolumeling ba Old Order German Baptist Brethren, bo batlang bo tšoana le bolumeli ba Amish le ba ba Mamennone. Mokhatlo oa The Brethren o qalile Germany ka 1708 ’me morero oa oona e ne e le ho tsosolosa borapeli. Ho tsosolosoa hona ha borapeli ho tsejoa e le Pietism. The Encyclopedia of Religion e re Pietism e ne e khetholloa ka “boikutlo ba hore batho ba hloka kosepele ea Kreste.” Boikutlo boo bo ile ba etsa hore mokhatlo ona o be le matšolo a atlehang a ho ruta linaheng tse fapa-fapaneng.

Ka 1719 sehlopha se senyenyane se neng se etelloa pele ke Alexander Mack se ile sa ea sebakeng seo hona joale se tsejoang e le Pennsylvania se United States. Ha nako e ntse e e-ea, sehlopha sena se ile sa tsoala tse ling ’me hamorao li ile tsa arohana. Sehlopha se seng le se seng se ne se utloisisa lithuto tsa Alexander Mack ka tsela e fapaneng. Kereke ea rona e ne e e-na le litho tse 50. Ho ne ho nkoa e le habohlokoa ho bala Bibele le ho mamela liqeto tsohle tse entsoeng ke kereke.

Meloko e meraro ea lelapa leso haesale e le bolumeling bona. Le ’na ke ile ka ba karolo ea kereke eo ’me ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 13. Ha ke ntse ke hola ke ile ka rutoa hore ho fosahetse ho sebelisa kapa ho ba le koloi, terekere, founo, radio kapa ntho leha e le efe e sebetsang ka motlakase. Bo-’mè ba ne ba sa apare lintho tse nang le mekhabiso hape ba ne ba sa ikute moriri ebile ba lula ba roetse hloohong. Bo-ntate ba ne ba holisa litelu. Ho ea ka tsela eo re neng re nahana ka eona, ho se be karolo ea lefatše ho ne ho akarelletsa ho se apare liaparo tsa sejoale-joale, ho se sebelise makeup kapa mekhabiso, e leng lintho tseo re neng re nahana hore li etsoa ke baetsalibe ba ikhohomosang.

Re ne re rutoa hore re hlomphe Bibele haholo kaha e ne e nkoa e le lijo tsa moea. Hoseng ho hong le ho hong pele re ja lijo tsa hoseng re ne re lula hammoho ’me re mamela ha Ntate a re balla khaolo e itseng ka Bibeleng ebe ka mor’a moo rea bua hore na re ithutile’ng. Ha re qeta, kaofela ha rona re ne re khumama ebe Ntate oa rapela. Ka mor’a moo, ’Mè o ne a etsa Thapelo ea Morena. Kamehla ke ne ke labalabela ho ba teng borapeling ba hoseng hobane lelapa kaofela le ne le kopana ’me re ithuta ka Molimo.

Re ne re lula polasing e pel’a toropo ea Delphi e Indiana ’me re ne re lema mefuta e fapaneng ea lijalo. Re ne re ea toropong ka kariki ’me re rekisa meroho seterateng kapa ka ntlo le ntlo. Re ne re nahana hore ho sebetsa ka thata e ne e le tsela e ’ngoe hape eo re sebeletsang Molimo ka eona. Kahoo re ne re lula re sebetsa ntle le ka Sontaha hobane ka letsatsi leo re ne re sa lokela ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ka linako tse ling lelapa leso le ne le sebetsa ka thata polasing ’me seo se ne se re sitisa ho tsepamisa likelello kamanong ea rona le Molimo.

Lenyalo le Lelapa

Ka 1963, ha ke le lilemo li 17, ke ile ka nyalana le James, e leng e mong oa setho sa kereke ea Old Brethren. Lelapa la habo e ne e se e ntse e le karolo ea Old Brethren ho tloha khale. Bobeli ba rona re ne re hlile re batla ho sebeletsa Molimo ’me re ne re lumela hore kereke ea rona ke eona feela ea ’nete.

Ka 1975 re ne re se re e-na le bana ba tšeletseng ’me ka 1983 ngoana oa rona oa ho fela e leng oa bosupa o ile a hlaha. Ngoana oa rona oa bobeli e leng Rebecca e ne e le eena feela ngoanana. Re ne re sebetsa ka thata, re sebelisa chelete e nyenyane ebile re phela bophelo bo bobebe. Re ne re leka ho ruta bana ba rona ho phela ka melao ea Bibele eo re ithutileng eona ho batsoali ba rona le batho ba bang ba kerekeng ea Old Brethren.

Batho ba kereke ea Old Brethren ba ne ba nka tsela eo motho a neng a shebahala ka eona e le ea bohlokoa. Re ne re nahana hore kaha ha re khone ho bona se ka pelong, tsela eo motho a aparang ka eona ea bontša hore na ke motho ea joang. Haeba motho a ne a lokisa moriri oa hae haholo, ho ne ho nkoa seo e le ho ikhohomosa. Haeba mokhabiso o seaparong sa motho o ne o le moholo, seo se ne se nkoa e le letšoao la boikhohomoso. Ka linako tse ling lintho tsena li ne li nkoa li le bohlokoa ho feta seo Bibele e se rutang.

Se Ileng sa Etsahala Teronkong

Ho elella lilemong tsa bo-1970, abuti oa monna oa ka e leng Jesse, eo le eena a holiselitsoeng lelapeng le kenang kereke ea Old Brethren o ile a isoa teronkong ka lebaka la ho hana ho kenela sesole. Ha a le moo o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova. Lipaki Tsa Jehova le tsona li lumela hore ho kenela sesole ha ho lumellane le Mangolo. (Esaia 2:4; Matheu 26:​52) Jesse o ne a thabela ho bua ka Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ebile o ne a khona ho bona ka boeena hore na ke batho ba joang. Ka mor’a hore a ithute Bibele le bona o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba Paki ea Jehova. Ntho eo ha ea ka ea re thabisa.

Jesse o ile a bolella monna oa ka lintho tseo a ithutileng tsona. O ile a boela a lokisetsa hore monna oa ka a fumane limakasine tsa Tsoha! le Molula-Qhooa. Ha monna oa ka a ntse a li bala o ile a thahasella Bibele le ho feta. Kaha o ne a batla ho sebeletsa Molimo empa hangata a utloa eka o hole le eena, o ne a thahasella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tla etsa hore a be haufi le eena.

Baholo ba kereke ea rona ba ne ba re khothalletsa ho bala limakasine tsa bolumeli tsa Amish, Mamennone le tsa litumelo tse ling tsa Old Brethren, le hoja re ne re nka malumeli ana e le karolo ea lefatše. Ntate oa ka eena o ne a hloile Lipaki. O ile a re le ka mohla re se ke ra bala Molula-Qhooa le Tsoha! Kahoo, ke ile ka tšoha ha ke bona monna oa ka a li bala. Ke ne ke tšaba hore o tla lumela lithuto tse fosahetseng.

Haesale monna oa ka a belaella lithuto tsa Old Brethren hobane a nka hore ha li lumellane le Bibele, haholo-holo thuto ea hore ke sebe ho etsa mosebetsi leha e le ofe ka Sontaha. Ka mohlala, ho ne ho rutoa hore motho a ka fa liphoofolo metsi ka Sontaha empa ha a lumelloa hore a fothole setlamatlama. Baholo ba ne ba sa khone ho mo fa lebaka le hlahang ka mangolong la sena. Butle-butle le ’na ke ile ka qala ho ba le lipelaelo ka lithuto tseo.

Ho ne ho le thata ho tlohella bolumeli ba Old Brethren hobane ho tloha khale re ne re lumela hore ke eona feela kereke ea Molimo ’me re ne re tseba hore na ho tla etsahala’ng haeba re e tlohela. Leha ho le joalo, matsoalo a rona a ne a se a sa re lumelle ho ba bolumeling boo lithuto tsa bona li neng li sa lumellane ka ho feletseng le seo Bibele e se rutang. Ka 1983 re ile ra ngola lengolo le neng le hlalosa mabaka a rona a ho tlohella bolumeli boo ’me ra kopa hore le baloe ka pel’a phutheho. Kahoo batho ba kereke ba ile ba khaotsa ho itsoakanya le rona.

Re Ile ra Batla Bolumeli ba ’Nete

Ka mor’a moo, re ile ra qala ho batlana le bolumeli ba ’nete. Re ne re batlana le bolumeli boo balateli ba teng ba neng ba etsa lintho tseo ba li rutang batho ba bang. Ntho ea pele eo re ileng ra e etsa ke ho ipolella hore re ke ke ra ba bolumeling leha e le bofe bo nkang karolo lintoeng. Re ne re ntse re batlana le bolumeli boo batho ba teng ba neng ba phela bophelo bo bobebe ebile ba sa apare liaparo tse nang le mekhabiso, hobane re ne re lumela hore bolumeli bo joalo ha se karolo ea lefatše. Ho tloha ka 1983 ho ea ho 1985, re ne re ntse re batlana le bolumeli ba ’nete ’me re ile ra ea bolumeling ba Mamennone, Quakers le malumeli a mang ao batho ba teng ba neng ba phela bophelo bo bobebe.

Hona nakong eo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa re etela polasing ea rona e pel’a toropo ea Camden e Indiana. Re ne re ba mamela ’me re ba kopa hore ba sebelise Bibele ea King James Version feela. Ke ne ke hlompha taba ea hore Lipaki li ne li le sebete ’me li hana ho ea ntoeng. Ho ne ho le thata hore ke ba mamele hobane ba ne ba sa bone bohlokoa ba hore motho a apare liaparo tse se nang mekhabiso. Ke ne ke nka bolumeli ba bona e le karolo ea lefatše, kahoo e ne e ke ke eaba ke ba ’nete. Ke ne ke utloa eka ho ikhohomosa ho etsa hore batho ba apare ka tsela e fapaneng le eo re aparang ka eona. Ke ne ke lumela hore lintho tseo motho a nang le tsona li ne li ka etsa hore a ikhohomose.

Monna oa ka o ile a qala ho ea Holong ea Lipaki Tsa Jehova le ba bang ba bara ba rona. Ntho eo e ile ea nkoatisa haholo. Monna oa ka o ile a nkopa hore ke tsamaee le eena empa ke ile ka hana. Ka letsatsi le leng o ile a re: “Le haeba u sa lumellane le lintho tseo ba li rutang, e-ea feela u il’o bona hore na ba tšoarana joang.” O ne a khahliloe ke tsela eo ba tšoaranang ka eona.

Qetellong ke ile ka etsa qeto ea hore ke tsamaee le eena, empa ka ipolella hore ke tla ba hlokolosi. Ke ile ka ea ke apere mose oa ka o se nang mekhabiso ’me ke roetse katiba. Bara ba rona ba bang ba ne ba sa roala lieta ’me le bona liaparo tsa bona li ne li se na mekhabiso. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tla ho rona ’me tsa re tšoara ka lerato. Ka pelong ke ile ka re, ‘re fapane le bona leha ho le joalo ba ntse ba re amohela.’

Ke ile ka khahloa ke lerato la bona, empa ke ne ke ntse ke ikemiselitse hore nke ke ka ba bolumeling ba bona. Ke ne ke sa eme ha ba bina ebile ke sa bine le bona. Ka mor’a seboka ke ile ka ba botsa lipotso tse ngata, ka ba botsa ka lintho tseo ke neng ke nahana hore ha ba li etse hantle le ka mangolo ao ke neng ke batla hore ba a hlalose. Le hoja ke ne ke sa bontše mosa ha ke ne ke bua le bona, motho e mong le e mong eo ke neng ke bua le eena o ne a bontša hore oa nthahasella. Ntho e ’ngoe e ileng ea nkhahla ke hore ke ne ke botsa batho ba fapaneng lipotso tse tšoanang, empa likarabo tsa bona li ne li lumellana. Ka linako tse ling ba ne ba ’ngolla karabo fatše e leng se neng se nthusa haholo hobane ke ne ke khona ho iketsetsa lipatlisiso ka eona hamorao.

Ka 1985, ’na le lelapa la ka re ile ra ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Memphis, Tennessee, e le hore feela re il’o bona. Monna oa ka o ne a ntse a le litelu ’me re ne re ntse re apere liaparo tsa rona tse se nang mekhabiso. Nakong ea khefu, batho ba bangata ba ne ba tla ba tl’o qoqa le rona. Re ne re khahliloe ke tsela eo ba neng ba re rata, ba re thahasella le ho re amohela ka eona. Re ne re boetse re khahliloe ke bonngoe boo ba neng ba e-na le bona hobane ho sa tsotellehe hore na re ne re ea libokeng hokae, ba ne ba ruta ntho e tšoanang.

Monna oa ka o ile a rata tsela eo Lipaki Tsa Jehova li neng li mo thahasella ka eona ’me o ile a lumela ho ithuta Bibele le bona. O ile a hlahloba ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane o ne a batla ho kholiseha hore seo a neng a ithuta sona ke ’nete. (Liketso 17:​11; 1 Bathesalonika 5:​21) Ha nako e ntse e e-ea, monna oa ka o ile a re o fumane ’nete. Leha ho le joalo, ’na ke ne ke ntse ke ferekane. Ke ne ke batla ho etsa se nepahetseng, empa ke ne ke sa batle ho phela ka tsela e neng e tla etsa hore ke balelloe har’a batho ba lefatše. Ka lekhetlo la pele ha ke ne ke lumela ho ba teng thutong ea Bibele, ke ne ke nkile Bibele ea King James Version le ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e le ho bapisa hore na li bua ntho e tšoanang.

Ntho e Ileng ea Nkholisa

Ha re ntse re ithuta le Lipaki Tsa Jehova re ile ra hlokomela hore Ntate oa rona ea leholimong ke eena feela Molimo ’me ha se Boraro bo Teroneng, re ile ra boela ra ithuta hore ha re na moea o sa shoeng. (Deuteronoma 6:4; 1 Bakorinthe 8:​5, 6) Re ile ra boela ra ithuta hore lihele ha se sebaka seo batho ba hlokofatsoang ho sona, empa ke lebitla le tloaelehileng. (Jobo 14:​13; Pesaleme ea 16:​10; Moeklesia 9:​5, 10; Liketso 2:​31) Ho ithuta ’nete ka lihele e ne e le ntho ea bohlokoa hobane kerekeng ea Old Brethren batho ba ne ba sa lumellane ka hore na lihele li bolela’ng.

Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke ipotsa hore na ehlile Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba ’nete hobane ke ne ke nka bolumeli ba bona e le karolo ea lefatše. Ke ne ke nahana hore ho bohlokoa hore re phele bophelo bo bobebe le hore re se ke ra apara liaparo tse nang le mekhabiso. Ka nako e tšoanang ke ne ke hlokomela hore ba phetha taelo ea Jesu ea ho bolella batho bohle litaba tse molemo. Ke ne ke ferekane haholo.​—Matheu 24:​14; 28:​19, 20.

Nakong ena e thata, lerato leo Lipaki Tsa Jehova li neng li mpontša lona le ile la nthusa hore ke tsoele pele ke etsa lipatlisiso. Phutheho eohle e ne e thahasella lelapa la rona. Litho tsa phutheho li ne li lula li re etela ’me ka linako tse ling ba ne ba ipehela lebaka la ho re etela ka hore ba tl’o reka lebese le mahe. Seo se ile sa etsa hore re bone hore ke batho ba hantle. Ba ne ba sa khaotse ho re etela hobane feela re ne re ithuta le Paki e itseng ea Jehova. Ho e-na le hoo, nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ba ne ba le haufi le moo re lulang teng ba ne ba tla. Re ne re hloka ho ba tseba haholoanyane ’me ona e ne e le monyetla oa hore re etse joalo, hape re ne re ananela hore baa re rata ebile baa re tsotella.

Lerato lena le ne le sa bontšoe feela ke Lipaki tse phuthehong e haufinyane le rona. Ha ke ntse ke tšoengoa ke taba ea moaparo, ’mè e mong oa Paki ea bitsoang Kay Briggs ea neng a kopanela phuthehong e haufi o ile a nketela. O ne a ikhethetse hore a se ke a apara liaparo tse nang le mokhabiso ebile o ne a sa sebelise makeup. Ke ne ke utloa ke phutholohile ha ke e-na le eena ebile ke khona ho qoqa ka bolokolohi. Ka letsatsi le leng Lewis Flora, eo le eena a holiselitsoeng bolumeling bo tšoanang le ba ka o ile a nketela. O ile a bona hore ke ferekane, kahoo o ile a ’ngolla lengolo le lelelele ’me a nthomella lona, o ne a leka ho nkhoba matšoafo. Mosa oa hae o ile oa nkama pelo ’me ke ile ka bala lengolo leo ka makhetlo a mangata.

Ke ile ka kopa Mor’abo Rona O’Del eo e neng e le molebeli oa potoloho hore a ntlhalosetse lengolo la Esaia 3:​18-​23 le 1 Petrose 3:​3, 4. Ke ile ka mo botsa ka re: “Na mangolo aa ha a bontše hore ho apara liaparo tse se nang mokhabiso ke habohlokoa e le hore motho a khahlise Molimo?” O ile a re: “Na ho na le ntho e mpe ka ho roala katiba? Na ho loha moriri ho fosahetse?” Kerekeng ea Old Brethren, re ne re loha meriri ea bana ba banyenyane ’me bo-’mè ba ne ba roala likatiba. Ke ile ka hlokomela hore ha re mamele lithuto tsa rona ka ho feletseng ’me ke ile ka khahloa ke mamello le mosa tseo molebeli oa potoloho a ileng a mpontša tsona.

Hanyane ka hanyane ke ile ka kholiseha hore ke fumane bolumeli ba ’nete, empa ho ne ho ntse ho e-na le ntho e ’ngoe e ntšoenyang, bo-’mè ba bang ba ne ba kuta meriri. Baholo ba ile ba ntlhalosetsa hore meriri ea bo-’mè ba bang ha e khone ho hola haholo ha ea ba bang eona e ba melelele haholo, empa seo ha se bolele hore moriri oa e mong o hantle ho feta oa e mong. Ba ile ba boela ba nthusa ho bona hore letsoalo la motho ke lona le ka mo thusang hore a khethe moaparo, eaba ba mpha lintho tseo nka ipallang tsona.

Re Ile ra Nka Qeto ka Lebaka la Seo re Ithutileng Sona

Re ne re batla bolumeli ba ’nete ’me re ile ra bo fumana. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.” (Johanne 13:​35) Re ne re kholisehile hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba lerato e le kannete. Leha ho le joalo, bana ba rona ba baholo e leng Nathan le Rebecca ba ne ba ntse ba ferekane hobane ba ne ba se ba amohetse lithuto tsa Old Brethren ebile ba se ba kolobelitsoe teng. Qetellong, ba ile ba rata ’nete ea Bibele eo re neng re ba bolella eona, hammoho le lerato leo Lipaki Tsa Jehova li neng li ba bontša lona.

Ka mohlala, haesale Rebecca a ntse a batla ho ba le setsoalle se haufi le Molimo. Ho ile ha ba bonolo hore a mo rapele ha a ne a ithuta hore Molimo ha a rera esale pele hore na motho o tla etsa eng kapa bokamoso ba hae bo tla ba joang. O ile a boela a khona ho ba haufi le Molimo le ho ananela taba ea hore Molimo ha se Boraro bo Teroneng empa ke motho oa sebele eo a ka khonang ho mo etsisa. (Baefese 5:1) Hape o ne a thabetse taba ea hore ha a bua le Molimo ha ho hlokahale hore a sebelise mantsoe a khale a ngotsoeng Bibeleng ea King James Version. O ile a boela a ithuta hore na Molimo o batla hore a mo rapele ka tsela e joang, le hore morero oa hae o ka sehloohong ke hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise ’me seo se ile sa etsa hore a ikutloe a le haufi haholo le eena.​—Pesaleme ea 37:​29; Tšenolo 21:​3, 4.

Mesebetsi eo Kaofela ha Rona re e Thabelang

’Na le monna oa ka James le bana ba rona ba bahlano e leng Nathan, Rebecca, George, Daniel le John, re ile ra kolobetsoa hore re be Lipaki Tsa Jehova kopanong ea 1987. Harley o ile a kolobetsoa ka 1989, ha Simon eena a ile a kolobetsoa ka 1994. Kaofela ha rona re ntse re etsa mosebetsi oo Jesu Kreste a ileng a laela balateli ba hae hore ba o etse e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Bara ba rona ba bahlano e leng Nathan, George, Daniel, John le Harley hammoho le morali oa rona Rebecca ba kile ba sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States. George o se a e-na le lilemo tse 14 a sebetsa lekaleng. Simon eena o qetile sekolo ka 2001 ’me o sa tsoa qala ho sebetsa lekaleng. Bara bohle ba rona ke baholo le bahlanka ba sebeletsang phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. Monna oa ka ke moholo phuthehong e toropong ea Thayer e Missouri ’me ’na ke phathahane ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo.

Hona joale re na le litloholo tse tharo e leng Jessica, Latisha le Caleb ’me re thaba haholo ha re bona batsoali ba bona ba ba ruta ho rata Jehova. Re thabile haholo hore Jehova o ile a re hulela ho eena ’me a re thusa hore re fumane batho ba hae ka hore re bone lerato leo ba nang le lona.

Re amehile ka batho ba hlileng ba batlang ho thabisa Molimo empa ba phela ka tsela eo ba holisitsoeng ka eona ho e-na le seo Bibele e se rutang. Re tšepa hore ba ka fumana thabo eo re nang le eona hona joale ea ho ea ka ntlo le ntlo re sa rekise moroho empa re bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo le lintho tse thabisang tseo o tla re etsetsa tsona. Ke utloa ke ameha maikutlo haholo ha ke nahana ka mamello le lerato leo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa re bontša lona.

[Litšoantšo]

Ha ke le lilemo li ka bang supa le ha ke se ke le moholo

[Setšoantšo]

James, George, Harley le Simon ba apere liaparo tse se nang mekhabiso

[Setšoantšo]

Senepe sena sa ha ke ne ke isa meroho ’marakeng se ile sa hlaha koranteng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Journal and Courier, Lafayette, Indiana

[Setšoantšo]