Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintho Tse ka u Thusang ha u Ithuta

Lintho Tse ka u Thusang ha u Ithuta

Tšoara Lipina Tsa Rona ka Hlooho

“Ha ke nyahame, Jehova o nkhothatsa ka lipina tsa JW Broadcasting®.”—Lorraine, U.S.A.

Haesale Bakreste ba bina lipina ho rorisa Jehova. (Bakol. 3:16) Haeba u ithuta ho tšoara lipina tsa rona ka hlooho, li ka u thusa esita leha u se na buka ea lipina kapa sesebelisoa sa elektronike. Leka mekhoa ena e tla u thusa hore u hopole lipina tsa rona.

  • Bala mantsoe a lipina ka hloko e le hore u utloisise moelelo oa tsona. U ka hopola lintlha tse itseng habonolo haeba u li utloisisa. U ka fumana mantsoe a lipina tsa rona kaofela, ho akareletsa le lipina tsa broadcasting le tsa bana ho jw.org/st karolong ea Laebrari ebe u ea ho ’Mino.

  • Ngola mantsoe a lipina fatše. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa hore u hopole lipina tsa rona haholoanyane.—Deut. 17:18.

  • Binela holimo. Bala kapa u bine pina e itseng ka makhetlo a mangata.

  • Leka ho hopola. Leka ho hopola mantsoe a pina ntle le hore u a shebe e le hore u bone hore na u a hopola hakae.