Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 47

Re ka Etsa’ng e le Hore re Lule re Ratana Haholo?

Re ka Etsa’ng e le Hore re Lule re Ratana Haholo?

“A re luleng re ratana hobane lerato le tsoa ho Molimo.” —1 JOH. 4:7.

PINA EA 109 Ratanang ka Pelo Eohle

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a re lerato ke la bohlokoa ho feta tumelo le tšepo? (b) Re tla araba lipotso life?

 HA MOAPOSTOLA Pauluse a bua ka tumelo, tšepo le lerato, o ile a re “ea bohlokoa ho li feta ke lerato.” (1 Bakor. 13:13) Ke hobane’ng ha a ne a cho joalo? Nakong e tlang ho ke ke ha hlokahala hore re be le tumelo litšepisong tsa Molimo tsa lefatše le lecha kapa hore re be le tšepo ea hore li tla phethahala hobane li tla be li se li phethahetse. Empa re tla lula re tlameha ho rata Jehova le batho. Ha e le hantle, lerato leo re ba ratang ka lona le tla lula le eketseha ka ho sa feleng.

2 Kaha re tla lokela ho lula re e-na le lerato, re tla araba lipotso tsena tse tharo. Ea pele, ke hobane’ng ha re lokela ho ratana? Ea bobeli, re ka bontša joang hore rea ratana? Ea boraro, re ka etsa’ng e le hore re lule re ratana haholo?

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO RATANA?

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ratana?

3 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ratane? Lebaka le leng ke hore ha re ratana, rea bontša hore re Bakreste ba ’nete. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.” (Joh. 13:35) Hape ho ratana ho etsa hore re lule re momahane. Pauluse o ile a re “lerato le etsa hore batho ba utloane.” (Bakol. 3:14) Ho boetse ho na le lebaka le leng la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho ratana. Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Ea ratang Molimo o lokela ho rata le ngoan’abo.” (1 Joh. 4:21) Ha re ratana, rea bontša hore re rata Molimo.

4, 5. Lerato leo re ratang Molimo ka lona le amana joang le lerato leo re ratang Bakreste-’moho le rona ka lona? Etsa mohlala.

4 Lerato leo re ratang Molimo ka lona le amana joang le lerato leo re ratang Bakreste-’moho le rona ka lona? A re etse mohlala ka tsela eo ka eona pelo e sebelisanang le likarolo tse ling tsa ’mele ea rona. Ha ngaka e hlahloba methapo e letsohong e le hore e bone hore na pelo e otla kapele kapa butle, ngaka e ka khona ho bona hore na pelo e phetse hantle kapa che. Ntlha ee e amana joang le taba ea lerato?

5 Ngaka e khona ho bona hore na pelo e phetse hantle ka hore e hlahlobe lebelo leo pelo e otlang ka lona. Le rona re ka bona hore na re rata Molimo hakae ka hore re hlahlobe tsela eo re ratang batho ba bang ka eona. Haeba re hlokomela hore ha re sa rata Bakreste-’moho le rona joaloka pele, e ka ’na eaba taba eo ke letšoao la hore lerato leo re ratang Molimo ka lona le ntse le fokotseha. Empa haeba re lula re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona, rea bontša hore re rata Molimo haholo.

6. Ke hobane’ng ha e le bothata bo tebileng ha lerato leo re ratang bana ba bo rona ka lona le ntse le fokotseha? (1 Johanne 4:​7-9, 11)

6 Haeba lerato leo re ratang bana ba bo rona ka lona le ntse le fokotseha, boo ke bothata bo tebileng. Hobane’ng? Hobane haeba ho joalo, re kotsing ea ho senyeheloa ke kamano ea rona le Jehova. Moapostola Johanne o totobatsa taba ena ha a re: “Motho a ka rata Molimo eo a e-s’o mo bone joang empa a sa rate ngoan’abo eo a mo bonang?” (1 Joh. 4:20) Taba ee e re ruta’ng? Jehova o tla thaba haeba feela re “ratana.”—Bala 1 Johanne 4:​7-9, 11.

RE KA BONTŠA JOANG HORE REA RATANA?

7, 8. Re ka bontša ka litsela life hore re rata Bakreste-’moho le rona?

7 Lentsoe la Molimo le re laela ka makhetlo a mangata hore re ratane. (Joh. 15:​12, 17; Bar. 13:8; 1 Bathes. 4:9; 1 Pet. 1:22; 1 Joh. 4:11) Leha ho le joalo, lerato ke boikutlo bo ka pelong ’me ha ho na motho ea ka bonang se ka pelong ea rona. Joale re ka etsa’ng e le hore Bakreste-’moho le rona ba bone hore rea ba rata? Re ka bontša lerato leo ka mantsoe le ka liketso.

8 Re ka bontša ka litsela tse ngata hore re rata Bakreste-’moho le rona. Tse ling tsa tsona ke tsena: “Le bolellane ’nete.” (Zak. 8:16) “Le boloke khotso lipakeng tsa lona.” (Mar. 9:50) “E-ba oa pele oa ho bontša hore u hlompha batho ba bang.” (Bar. 12:10) “Amohelanang.” (Bar. 15:7) “Le tsoele pele . . . ho tšoarelana.” (Bakol. 3:13) “Tsoelang pele ho thusana ha le e-na le mathata.” (Bagal. 6:2) “Le ’ne le tšelisane.” (1 Bathes. 4:18) “Le tsoele pele . . . ho matlafatsana.” (1 Bathes. 5:11) “Le rapellane.”—Jak. 5:16.

Re ka thusa ngoan’abo rona ea nang le mathata joang? (Sheba serapa sa 7-9)

9. Ke hobane’ng ha ho tšelisa batho ba bang e le tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore rea ba rata? (Sheba setšoantšo.)

9 A re hlahlobeng tsela e ’ngoe e boletsoeng serapeng se ka holimo e bontšang hore re rata Bakreste-’moho le rona. Pauluse o ile a re: “Le ’ne le tšelisane.” Ke hobane’ng ha ho tšelisa batho ba bang e le tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore rea ba rata? Buka e ’ngoe e buang ka Bibele e re ha Pauluse a ne a bua ka ho “tšelisana,” o ne a bua ka “ho ema lehlakoreng la motho ho mo khothatsa ha a e-na le mathata a boima.” Kahoo, ha re tšelisa ngoan’abo rona ea nang le mathata, re mo thusa hore a ’ne a tsoele pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Kamehla ha re tšelisa bana ba bo rona, rea ba bontša hore rea ba rata.—2 Bakor. 7:​6, 7, 13.

10. Ke ka tsela efe ho ba le kutloelo-bohloko le ho tšelisa e leng li-ea-thoteng li bapile?

10 Ho ba le kutloelo-bohloko le ho tšelisa ke li-ea-thoteng li bapile. Ka tsela efe? Motho ea nang le kutloelo-bohloko o susumeletseha ho tšelisa ba bang le ho ba imolla. Kahoo, ho ba le kutloelo-bohloko ho re thusa hore re tšelise batho ba bang. Hlokomela hore na Pauluse o re’ng ha a hlalosa kamoo kutloelo-bohloko e susumeletsang Jehova ho tšelisa batho. Pauluse o re Jehova “ke Ntate ea mohau le ea bonolo haholo ebile o tšelisa batho maemong ’ohle.” (2 Bakor. 1:3) Tlhaloso ea lengolo lena e re poleloana e reng “ke Ntate ea mohau le ea bonolo haholo,” e bontša hore o utloela batho bohloko ebile ke Mohloli oa mohau. Kahoo, temana ena e re Molimo “ke Ntate ea mohau le ea bonolo haholo” hobane a utloela batho bohloko haholo. Kutloelo-bohloko eo e mo susumeletsa hore a re tšelise “mathateng ’ohle a rona.” (2 Bakor. 1:4) Jehova o khatholla le ho tšelisa ba imetsoeng, feela joalokaha metsi a hloekileng a seliba a khatholla ba nyoriloeng. Re ka etsisa Jehova joang ka ho utloela batho bohloko le ho ba tšelisa? Tsela e ’ngoe ke ka hore re loanele ho ba le makhabane a tla re thusa hore re utloele batho ba bang bohloko le ho ba tšelisa. Makhabane ao ke afe?

11. Ho ea ka Bakolose 3:12 le 1 Petrose 3:​8, ke makhabane afe a mang ao re lokelang ho ba le ’ona e le hore re lule re e-na le lerato le tla re susumeletsa hore re thuse batho ba bang?

11 Ke eng e tla re thusa hore re lule re ratana e le hore ‘re ’ne re tšelisane’ letsatsi le letsatsi? Re lokela ho ba le makhabane a kang kutloelo-bohloko, lerato le mosa. (Bala Bakolose 3:12; 1 Petrose 3:8.) Makhabane aa a tla re thusa joang? Ha re utloela bana ba bo rona bohloko ebile re ba tsotella e le kannete, re tla ba le takatso e matla ea ho ba tšelisa ha ba e-na le mathata. Joalokaha Jesu a ile a cho, “motho o bua ntho e tletseng ka pelong ea hae. Motho ea lokileng o bua lintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka pelong ea hae.” (Mat. 12:​34, 35) Ho tšelisa bana ba bo rona ha ba e-na le mathata ke tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore rea ba rata.

RE KA ETSA’NG E LE HORE RE LULE RE RATANA HAHOLO?

12. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re le hlokolosi? (b) Re tl’o hlahloba potso efe?

12 Kaofela re batla ho ‘lula re ratana.’ (1 Joh. 4:7) Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Jesu o ile a re lemosa hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Mat. 24:12) Jesu o ne a sa re bongata ba barutuoa ba hae ha bo sa tla ratana. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho lula re le hlokolosi hore re se ke ra tšoana le batho ba lefatše lena eaba le rona ha re sa ratana. Re sa le tabeng eo, a re hlahlobeng potso ena ea bohlokoa: Ke’ng e tla re thusa ho bona hore na re rata bana ba bo rona haholo?

13. Ke eng e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae?

13 Ntho e ’ngoe e tla re thusa ho bona hore na re batho ba lerato hakae, ke ho sheba hore na re itšoara joang ha ho hlaha maemo a itseng bophelong. (2 Bakor. 8:8) Boemo bo bong ke bo boletsoeng ke moapostola Petrose ha a re: “Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) Kahoo, tsela eo re itšoarang ka eona ha bana ba bo rona ba etsa liphoso kapa ba re utloisa bohloko e tla re thusa ho bona hore na re ba rata hakae.

14. Ho ea ka 1 Petrose 4:​8, re lokela ho ratana joang? Etsa mohlala.

14 A re ke re hlahlobisiseng mantsoe a Petrose. Karolo ea pele ea temana ea borobeli e re re lokela ho ‘ratana haholo.’ Temaneng ena, ka Segerike lentsoe “haholo” le bolela “ho saroloha.” Karolo ea bobeli ea temana ena ea bontša hore na ho tla etsahala’ng ha re ratana haholo. Re tla lula re itokiselitse ho tšoarela kapa ho koahela liphoso tsa bana ba bo rona. Nahana ka tafole e nang le mengoapo e mengata. Motho a ka khona ho nka lesela ebe o le ala holim’a tafole eo ho koahela mengoapo e mengata e tafoleng eo. Ka tsela e tšoanang ho rata bana ba bo rona haholo, ho ka re thusa ho koahela kapa ho tšoarela liphoso tsa bona tse ngata.

15. Haeba re rata bana ba bo rona haholo, re tla etsa’ng? (Bakolose 3:13)

15 Re lokela ho rata bana ba bo rona haholo hoo re ka ba tšoarelang ha ba re sitetsoe, le haeba ho etsa joalo ho ka ba thata haholo ka linako tse ling. (Bala Bakolose 3:13.) Ha re tšoarela batho ba bang, rea bontša hore lerato la rona le matla ebile re batla ho thabisa Jehova. Ke eng hape e ka re thusang hore re tšoarele bana ba bo rona le hore re se ke ra ba tenehela ha ba etsa lintho tse re lekang?

Feela joalokaha re boloka lifoto tse ntle ’me re hlakola tse mpe, re ananela linako tse monate tseo re bileng le tsona le Bakreste-’moho le rona ho e-na le ho lula re nahana ka linako tse bohloko (Sheba serapa sa 16 le 17)

16, 17. Ke eng e ’ngoe hape e ka re thusang hore re se ke ra tenehela bana ba bo rona ha ba etsa liphoso tse nyenyane? Etsa mohlala. (Sheba setšoantšo.)

16 Nahana ka lintho tse ntle tseo bana beno ba li etsang, eseng tse mpe. A re etse mohlala. A re re u na le bana beno moketeng ’me ho monate. Ha mokete o fela, le nka foto le le sehlopha. Ka mor’a moo, le nka lifoto tse ling tse peli e le hore le be le tse ling haeba ea pele e sa tsoa hantle. U qetella u se u e-na le lifoto tse tharo empa ha u sheba e ’ngoe oa bona hore mor’abo rona e mong o sosobantse sefahleho. U tl’o etsa’ng ka foto eo? U tl’o e hlakola hobane u ntse u e-na le lifoto tse ling tse peli moo batho bohle ba bososetseng hammoho le mor’abo rona eo.

17 Re ka tšoantša lifoto tseo re li bolokang le lintho tseo re li hopolang. Hangata re hopola linako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e ’ngoe Mokreste-’moho le uena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ea u utloisa bohloko. Re lokela ho etsa’ng haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela joalokaha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Liprov. 19:11; Baef. 4:32) Re ka khona ho lebala phoso eo e nyenyane eo ngoan’abo rona a e entseng hobane re hopola linako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le eena. Ke tsona lintho tseo re lokelang ho li hopola le ho li ananela.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HAHOLO HORE RE RATANE HONA JOALE?

18. Re ithutile’ng ka lerato sehloohong see?

18 Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re ratana haholo? Joalokaha re se re ithutile, ha re rata bana ba bo rona rea bontša hore re rata Jehova. Re ka bontša joang hore rea ba rata? Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke ho ba tšelisa. Re tla khona hore ‘re ’ne re tšelisane’ haeba re utloelana bohloko. Re ka etsa’ng e le hore re lule re ratana haholo? Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho tšoarela bana ba bo rona ha ba entse liphoso.

19. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa le ho feta hona joale hore re ratane?

19 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa le ho feta hona joale hore re ratane? Ha Petrose a fana ka karabo, o re: “Qetello ea lintho tsohle e atametse. Kahoo, . . . le ratane haholo.” (1 Pet. 4:​7, 8) Re ka lebella hore ho etsahale eng ha bofelo ba lefatše lee bo ntse bo atamela? Jesu o ile a re ka barutuoa ba hae: “Lichaba tsohle li tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Re lokela ho lula re momahane e le hore re khone ho mamella lehloeo leo. Haeba re etsa joalo, leha Satane a ka leka ho re arohanya, a ke ke a o besa oa tuka hobane “lerato le etsa hore batho ba utloane.”—Bakol. 3:14; Bafil. 2:​1, 2.

PINA EA 130 Tšoarelanang

a Hona joale ho bohlokoa ho feta leha e le neng pele hore re bontše bara le barali ba bo rona hore rea ba rata. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa, hona re ka bontša joang hore rea ratana?