Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Costa Rica

Ho Etela Costa Rica

MASEPANISHE a ile a qala ho etela sebaka sena lilemong tse makholo a mahlano tse fetileng. A ile a se reha Costa Rica (Rich Coast), kaha a ne a nahana hore a tla fumana khauta e ngata—empa a ile a hamela letanteng. Kajeno sebaka sena hase tsebahale e le sebaka se nang le lirafshoa tse ngata, empa se tsejoa e le naha e nang le mefuta e mengata ea limela le liphoofolo lefatšeng.

Batho ba Costa Rica ba bitsoa Matico, e leng lebitso le nkiloeng tloaelong ea bona ea ho kenya lentsoe“-ico” qetellong ea mantsoe ao ba a nyenyefatsang. Ka mohlala, ho e-na le hore ba re “un momento” (e leng ema hanyane), ba ka ’na ba re “un momentico” (e leng ema hanyane feela). Hangata ha ba bua ba tloaetse hore “¡pura vida!” (e leng bophelo bo botle!) ho bontša hore ba ananela ntho e itseng, ba lumellana le eona kapa ha ba re “lumela” kapa “salang hantle.”

Meru ea Costa Rica e na le mefuta e mengata ea limela le liphoofolo, joaloka senqanqane sena se mahlo a mafubelu (Agalychnis callidryas)

Tse ling tsa lijo tseo batho ba Costa Rica ba li ratang ke gallo pinto (e bolelang “mokoko o khoarahla”)—e leng raese le linaoa tse phehiloeng ka thōko ebe li tšeloa linōko. Gallo pinto e ka jeoa hoseng, motšehare kapa mantsiboea. Ba rata kofi e bitsoang café chorreado—e ritetsoeng ka tlhotlelo ea lepolanka.

Ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 450 Costa Rica. Liboka tsa tsona li tšoaroa ka lipuo tse leshome, ho akarelletsa Puo ea Matsoho ea Costa Rica le lipuo tse peli tse buuoang ke matsoalloa a Costa Rica feela—e leng Sebribri le Secabecar.

NA U NE U TSEBA? Ho fumanoe majoe a betliloeng a chitja a makholo Costa Rica. Le leholo-holo le bophara ba limithara tse 2,4. Ho hakanngoa hore a mang a lilemo li ka bang 1 400. Ha ho na motho ea tsebang hantle hore na a ne a etsetsoa’ng!

Majoe a chitja