Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno

Se Emeloang ke Balisa ba Supileng le Babusisi ba Robeli Kajeno

“Le rōna re tla lokela ho hlahisa khahlanong le eena balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli ba moloko oa batho.”—MIK. 5:5.

1. Ke hobane’ng ha morero oa morena oa Iseraele le oa Syria o ne o ke ke oa atleha?

PAKENG tsa 762 B.C.E. le 759 B.C.E., morena oa Iseraele le morena oa Syria ba ile ba phatlalatsa hore ba futuhela ’muso oa Juda. Ka sepheo sefe? Ba ne ba batla ho hlasela Jerusalema, ba theole Morena Akaze teroneng, ’me ba behe morena e mong, mohlomong eo e seng oa leloko la Morena Davida. (Esa. 7:5, 6) Morena oa Iseraele o ne a sa lokela ho rera ntho e joalo. Jehova o ne a laetse hore se seng sa litloholo tsa Davida se tla lula teroneng ea Hae ka ho sa feleng, ’me lentsoe la Molimo ha le hlōlehe le ka mohla.—Josh. 23:14; 2 Sam. 7:16.

2-4. Hlalosa hore na Esaia 7:14, 16 e phethahetse joang (a) lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. (b) lekholong la pele la lilemo C.E.

2 Qalong ho ne ho bonahala eka selekane sa morena oa Iseraele le oa Syria sea atleha. Ntoeng e le ’ngoe feela, bahlabani ba 120 000 ba Akaze ba ile ba shoa! “Mora oa morena” ea bitsoang Maseia le eena o ile a bolaoa. (2 Likron. 28:6, 7) Empa Jehova o ne a ntse a shebile. O ile a hopola seo a se tšepisitseng Davida; kahoo, a romela moprofeta Esaia hore a fane ka molaetsa o khothatsang haholo.

3 Esaia o ile a re: “Bonang! Ruri moroetsana o tla ima, ’me o tla tsoala mora, ’me ka sebele o tla mo reha lebitso la Emanuele. . . . Pele moshanyana eo a khona ho lahla se sebe le ho khetha se molemo, naha ea marena a mabeli ao le ikutloang le e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la ’ona [e leng Syria le Iseraele] e tla tloheloa ka ho feletseng.” (Esa. 7:14, 16) Karolo e qalang ea boprofeta boo e atisa ho sebelisoa ha ho buuoa ka ho tsoaloa ha Mesia, ’me seo hase phoso. (Mat. 1:23) Empa kaha “marena a mabeli,” e leng morena oa Syria le morena  oa Iseraele, a ne a se a sa sokele Juda lekholong la pele la lilemo C.E., boprofeta bo buang ka Emanuele e tlameha ebe bo qalile ho phethahala mehleng ea Esaia.

4 Nakoana ka mor’a hore Esaia a etse phatlalatso eo e ikhethang, mosali oa hae o ile a ima ’me a mo tsoalla mora ea bitsoang Mahere-shalale-hashe-baze. Ho ka etsahala hore ebe ngoana eo e ne e le “Emanuele” eo Esaia a neng a buile ka eena. * Mehleng ea Bibele, ngoana o ne a ka ’na a rehoa lebitso le itseng ha a hlaha, mohlomong e le ho ikhopotsa ketsahalo e itseng ea bohlokoa, empa batsoali ba hae le beng ka eena ba mo bitsa ka lebitso le leng. (2 Sam. 12:24, 25) Ha ho bopaki ba hore Jesu o kile a bitsoa Emanuele.—Bala Esaia 7:14; 8:3, 4.

5. Morena Akaze o ile a etsa qeto efe e booatla?

5 Ha Iseraele le Syria li ntse li shebane le Juda, sechaba se seng se nang le lebotho le matla la sesole se ne se batla ho hapa tikoloho eo. E ne e le ’muso oa Assyria o neng o ntse o ipha matla. Ho ea ka Esaia 8:3, 4, Assyria e ne e tla nka “maruo a Damaseka” le “thepa e hapuoeng Samaria” pele e hlasela ’muso o ka boroa oa Juda. Ho e-na le hore Akaze ea se nang tumelo a tšepe seo Molimo a se buileng ka Esaia, o ile a etsa tumellano e booatla le Baassyria, ’me qetellong seo sa etsa hore Baassyria ba hatelle Juda. (2 Mar. 16:7-10) Akaze e bile molisa ea soabisang hakaakang oa Juda! Re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tšepa Molimo kapa ke tšepa batho ha ke lokela ho etsa liqeto tse tebileng?’—Liprov. 3:5, 6.

MOLISA E MOCHA O ETSA LINTHO KA TSELA E FAPANENG

6. Puso ea Ezekiase e ne e fapane joang le ea Akaze?

6 Akaze o shoele ka 746 B.C.E., ’me mora oa hae ea bitsoang Ezekiase o ile a etella pele ’muso oa Juda o neng o futsanehile nameng le moeeng. Ke’ng seo morena eo e mocha a neng a tla qala ka ho se etsa ha a hloella teroneng? Na o ne a tla leka ho matlafatsa moruo o tetemang oa Juda? Che. Ezekiase e ne e le motho oa moea, ’me e le molisa ea molemo oa mohlape. O ile a qala ka ho tsosolosa borapeli bo hloekileng le ho lokisa kamano ea sechaba seo se tsoileng tseleng le Jehova. Ezekiase ha aa ka a tsilatsila ho nka khato, hang ha a utloisisa seo Molimo a batlang hore a se etse. Ruri o re behetse mohlala o motle!—2 Likron. 29:1-19.

7. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore morena e mocha a tiisetse Balevi hore o oa ba tšehetsa?

7 Balevi ba ne ba tla phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Kahoo, Ezekiase o ile a kopana le bona ho ba tiisetsa hore o oa ba tšehetsa. Ak’u nahane feela Balevi bao ba tšepahalang ba neng ba le sebokeng seo, ba keleketlisa meokho ea thabo ha ba utloa morena a re: “Ke lōna bao Jehova a ba khethileng hore le eme ka pel’a hae ho mo sebeletsa.” (2 Likron. 29:11) Ka sebele, Balevi ba ne ba fuoe taelo e tobileng ea hore ba tsosolose borapeli bo hloekileng!

8. Ezekiase o ile a etsa’ng hape ho thusa sechaba moeeng, hona phello e bile efe?

8 Ezekiase o ile a memela batho bohle ba Juda le ba Iseraele moketeng oa semetletsa oa Paseka, o ileng oa lateloa ke Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang o nkileng matsatsi a supileng. Sechaba se ile sa thabela mokete oo hoo ho ileng ha ketekoa ka matsatsi a mang a supileng. Bibele e re: “Ha e-ba le thabo e khōlō Jerusalema, etsoe ho tloha matsatsing a Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele ha hoa ka ha e-ba le e kang ena Jerusalema.” (2 Likron. 30:25, 26) Ka sebele, mokete oo oa borapeli o ile oa khothatsa batho kaofela! Re bala se latelang ho 2 Likronike 31:1: “Hang ha ba qetile sena sohle, . . . ba qhaqha  litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang le ho heletsa libaka tse phahameng le lialetare.” Kahoo, Juda e ile ea ikitlaelletsa ho khutlela ho Jehova. Ho itlhoekisa ha eona moeeng e ile ea e-ba taba ea bohlokoa, haholo ha re nahana ka se ileng sa latela.

MORENA O ITOKISELLETSA TLOKOTSI

9. (a) Morero oa Iseraele o ile oa nyopisoa ke’ng? (b) Qalong, Sankeribe o ile a atleha ho etsa’ng Juda?

9 Tumellanong le seo Esaia a se boletseng, Baassyria ba ile ba hapa ’muso oa Iseraele o ka leboea ’me ba isa baahi ba eona botlamuoeng, kahoo ba nyopisa morero oa Iseraele oa ho beha morena e mong ka likhoka teroneng ea Davida. Empa Baassyria ba ne ba ikemiselitse ho etsa’ng? Ho hlasela Juda. “Ka selemo sa leshome le metso e mene sa Morena Ezekiase, Sankeribe morena oa Assyria a futuhela metse eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane ’me a e hapa.” Tlaleho e bontša hore Sankeribe o ile a hapa metse e 46 ea Juda. Ak’u nahane hore na u ka be u ile ua ikutloa joang haeba u ne u lula Jerusalema ka nako eo. Lebotho la Assyria le ile la hlasela ’me la hapa metse e ’maloa ea Juda!—2 Mar. 18:13.

10. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Mikea 5:5, 6 e ile ea khothatsa Ezekiase?

10 Ho hlakile hore Ezekiase o ne a bona tlokotsi e ba tlelang, empa ho e-na le hore a kōpe thuso sechabeng sa bahetene joaloka ntat’ae Akaze oa mokoenehi, o ile a tšepa Jehova. (2 Likron. 28:20, 21) E ka ’na eaba o ne a tseba se builoeng ke moprofeta Mikea, ea phetseng mehleng ea hae, ea ileng a bolela se latelang esale pele ka Assyria: “Ha e le Moassyria, . . . re tla lokela ho hlahisa khahlanong le eena balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli ba moloko oa batho. Ba tla lisa naha ea Assyria ka sabole.” (Mik. 5:5, 6) E tlameha ebe mantsoe ana a bululetsoeng a ile a khothatsa Ezekiase, kaha a bontša hore lebotho le ikhethang le ne le tla ema khahlanong le Baassyria le hore le ne le tla hlōla bahatelli bao ba sehlōhō.

11. Boprofeta bo buang ka balisa ba supileng le babusisi ba robeli bo phethahala neng ka tsela e ikhethang?

11 Boprofeta bo buang ka balisa ba supileng le babusisi ba robeli (“likhosana,” The New English Bible) bo ne bo tla phethahala  ka tsela e ikhethang, nako e telele ka mor’a tsoalo ea Jesu, “eo lesika la hae le tsoang linakong tsa pele.” (Bala Mikea 5:1, 2.) Sena se ne se tla etsahala nakong eo ka eona batho ba Jehova ba sokeloang ke “Moassyria” oa kajeno. Jehova ka Mora oa hae ea busang hona joale, o tla sebelisa lebotho lefe ho ema khahlanong le sera see se tšabehang? Re tla boka ha li oroha. Empa pele ho moo, a re ke re hlahlobeng seo re ithutang sona bohatong boo Ezekiase a ileng a bo nka ha a tobane le tšokelo ea Baassyria.

EZEKIASE O NKA KHATO E LOKETSENG

12. Ezekiase le bathusi ba hae ba ile ba nka mehato efe ho sireletsa sechaba sa Molimo?

12 Jehova o lula a ikemiselitse ho re etsetsa lintho tseo re hlōlehang ho iketsetsa tsona, empa o lebeletse hore re etse seo re khonang ho se etsa. Ezekiase o ile a buisana le “likhosana tsa hae le banna ba hae ba matla,” ’me ba etsa qeto ea hore “ba thibe metsi a liliba tse neng li le ka ntle ho motse . . . Ho feta moo, [Ezekiase] a ba sebete ’me a haha lerako kaofela le helehileng le ho emisa litora holim’a lona, ’me ka ntle a haha lerako le leng, . . . ’me a etsa marumo a mangata le lithebe.” (2 Likron. 32:3-5) E le hore Jehova a hlokomele sechaba sa Hae le ho se alosa ka nako eo, o ile a sebelisa banna ba ’maloa ba sebete, e leng Ezekiase, likhosana tsa hae le baprofeta ba matla moeeng.

13. Ezekiase o ile a etsa ntho efe ea bohlokoa ho lokisetsa sechaba tlhaselo e tlang? Hlalosa.

13 Ka mor’a moo, Ezekiase o ile a etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta ho thiba metsi a liliba kapa ho tiisa marako a motse. Kaha Ezekiase e ne e le molisa ea tsotellang, o ile a bokella sechaba ’me a se khothatsa moeeng ka mantsoe ana a reng: “Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo ka lebaka la morena oa Assyria . . . , etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le eena. Se nang le eena ke letsoho la nama, empa ea nang le rōna ke Jehova Molimo oa rōna ho re thusa le ho loana lintoa tsa rōna.” Ka sebele ena ke khopotso e matlafatsang tumelo—ea hore Jehova o tla loanela batho ba hae! Ha Bajuda ba utloa seo, “ba qala ho itšetleha ka mantsoe a Ezekiase morena oa Juda.” Ela hloko hore ke “mantsoe a Ezekiase” a ileng a khothatsa sechaba. Eena le likhosana tsa hae hammoho le banna ba hae ba matla, haesita le moprofeta Mikea le moprofeta Esaia, e ile ea e-ba balisa ba molemo, feela joalokaha Jehova a ne a boletse esale pele ka moprofeta oa hae.—2 Likron. 32:7, 8; bala Mikea 5:5, 6.

Sechaba se ile sa khothatsoa ke mantsoe a Ezekiase (Sheba serapa sa 12 le 13)

14. Rabshake o ile a etsa’ng, hona sechaba se ile sa itšoara joang?

14 Morena oa Assyria o ile a hloma liahelo Lakishe, ka boroa-bophirimela ho Jerusalema. Ha a le moo, o ile a romela manģosa a mararo, ’me a laela baahi hore ba inehele. ’Muelli oa hae ea neng a bitsoa Rabshake, o ile a sebelisa maqiti a sa tšoaneng. A bua ka Seheberu, o ile a phehella sechaba hore se tsoe morena tlaase ’me se ikokobeletse Baassyria, a se tšepisa hore o tla se isa naheng eo se tla phela hamonate ho eona. (Bala 2 Marena 18:31, 32.) Ka mor’a moo, Rabshake o ile a re feela joalokaha melimo ea lichaba e sitiloe ho sireletsa barapeli ba eona, Jehova le eena o tla sitoa ho pholosa Bajuda litleneng tsa Baassyria. Empa sechaba se ile sa etsa ka bohlale, kaha ha sea ka sa leka ho araba leshano leo, e leng seo le kajeno bahlanka ba Jehova ba atisang ho se etsa.—Bala 2 Marena 18:35, 36.

15. Baahi ba Jerusalema ba ne ba lokela ho etsa’ng, hona Jehova o ile a pholosa motse oo joang?

15 Ke ho utloahalang hore ebe Ezekiase o ile a ferekana, empa ho e-na le hore a kōpe thuso ’musong o mong, o ile a bitsa Esaia. Esaia o ile a re ho Ezekiase: “[Sankeribe] a ke ke a kena motseng ona leha e le  hore o tla fula motsu moo.” (2 Mar. 19:32) Sohle seo baahi ba Jerusalema ba neng ba lokela ho se etsa ke hore ba eme ba tiile. Jehova o ne a tla loanela Juda. ’Me o ile a fela a e loanela! “Bosiung boo lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa Baassyria.” (2 Mar. 19:35) Juda ha e ea ka ea pholosoa ke hore ebe Ezekiase o ne a thibile metsi a liliba kapa a tiisitse marako a motse, empa e ile ea pholosoa ke Molimo.

SEO RE ITHUTANG SONA KAJENO

16. Ke bo-mang kajeno ba emeloang ke (a) baahi ba Jerusalema (b) “Moassyria” (c) balisa ba supileng le babusisi ba robeli?

16 Boprofeta bo buang ka balisa ba supileng le babusisi ba robeli bo phethahala haholo mehleng ena ea rōna. Baassyria ba ile ba hlasela baahi ba Jerusalema ea boholo-holo. Haufinyane, batho ba Jehova bao ho bonahalang eka ba sitoa ho itšireletsa ba tla hlaseloa ke “Moassyria,” ka sepheo sa ho ba felisa. Mangolo a bua ka tlhaselo eo le ka tlhaselo ea ‘Gogo oa Magogo,’ tlhaselo ea “morena oa leboea” le tlhaselo ea “marena a lefatše.” (Ezek. 38:2, 10-13; Dan. 11:40, 44, 45; Tšen. 17:14; 19:19) Na see se bolela hore ke litlhaselo tse sa tšoaneng? Mohlomong ha ho joalo. Bibele e ka ’na ea bua ka tlhaselo e le ’ngoe empa e sebelisa mabitso a sa tšoaneng. Boprofeta ba Mikea bo bontša hore Jehova o ne a tla sebelisa ‘sebetsa’ sefe khahlanong le sera seo se lonya, e leng “Moassyria”? O tla sebelisa sebetsa se sa tloaelehang—e leng “balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli”! (Mik. 5:5) Balisa le babusisi (kapa “likhosana,” NEB) lebothong lena le ikhethang ke baholo ba phutheho. (1 Pet. 5:2) Ka sebele, Jehova o fane ka banna ba bangata ba moea e le hore ba alose linku tsa hae tseo a li ratang le ho matlafatsa batho ba hae e le hore ba tle ba tobane le tlhaselo ea “Moassyria” oa kajeno. * Boprofeta ba Mikea bo re ba tla “lisa naha ea Assyria ka sabole.” (Mik. 5:6) Ha e le hantle, se seng sa ‘lihlomo ntoeng ena ea bona,’ ke “sabole ea moea,” e leng Lentsoe la Molimo.—2 Bakor. 10:4; Baef. 6:17.

17. Ke lintlha life tse ’nè tseo baholo ba ka iphumanelang tsona tlalehong eo re sa tsoa e hlahloba?

17 Baholo ba balang sehlooho sena ba ka iphumanela lintlha tse khothatsang tlalehong ena eo re sa tsoa e hlahloba: (1) Ntho ea bohlokoa eo re ka e etsang ho itokiselletsa tlhaselo e tlang ea “Moassyria” ke ho matlafatsa tumelo ea rōna ho Molimo le ho thusa barab’abo rōna hore ba etse se tšoanang. (2) Ha “Moassyria” a hlasela, baholo ba lokela ho kholiseha ka ho feletseng hore Jehova o tla re pholosa. (3) Ka nako eo, tataiso e tla re pholosa e fanoang ke mokhatlo oa Jehova e ka ’na ea bonahala eka ha e utloahale ho ea ka pono ea batho. Kaofela ha rōna re lokela ho ikemisetsa ho mamela litaelo leha e le life tseo re li fuoang, ebang re nka hore lia utloahala kapa che. (4) Ena ke nako ea hore motho leha e le ofe ea tšepileng thuto ea lefatše, lintho tse bonahalang, kapa mekhatlo ea batho a fetole monahano oa hae. Baholo ba lokela ho ikemisetsa ho thusa leha e le mang eo e ka ’nang eaba hona joale o oa thekesela tumelong.

18. Ho nahana ka tlaleho ee ho ka ’na ha re tsoela molemo joang nakong e tlang?

18 Nako e ea tla eo ka eona bahlanka ba Molimo ba kajeno ba tla bonahala eka ba sitoa ho itšireletsa joaloka Bajuda ba neng ba qabeletsoe Jerusalema mehleng ea Ezekiase. E se eka ka nako eo, kaofela ha rōna re ka khothatsoa ke mantsoe a Ezekiase. A re hopoleng hore lira tsa rōna ‘li na le letsoho la nama, empa ea nang le rōna ke Jehova Molimo oa rōna ho re thusa le ho loana lintoa tsa rōna’!—2 Likron. 32:8.

^ ser. 4 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moroetsana” ho Esaia 7:14 le ka bolela mosali ea nyetsoeng kapa ea sa nyaloang. Kahoo, lentsoe leo le ka sebelisoa ho mosali oa Esaia le ho Maria, moroetsana oa Mojuda.

^ ser. 16 Hangata ka Mangolong, palo supa e sebelisetsoa ho emela phetheho. Ka linako tse ling, palo robeli (e leng supa ha e kopana le ’ngoe) e emela bongata.