Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA BOHLANO

Melemo Ea Ho Tataisa Ngoana

Melemo Ea Ho Tataisa Ngoana

HO TATAISA NGOANA HO BOLELA’NG?

Bana ba hloka motho ea moholo hore a ba tataise a be a ba eletse. Joaloka motsoali, ke boikarabelo ba hao ho etsa joalo. Empa ho ntse ho e-na le batho ba bang ba baholo ba etsang lintho hantle, le bona ba ka eletsa bana ba hao le ho ba thusa.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TATAISA BANA BA HAO?

Linaheng tse ling batho ba baholo ha ba na nako ea bana ho hang. Nahana ka taba ena:

  • Bana ba hao ha ba khone ho qeta nako le batho ba baholo kaha ba kena sekolo.

  • Ha bana ba bang ba fihla hae ba tsoa sekolong, ba fumana ho se na motho lapeng hobane batsoali ba ile mosebetsing.

  • Lipatlisiso tse ling tse ileng tsa etsoa Amerika li bontša hore bana ba pakeng tsa lilemo tse 8 le 12 ba qeta lihora tse ka bang tse tšeletseng ka letsatsi ba shebeletse TV, ba mametse lipina ba bile ba bapala lipapali tsa video. *

Buka ea Hold On to Your Kids e re: “Bana ba bangata ba batla likeletso ho lithaka tsa bona eseng ho batho ba baholo.”

U KA BA TATAISA JOANG?

Qeta nako u e-na le bana ba hao.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Koetlisa [ngoana] ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”​—Liproverbia 22:6.

Ka tlhaho bana ba sheba ho batsoali ba bona hore ba ba thuse le ho ba eletsa. Litsebi li bontša hore bacha ba rata likeletso tsa batsoali ba bona ho feta tseo ba li fuoang ke lithaka tsa bona. Dr. Laurence Steinberg o ile a ngola bukeng ea You and Your Adolescent a re: “Tataiso eo bana ba e fumanang ho batsoali ba bona ke ea bohlokoa haholo ho tloha ha ba sa le bacha ho fihlela e e-ba batho ba baholo. Bacha ba batla ho utloa na u re’ng le ho bona na u nahana’ng ho sa tsotellehe hore na ba lumellana le uena kapa che.”

Haele mona re se re tseba hore na bana ba nahana joang, re lokela ho etsa sohle ho ba thusa. Qeta nako le bana ba hao, u ba phetela hore na u bona lintho joang, u ikutloa joang le hore na ke lintho life tse u etsahaletseng bophelong.

Mo shebele motho ea ka khonang ho mo thusa

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”​—Liproverbia 13:20.

Na ho na le motho eo u mo tsebang ea etsang lintho hantle ea ka thusang ngoana oa hao? E ka ba hantle ho kopa motho eo hore a thuse ngoana oa hao. Empa ha oa lokela ho imetsa motho eo ka boikarabelo ba botsoali. Motho eo ha a na ho u senyetsa ngoana empa o tla haha holim’a seo u seng u ntse u se entse. Ka Bibeleng, ho buuoa ka hore Timothea o ile a ithuta lintho tse ngata ho moapostola Pauluse, le eena Pauluse o ile a una melemo e meng ha a ntse a tsamaea le Timothea.​—Bafilipi 2: 20, 22.

Morao tjena batho ba bangata baa falla ho akarelletsa le litho tsa lelapa tse haufi, kahoo ho ka ba thata hore u fumane beng ka uena ba ka khonang ho thusa ngoana oa hao. Haeba ho joalo, u ka batla motho ea ka thusang ngoana oa hao empa e be ea phelang bophelo boo u batlang hore ngoana oa hao a bo phele.

^ ser. 9 Lipatlisiso tseo li bontša hore bana ba lilemo tse lipakeng tsa 13 le 19 ba qeta lihora tse ka bang robong ba ithabisa ka tsela eo. Lihora tsena ha li akarelletse tseo ba li qetang ba kene inthaneteng ba etsa mesebetsi ea sekolo.