Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE SEKOAHELONG | NA HO KOTSI HO SHEBELLA-LIFILIMI TSE TŠOSANG?

Na U Rata Lipale Tse Nang le Bodemona?

Na U Rata Lipale Tse Nang le Bodemona?

Koranta e ’ngoe ea Amerika e re: “Matsatsing ana batho ba rata ho ithabisa ka ho bala kapa ho shebella lipale tse bontšang lithotsela le linoa-mali, ’me morao tjena ho se ho atile tsa bodemona.”

Hangata likhalala tsa lifilimi, libuka le lipapali tsa livideo tsa kajeno tse nang le bodemona, e ba batho ba shebahalang ba le batle. Ho bonahala batho ba bangata ba rata mofuta ona oa ho ithabisa. *

Moprofesa ea ithutileng tsela eo batho ba phelang ka eona o re: “Khale koana, e ne e le batho ba seng bakae feela ba ratang lithotsela, empa morao tjena bacha ba bangata ba Amerika ba lumela ho tsona ebile ba ea lingakeng tse sebelisanang le bademona.”

Kahoo, ha ho makatse hore ebe lipale tsa batho ba kenoeng ke meea e litšila li ntse li eketseha. Mongoli oa koranta e ’ngoe ea Amerika o re: “Hore ebe hona joale batho ba bang ba kenoa ke meea e litšila, ho bakiloe ke hore ba ile ba itloaetsa ho shebella lipale tse bontšang lithotsela le linoa-mali.”

Tlaleho e ’ngoe e bontša hore “libukeng tse ngata ho ngoloa ka lithotsela, ’me hoo e ka bang halofo ea batho lefatšeng ka bophara ba lumela ho tsona.” Patlisiso e ’ngoe e entsoeng Amerika ke liprofesa tse ithutileng tsela eo batho ba phelang ka eona e hlahisa hore ho batho ba bang le ba bang ba 10 Amerika, ba 8 ho bona ba lumela bonyane mofuteng o itseng oa ho sebelisana le bademona.”

Na ho ithabisa ka lintho tse nang le bodemona ho fosahetse?

^ ser. 4 Na ho ithabisa ka lintho tse nang le bodemona ho fosahetse?