Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PUISANO | STEPHEN TAYLOR

Moprofesa oa Lithuto Tsa Khoebo o Hlalosa Tumelo ea Hae

Moprofesa oa Lithuto Tsa Khoebo o Hlalosa Tumelo ea Hae

Moprofesa Stephen Taylor o ruta le ho etsa lipatlisiso ka lithuto tsa khoebo Univesithing ea Theknoloji e Sydney, Australia. O ithuta ka mebaraka ea lichelete le kamoo e ka laoloang kateng. Tsoha! e ile ea mo botsa hore na lipatlisiso tseo a li etsang li ile tsa ama tumelo ea hae ho Molimo joang.

Re bolelle tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.

Batsoali ba ka ba ne ba kena kereke ’me ba ne ba tšepahala ebile ba sebetsa ka thata. Ba ile ba nkhothalletsa hore ke rutehe, kahoo ke ile ka ithutela khoebo Univesithing ea New South Wales. Ke ile ka hlokomela hore ke motho ea ratang ho etsa lipatlisiso ’me ke ile ka sebetsa univesithing.

U ile ua etsa lipatlisiso ka eng?

Ka ho khetheha, ke ne ke batla ho utloisisa hore na mebaraka ea liabo e sebetsa joang. Mebaraka e fa batho menyetla ea ho reka le ho rekisa liabo lik’hamphaning tseo hamorao li sebelisang chelete eo ho khanna likhoebo tsa tsona.

Na u ka fana ka mohlala?

Lik’hamphani li lokela ho fana ka tlaleho ea tsona ea lichelete nako le nako. Batseteli ba hlahloba litlaleho tsena ha ba leka ho bona hore na k’hamphani eo e eme joang licheleteng. Empa mekhoa e meng e sebelisoang bakeng sa ho tlaleha ha e tšoane. Batho ba bang ba ka ’na ba nka mokhoa ’ona e le monyetla oa hore lik’hamphani li pate hore na li etsa phaello e kae. Batseteli ba ka etsa’ng e le hore ba fumane boitsebiso bo nepahetseng le bo feletseng? Batho ba laolang mebaraka bona ba hloka boitsebiso bofe ho netefatsa hore mebaraka ea lichelete e tsamaisoa ka molao? Hona joale, ’na le basebetsi-’moho le ’na re ntse re leka ho fumana likarabo tsa lipotso tsena.

Na u hōtse u kena kereke?

Lapeng re ne re kena Kereke ea Presbitheri, empa ha ke le mocha, ke ile ka tlohela ho ea kerekeng. Ke ne ke lumela hore ho na le ’Mōpi ’me ke hlompha seo Bibele e se rutang empa ke ne ke sa lumele hore bolumeli bo ka rarolla mathata a bophelo. Ho ’na likereke li ne li tšoana le libaka tsa ho intša bolutu. Ha ke le Europe, ke ile ka ea likerekeng tse ’maloa tse khōlō ’me ke ne ke ipotsa hore na ho tla joang li be le chelete e ngata hakaale empa lefatše le le bofumeng. Ho ile ha e-ba thata ho utloisisa sena ’me ke ile ka belaela bolumeli haholo.

Ke eng e ileng ea etsa hore u fetole maikutlo?

Mosali oa ka Jennifer, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ho ea libokeng tsa tsona, kahoo ke ile ka ea le eena e le hore ke il’o inoesa ka nkho. Ke ile ka hlokomela hore ha ke tsebe letho ka Bibele ’me seo se ile sa ntšosa haholo! Eaba ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki.

Ke ile ka khahloa ke mokhoa oo Lipaki li ithutang ka oona. Li ne li botsa lipotso, li batla boitsebiso le ho bo hlahloba, ebe li fihlela qeto, e leng seo ke se etsang ha ke etsa lipatlisiso univesithing. Ka 1999, lilemo tse ’maloa ka mor’a hore Jennifer a kolobetsoe, le ’na ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Na tsebo ea hao litabeng tsa moruo e entse hore u tšepe Bibele le ho feta?

E, ho joalo. Ka mohlala, Molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele o ne o rarolla mathata a moruo, a ntseng a qakile litsebi tsa moruo le kajeno. Molao oo o ne o laela hore ha Baiseraele ba kotula, ba siele mafutsana ho hong (e leng ho lefa lekhetho kapa inshorense), ba alime ba hlokang chelete ntle ho phaello (e leng ho fumana mekitlane) ’me ba ne ba lokela ho khutlisetsa litša ho beng ba tsona ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse 50 (e leng ho sireletsa litokelo tsa ho ba le bolulo). (Levitike 19:9, 10; 25:10, 35-37; Deuteronoma 24:19-21) Melao ena le e meng e ne e thusa batho ka litsela tsa bohlokoa tse tharo: E ne e (1) ba sireletsa ha ba e-na le mathata a lichelete, (2) e ba thusa hore ba tsoe bofumeng ’me (3) e fokotsa ho se leka-lekane moruong—melao ena e bile teng lilemo tse 3 000 pele ho ka ba le thuto ea litaba tsa moruo!

Bibele e boetse e khothalletsa batho hore ba itšoare ka tsela e tla etsa hore ba se ke ba e-ba le mathata a lichelete. Ka mohlala, e ruta batho hore ba tšepahale, ba be le kutloelo-bohloko ’me ba be seatla se bulehileng. (Deuteronoma 15:7-11; 25:15; Pesaleme ea 15) Se thahasellisang ke hore ka mor’a hore ho be le mathata a moruo a ileng a aparela lefatše lohle, mekhatlo le likolo tse ling tsa khoebo, li ile tsa qala ho khothalletsa bo-rakhoebo ho itlama hore ba tla latela melao ea khoebo ka botšepehi. Ho ea ka ’na, melao ea boitšoaro ea Bibele e feta hōle melao eo ea khoebo.

Tumelo ea hao e u amme joang?

Ho ithuta Bibele e bile “letsete” le molemo ka ho fetisisa leo nkileng ka le etsa

Jennifer o re ke se ke le motho ea nahanelang! Ke ne ke le motho ea batlang ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng ’me ke ne ke sa tenyetsehe. Mohlomong ke eona ntho e neng e etsa hore ke ipabole mosebetsing oa ka. Ka sebele ho phela ka melao ea Bibele ho nthusitse hore ke be motho ea tenyetsehang. Hona joale, ’na le lelapa la ka re thabile haholoanyane. Re boetse re thabela ho ithuta le ba bang ka likeletso tse bohlale tseo re li fumanang ka Bibeleng. Ho ithuta Bibele e bile “letsete” le molemo ka ho fetisisa leo nkileng ka le etsa.