Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Ile ka Sireletseha Hobane ke Tšepile Jehova

Ke Ile ka Sireletseha Hobane ke Tšepile Jehova

HA BATHO ba mpotsa ka bophelo ba ka, hangata ke re ho bona: “Ke tšoana le thoto eo Jehova a e isang hohle moo a batlang.” Ke cho joalo hobane feela joalokaha nka isa thoto ea ka hohle moo ke batlang, le ’na ke batla hore Jehova le mokhatlo oa hae ba nkise hohle moo ba batlang ka nako eo ba e batlang. Ke ile ka lumela ho etsa mesebetsi e neng e le boima ebile ka linako tse ling e beha bophelo ba ka kotsing. Empa ke ithutile hore ke tla sireletseha feela ha ke tšepile Jehova.

KE ILE KA TSEBA JEHOVA LE HO MO TŠEPA

Ke hlahetse motsaneng o ka boroa-bophirimela ho Nigeria ka 1948. Ka nako eo, abuti oa ka e moholo Wahabi le Rangoane Moustapha ea hlahlamang ntate oa ka, ba ile ba kolobetsoa ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ntate oa ka o ile a hlokahala ha ke le lilemo li robong. Ke ne ke utloile bohloko haholo. Abuti Wahabi o ile a mpolella hore re na le tšepo ea ho bona Ntate hape tsohong ea bafu. Mantsoe ao a tšelisang a ile a ntšusumeletsa ho ithuta Bibele. Ke ile ka kolobetsoa ka 1963. Bo-abuti ba ka ba babeli le moen’a ka le bona ba ile ba kolobetsoa.

Ka 1965, ke ile ka lula Lagos le abuti oa ka Wilson ’me ra thabela ho ba ’moho le bo-pula-maliboho ba bang ba kamehla phuthehong ea Igbobi. Ke ile ka utloa ke rata tsela eo ba neng ba thabile ba bile ba cheseha ka eona eaba le ’na ke ba pula-maliboho ka January 1968.

Mor’abo rona Albert Olugbebi ea neng a sebetsa Bethele, o ile a tšoarela bacha seboka se khethehileng a bua ka hore ho hlokahala bo-pula-maliboho ba khethehileng ka leboea ho Nigeria. Ke ntse ke hopola mantsoe a hae ao a ileng a a bua ka cheseho, a reng: “Le sa le bacha ’me le ka sebelisa nako ea lona le matla a lona ho sebeletsa Jehova. Monyetla ke ona o le bulehetse.” Kaha ke ne ke labalabela ho etsisa moprofeta Esaia ka hore ke ee hohle moo Jehova a batlang hore ke ee teng, ke ile ka tlatsa kopo ea ho ba pula-maliboho e khethehileng.—Esa. 6:8.

Ka May 1968, ke ile ka koptjoa ho ea toropong ea Kano e ka leboea ho Nigeria hore ke e’o ba pula-maliboho e khethehileng teng. E ne e le nakong ea Ntoa ea Biafran e ileng ea loanoa ho tloha ka 1967 ho ea ho 1970. Ntoa eo e ile ea baka masisa-pelo a tšabehang ka leboea ho Nigeria eaba e fetela ka bochabela ho Nigeria. Mor’abo rona e mong o ne a tšoenyehile eaba o nkeletsa ka moea o motle hore ke se ke ka ea. Empa ka re ho eena: “Kea leboha ka ho tšoenyeha ka ’na. Empa haeba Jehova o batla hore ke e’o mo sebeletsa ke le moo, ke kholisehile hore o tla ntlhokomela.”

KE ILE KA TŠEPA JEHOVA HA KE LE TOROPONG E ANNGOENG HAMPE KE NTOA

Maemo a toropo ea Kano a ne a le mabe haholo. Ntoa ea lehae e ne e sentse toropo ena e kholo. Ka linako tse ling ha re le tšimong re ne re bona litopo tsa batho ba neng ba bolailoe ntoeng eo. Le hoja ho ne ho kile ha e-ba le liphutheho tse ngata Kano, boholo ba bara ba bo rona bo ne bo balehile. Ho ne ho setse bahoeletsi ba ka tlase ho 15 ’me ba ne ba tšohile ba bile ba nyahame. Bana bao ba bo rona ba ne ba thabile haholo ha re fihla moo re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tšeletseng. Ba ile ba tsoha molota ha re ba khothatsa. Re ile ra ba thusa hore ba qalelle ho ea libokeng le tšimong hape le hore ba romele litlaleho tsa tšimo le likopo tsa lingoloa ofising ea lekala.

’Na le bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng re ile ra ithuta puo ea Sehausa. Batho ba bangata ba ile ba re mamela ha ba utloa re ba bolella litaba tse monate ka puo ea bona. Leha ho le joalo, litho tsa kereke e kholo ea moo li ne li sa rate mosebetsi oo re o etsang oa ho ruta batho Bibele, kahoo re ne re lokela ho ba hlokolosi haholo. Ka le leng ha ’na le mor’abo rona e mong re le tšimong, re ile ra lelekisoa ke monna e mong ea tšoereng thipa. Ka lehlohonolo re ile ra matha ra mo siea eaba ha a khone ho re tšoara. Le hoja ho ne ho le kotsi hakaalo, Jehova o ile a etsa hore re ‘lule re sireletsehile’ ’me palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha. (Pes. 4:8) Hona joale toropo ea Kano e na le liphutheho tse 11 tse nang le bahoeletsi ba fetang 500.

RE ILE RA HANYETSOA HA RE LE NIGER

Ha ke le pula-maliboho e khethehileng Niamey e Niger

Hamorao ka August 1968, ka mor’a ho qeta likhoeli tse seng kae re le Kano, ’na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli re ile ra isoa Niamey, e leng motse-moholo oa Republic of Niger. Ho e-s’o ee kae re ile ra ithuta hore naha ea Niger, e Afrika Bophirimela, e ho se seng sa libaka tse chesang ka ho fetisisa lefatšeng. Re ile ra tlameha ho ithuta ho mamella mocheso oo re bile re tlameha ho ithuta puo e buuoang haholo moo, e leng Sefora. Le hoja ho ne ho le thata, re ile ra tšepa Jehova ’me ra qala ho bolela litaba tse monate motseng oo le bahoeletsi ba seng bakae ba neng ba lula moo. Ka mor’a nako e khutšoanyane, hoo e ka bang motho e mong le e mong oa Niamey ea tsebang ho bala o ne a se a e-na le buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e neng e sebelisoa ho ithuta Bibele. Batho ba ne ba bile ba re batla e le hore re ba fe buka eo.

Ka mor’a nako e seng kae re ile ra hlokomela hore ba boholong pusong ha ba rate Lipaki Tsa Jehova. Ka July 1969, re ile ra ba le kopano ea rona ea pele ea potoloho ’me ho ne ho e-na le batho ba ka bang 20. Re ne re labalabela ho bona ha bahoeletsi ba babeli ba kolobetsoa. Leha ho le joalo, ka letsatsi la pele la kopano mapolesa a ile a fihla eaba a emisa kopano eo. A ile a isa bo-pula-maliboho ba khethehileng le mopotolohi mapoleseng. Ka mor’a ho re hloma lipotso a ile a re re itlalehe ka la hosane. Kaha re ile ra bona hore ho tl’o nkha ho sa bola, re ile ra hlophisa hore puo ea kolobetso e fanoe lelapeng la motho e mong eaba re kolobetsa bahoeletsi nokeng ka sekhukhu.

Libeke tse seng kae ka mor’a moo, ’na le bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ba bahlano, re ile ra lelekoa ke ’muso. O ile oa re fa lihora tse 48 hore re tsoe naheng eo hape re ne re tlameha ho ipona hore na re tsoa joang. Re ile ra fela ra tsamaea eaba re ea ofising ea lekala e Nigeria, moo re ileng ra fuoa mesebetsi e mecha.

Ho ile ha thoe ke ee motseng oa Orisunbare o Nigeria, moo ke ileng ka thabela ho sebetsa tšimo le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba neng ba lula moo. Empa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, ofisi ea lekala e ile ea kopa hore ke khutlele Niger ke le mong. Le hoja qalong ke ne ke maketse ke bile ke tšohile, ke ne ke labalabela ho boela ke kopana le bana ba bo rona ba Niger.

Ke ile ka khutlela Niamey. Letsatsi ka mor’a hore ke fihle, rakhoebo e mong oa Nigeria o ile a hlokomela hore ke Paki eaba o qala ho mpotsa lipotso ka Bibele. Ke ile ka ithuta Bibele le eena ’me o ile a tlohela ho tsuba le ho noa joala haholo eaba oa kolobetsoa. Ke ne ke thabetse ho sebetsa tšimo le bara le barali ba bo rona libakeng tse fapaneng tsa Niger le ho bona kamoo Lipaki li ileng tsa eketseha kateng hanyane ka hanyane. Ha ke qala ho fihla naheng eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse 31 empa ke ile ka tsamaea li se li le 69.

“HA RE TSEBE HANTLE HORE NA BAHOELETSI BA GUINEA BA NTSE BA EA JOANG”

Ka December 1977, ke ile ka khutlela Nigeria ho ea koetlisoa. Ka mor’a ho fumana koetliso eo ea libeke tse tharo, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, Mor’abo rona Malcolm Vigo, o ile a mpontša lengolo le tsoang ofising ea lekala ea Sierra Leone a re ke le bale. Bara ba bo rona ba Sierra Leone ba ne ba batla mor’abo rona oa pula-maliboho ea phetseng hantle, oa lesoha ea khonang ho bua Senyesemane le Sefora e le hore a e’o potoloha naheng ea Guinea. Mor’abo rona Vigo o ile a mpolella hore ke ne ke koetlisetsoa mosebetsi oo. O ile a hatisa hore e ne e se mosebetsi o bonolo eaba o nkeletsa hore nke ke inahane hantle pele nka o amohela. Hang-hang ka re: “Kaha ke Jehova ea nthomang teng, ke tla ea.”

Ke ile ka ea Sierra Leone ka sefofane ’me ka kopana le bara ba bo rona ba ofising ea lekala. Mor’abo rona e mong ea Komiting ea Lekala o ile a re ho ’na: “Ha re tsebe hantle hore na bahoeletsi ba Guinea ba ntse ba ea joang.” Le hoja ofisi ea lekala e ne e ikarabella ka ho lisa mosebetsi oa boboleli o etsoang moo Guinea, e ne e sa khone ho buisana le bahoeletsi hobane maemo a lipolotiki a ne a tsoile taolong. Hape bara ba bo rona ba ofising ea lekala ba ne ba lekile ka makhetlo ho romela mor’abo rona ho etela bahoeletsi ba Guinea empa ba ne ba hlolehile. Kahoo, ke ile ka koptjoa ho ea Conakry, e leng motse-moholo oa Guinea, e le ho kopa ’muso hore o ntumelle hore ke lule moo.

“Kaha ke Jehova ea nthomang teng, ke tla ea”

Ha ke fihla Conakry, ke ile ka ea ofising ea boemeli ba Nigeria eaba ke kopana le moemeli oa Nigeria. Ke ile ka mo bolella hore ke batla ho bolella batho ba Guinea litaba tse monate empa o ile a nkeletsa hore ke se ke ka lula moo hobane nka tšoaroa kapa ka lematsoa. O ile a re ho ’na: “Khutlela Nigeria, u e’o ruta batho ba teng litaba tse monate.” Empa ka re ho eena: “Ke batla ho lula mona.” Kahoo, o ile a ngolla letona lengolo a le kopa hore le nthuse ’me letona la nthusa.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka khutlela ofising ea lekala Sierra Leone ’me ka bolella bara ba bo rona hore na letona le entse qeto efe. Bara ba bo rona ba ile ba hoeletsa ba thabile ha ba utloa hore Jehova o atlehisitse leeto la ka. ’Muso o ne o ntumeletse hore ke lule Guinea.

Ha ke le mopotolohi Sierra Leone

Ho tloha ka 1978 ho ea ho 1989, ke ile ka ba mopotolohi Guinea le Sierra Leone eaba ke ba mothusi oa molebeli oa potoloho Liberia. Qalong ke ne ke kula hangata ’me ka linako tse ling e ne e le ha ke le libakeng tse hole. Empa bara ba bo rona ba ne ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho nkisa sepetlele.

Ka le leng, ke ile ka kula haholo ke tšoeroe ke malaria ebile ke e-na le manyooa. Ka mor’a hore ke fole, ke ile ka utloa hore bara ba bo rona ba ne ba ntse ba buisana ka hore na ba tl’o mpatela hokae. Le hoja bophelo ba ka bo ne bo le kotsing, ha ho mohla nkileng ka nahana ho tlohela mesebetsi eo ke neng ke e fuoe. Ke kholisehile hore ke Molimo feela ea ka re sireletsang ka tsela e molemo ka ho fetisisa hobane leha re ka shoa a ka re tsosa.

’NA LE MOSALI OA KA RE ILE RA TŠEPA JEHOVA

Ha re ne re chata ka 1988

Ka 1988, ke ile ka kopana le Dorcas. E ne e le morali oa bo rona oa pula-maliboho ea ikokobelitseng le ea ratang Jehova haholo. Re ile ra nyalana eaba re sebetsa ’moho mosebetsing oa potoloho. Dorcas o ne a sebetsa ka thata a bile a itella Jehova kahohle-hohle. Re ne re tsamaea lik’hilomithara tse 25 re tloha phuthehong e ’ngoe re ea ho e ’ngoe re nkile thoto ea rona. Ha re ea liphuthehong tse hole, re ne re sebelisa mokhoa ofe kapa ofe o teng oa ho tsamaea litseleng tseo tse liretse le tse likoti li ngata.

Dorcas ke mosali ea sebete sa ho beha tau setsoetse. Ka mohlala, ka linako tse ling re ne re tlameha ho tšela linoka tse tletseng likoena. Ka le leng ha re nkile leeto la matsatsi a mahlano, re ile ra tlameha ho tšela noka re sebelisa liketsoana hobane borokho ba mapolanka bo ne bo senyehile. Ha Dorcas a ema a re o theoha seketsoana, o ile a oela ka metsing moo ho tebileng. Ka bobeli re ne re sa tsebe ho sesa, le noka eo e ne e e-na le likoena. Ka lehlohonolo, bahlankana ba bang ba ile ba itahlela ka metsing ba mo pholosa. Re ile ra qeta nako e telele re phofa ka ketsahalo eo empa ra ’na ra tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho.

Bana ba rona Jahgift le Eric, e bile limpho tseo Jehova a re fileng tsona

Maqalong a 1992, re ile ra makala haholo ha re fumana hore Dorcas o imme. Re ile ra ipotsa hore na ebe e se e le ha e le tšomo-ka-mathetho ka tšebeletso ea rona. Re ile ra re: “Jehova o re file mpho.” Kahoo, ra reha morali oa rona Jahgift. Ha Jahgift a le lilemo li ’nè, re ile ra hlahlamisa ra ba le mora ea bitsoang Eric. Bana ba rona ka bobeli ba ipakile hore ke limpho tse tsoang ho Jehova. Jahgift o ile a sebetsa ofising ea phetolelo e Conakry ka nakoana, athe Eric eena ke mohlanka ea sebeletsang.

Le hoja hamorao Dorcas a ile a tlameha ho tlohela bopula-maliboho bo khethehileng, o ile a tsoela pele e le pula-maliboho ea kamehla a ntse a holisa bana ba rona. Jehova o ile a nthusa hore ke tsoele pele ka tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng. Ha bana ba rona ba se ba holile, Dorcas o ile a khona ho ba pula-maliboho e khethehileng hape. Hona joale re sebetsa re le baromuoa Conakry.

JEHOVA KE MOSIRELETSI OA ’NETE

Haesale ke ea hohle moo Jehova a nkisang teng. ’Na le mosali oa ka re ile ra bona ka makhetlo ha a re sireletsa le ho re hlohonolofatsa. Ho tšepa Jehova ho e-na le ho tšepa maruo ho re qobisitse mathata a mangata le ho tšoenyeha. ’Na le Dorcas re bone linthong tse re etsahaletseng hore Mohloli oa tšireletseho ea ’nete ke Jehova, “Molimo oa poloko ea rona.” (1 Likron. 16:35) Ke kholisehile hore bophelo ba batho bohle ba mo tšepileng “bo tla lula bo sireletsehile ka mokotleng oa bophelo o ho Jehova.”—1 Sam. 25:29.