Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Balisa, Etsisang Balisa ba ka Sehloohong

Balisa, Etsisang Balisa ba ka Sehloohong

“Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 PET. 2:21.

1, 2. (a) Ho etsahala’ng ha linku li hlokometsoe hantle? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata mehleng ea Jesu ba ne ba tšoana le linku tse se nang molisa?

LINKU lia atleha ha molisa a li hlokomela. Buka e ’ngoe e buang ka ho rua linku e re, “ha motho a isa mohlape naheng feela empa a sa o tsotelle, ha nako e ntse e ea, linku li ka ’na tsa khathatsoa ke ho kula ’me tsa se ke tsa mo ruisa molemo.” Empa ha linku li hlokometsoe hantle, mohlape o tla atleha.

2 Tsela eo balisa ba mohlape oa Molimo ba hlokomelang nku ka ’ngoe e kalosong ea bona, e tla ama bomoea ba phutheho eohle. Hopola hore Jesu o ile a hauhela bongata kaha “bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Ke hobane’ng ha bo ne bo le boemong bo utloisang bohloko joalo? Ke hobane ba neng ba fuoe boikarabelo ba ho ruta batho Molao oa Molimo ba ne ba le sehlōhō, ba batla sena le sane ebile e le baikaketsi. Ho e-na le hore baeta-pele ba moea ba Iseraele ba thuse mohlape, ba ne ba o jarisa ‘mojaro o boima.’—Mat. 23:4.

3. Baholo ba phutheho ba lokela ho ela hloko eng ha ba ntse ba phethahatsa boikarabelo ba bona ba ho ba balisa ba moea?

3 Kahoo, balisa ba Bakreste kajeno, e leng baholo ba khethiloeng, ba na le boikarabelo bo tebileng. Linku tse mohlapeng oo ba o alosang ke tsa Jehova le Jesu, ea ileng a ipitsa “molisa ea khabane.” (Joh. 10:11) Linku li ‘rekiloe ka theko’ eo Jesu a ileng a e lefa ka ‘mali a hae a bohlokoa.’ (1 Bakor. 6:20; 1 Pet. 1:18, 19) O rata linku hoo a ileng a li tella bophelo ba hae. Baholo ba lokela ho lula ba hopola hore ke balisa ba tlaasana, ba laoloang ke Mora ea lerato oa Molimo, e leng Jesu Kreste, “molisa e moholo oa linku.”—Baheb. 13:20.

4. Re tlil’o tšohla’ng sehloohong see?

 4 Ho lebeletsoe hore balisa ba Bakreste ba tšoare linku joang? Litho tsa phutheho li phehelloa hore li ‘mamele ba li etellang pele.’ Ka lehlakoreng le leng, baholo ba Bakreste ba eletsoa hore ba qobe “ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo.” (Baheb. 13:17; bala 1 Petrose 5:2, 3.) Joale, ke joang baholo ba khethiloeng ba ka etellang mohlape pele empa ba sa rene ka thata holim’a oona? Ka mantsoe a mang, baholo ba ka etsa’ng ho hlokomela linku empa ba sa tlōle moeli oo Molimo a o behetseng balebeli?

“O TLA LI BEHA SEFUBENG”

5. Papiso e ho Esaia 40:11 e re ruta’ng ka Jehova?

5 Moprofeta Esaia o ile a re ka Jehova: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng. Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.” (Esa. 40:11) Papiso ena e bontša hore Jehova o tsotella litho tse fokolang tsa phutheho le tse sitoang ho itšireletsa. Feela joalokaha molisa a ela hloko seo nku ka ’ngoe mohlapeng oa hae e se hlokang ’me a ikemiselitse ho e thusa, Jehova o tseba seo litho tsa phutheho li se hlokang ’me o thabela ho li thusa. Joalokaha molisa a kenya konyana e sa tsoa tsoaloa lemenong la seaparo sa hae ha ho hlokahala, Jehova—e leng “Ntate oa mehauhelo e bonolo”—o tla re jara linakong tse thata. O tla re khothatsa ha re lekoa kapa re le mathateng.—2 Bakor. 1:3, 4.

6. Kaha moholo ke molisa oa moea, a ka etsisa Jehova joang?

6 Ruri molisa oa moea a ka ithuta thuto ea bohlokoa ho Ntate oa rōna ea leholimong! Joaloka Jehova, o lokela ho ela hloko seo linku li se hlokang. Ha moholo a tseba hore na linku li tobana le mathata afe le hore na li hloka thuso ka potlako lintlheng life ka ho khetheha, o tla nolofalloa ho li khothatsa le ho li tšehetsa ka tsela e hlokahalang. (Liprov. 27:23) Ho hlakile hore moholo o lokela ho buisana ka bolokolohi le balumeli-’moho le eena. Le hoja a sa itšunya-tšunye litabeng tsa botho, o thahasella ho bona le ho utloa se etsahalang ka phuthehong, ’me ka lerato o ithaopela ho ‘thusa ba fokolang.’—Lik. 20:35; 1 Bathes. 4:11.

7. (a) Linku tsa Molimo li ne li tšoeroe joang mehleng ea Ezekiele le Jeremia? (b) Re ka ithuta’ng tseleng eo ka eona Jehova a ileng a nyatsa balisa ba sa tšepahaleng ba moea?

7 Nahana ka boitšoaro ba balisa bao Molimo a ileng a ba nyatsa. Mehleng ea Ezekiele le Jeremia, Jehova o ile a nyatsa balisa ba ileng ba sitoa ho hlokomela linku tsa hae hantle. Ha ho ne ho se na motho ea li hlokomelang, linku li ne li hlaseloa ’me li phasalla. Ho e-na le hore balisa bao ba li fepe, ba ne “ba iphepa” ba bile ba tlatlapa linku. (Ezek. 34:7-10; Jer. 23:1) Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana le bona ba ka nyatsuoa ka tsela e tšoanang le eo Molimo a ileng a nyatsa balisa bao ka eona. Empa sena se boetse se totobatsa bohlokoa ba kamoo baholo ba Bakreste ba lokelang ho hlokomela mohlape oa Jehova kateng le ho o bontša lerato.

“KE LE BEHETSE MOHLALA”

8. Jesu o behile mohlala ofe o motle tabeng ea ho lokisa maikutlo a fosahetseng?

8 Ka lebaka la ho se phethahale, linku tse ling tsa Molimo li ka ’na tsa lieha ho utloisisa seo Jehova a se lebeletseng ho tsona. Li ka ’na tsa sitoa ho latela keletso ea Mangolo, kapa tsa etsa lintho ka tsela e bontšang hore lia fokola moeeng. Baholo ba lokela ho etsa’ng boemong boo?  Ba lokela ho etsisa tsela eo Jesu a ileng a mamella barutuoa ba hae ka eona, ha ba ne ba amehile ka hore na ke mang har’a bona ea tla ba moholo ’Musong. Ho e-na le hore Jesu a ba felle pelo, o ile a tsoela pele ho ba ruta le ho ba eletsa ka lerato hore ba bontše boikokobetso. (Luka 9:46-48; 22:24-27) Jesu o ile a hlatsoa barutuoa ba hae maoto, kahoo a ba behela mohlala o motle oa boikokobetso, e leng seo balebeli ba Bakreste ba lokelang ho se etsa.—Bala Johanne 13:12-15; 1 Pet. 2:21.

9. Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba be le boikutlo bofe?

9 Tsela eo Jesu a neng a talima mosebetsi oa molisa oa moea e ne e fapane le eo Jakobo le Johanne ba neng ba o talima ka eona. Baapostola bao ba ne ba batla maemo a hlaheletseng ’Musong. Empa Jesu o ile a lokisa boikutlo ba bona ka ho re: “Lea tseba hore babusi ba lichaba ba rena ka thata holim’a tsona le banna ba baholo ba sebelisa bolaoli holim’a tsona. Ha hoa lokela ho ba ka tsela ena har’a lōna; empa mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna.” (Mat. 20:25, 26) Baapostola ba ne ba lokela ho loantša tšekamelo ea ho batla ho “rena ka thata” ho balumeli-’moho le bona.

10. Jesu o batla hore baholo ba tšoare mohlape joang, hona Pauluse o behile mohlala ofe tabeng ee?

10 Jesu o lebeletse hore baholo ba Bakreste ba tšoare mohlape ka tsela eo a ileng a o tšoara ka eona. Ba lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa barab’abo bona, ho e-na le ho iketsa marena a bona. Moapostola Pauluse o ne a ikokobelitse ka tsela eo, kaha o ile a re ho baholo ba phutheho ea Efese: “Le tseba hantle kamoo ho tloha letsatsing la pele ha ke hata seterekeng sa Asia ke neng ke e-na le lōna nako eohle, ke sebeletsa Morena joaloka lekhoba ka ho ikokobetsa ho hoholo kelellong.” Moapostola eo o ne a lakatsa hore baholo bao ba thuse ba bang ka tieo le ka boikokobetso. O ile a re: “Ke le bontšitse linthong tsohle hore ka ho sebetsa ka tsela ena le thuse ba fokolang.” (Lik. 20:18, 19, 35) Pauluse o ile a bolella Bakorinthe hore o ne a sa laole tumelo ea bona. Ho fapana le hoo, e ne e le mosebetsi-’moho le bona ea ikokobelitseng bakeng sa thabo ea bona. (2 Bakor. 1:24) Pauluse o behetse baholo ba kajeno mohlala o motle oa boikokobetso le oa ho sebetsa ka thata.

“TŠOARELLANG KA TIEO LENTSOENG LE TŠEPAHALANG”

11, 12. Moholo a ka thusa molumeli-’moho le eena joang ho etsa qeto?

11 Moholo oa phutheho o lokela ho ‘tšoarella ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea ho ruta.’ (Tite 1:9) Empa o lokela ho etsa seo “ka moea o bonolo.” (Bagal. 6:1) Ho e-na le ho qobella ba bang ka phuthehong hore ba etse lintho ka tsela e itseng, molisa ea molemo oa moea o batla tsela ea ho ba finyella lipelo. Moholo a ka ’na a totobatsa melao-motheo ea Mangolo eo mor’abo rōna a lokelang ho nahana ka eona ha a etsa qeto ea bohlokoa. A ka ’na a mo bontša lingoliloeng tse buang ka taba eo. Hape, a ka ’na a mo khothalletsa hore a nahane kamoo ho etsa lintho tse itseng ho ka amang kamano ea hae le Jehova kateng. Moholo a ka hatisa bohlokoa ba ho kōpa tataiso ea Molimo ka thapelo pele motho a etsa qeto. (Liprov. 3:5, 6) Ka mor’a hore moholo a buisane le molumeli-’moho le eena ka lintlha tseo, o tla mo tlohela hore a iketsetse qeto.—Bar. 14:1-4.

12 Balebeli ba Bakreste ba lokela ho  fana feela ka tataiso e tsoang ka Mangolong. Kahoo, ba lokela ho sebelisa Bibele hantle ’me ba khomarele seo e se buang. Ho etsa joalo ho tla thusa baholo hore ba se ke ba sebelisa matla a bona hampe. Etsoe e mpa e le balisa ba tlaasana feela, ’me e mong le e mong ka phuthehong o tla ikarabella ho Jehova le ho Jesu ka liqeto tseo a li etsang.—Bagal. 6:5, 7, 8.

“MEHLALA HO MOHLAPE”

Baholo ba thusa ba malapa a bona ho itokiselletsa tšebeletso (Sheba serapa sa 13)

13, 14. Moholo o lokela ho behela mohlape mohlala lintlheng life?

13 Ka mor’a hore moapostola Petrose a eletse baholo ba phutheho hore ba se ke ba rena ka thata ho ba behiloeng tlhokomelong ea bona, o ile a ba khothalletsa hore e ‘be mehlala ho mohlape.’ (1 Pet. 5:3) Moholo a ka behela mohlape mohlala joang? Nahana ka litšoaneleho tse peli tseo motho ea batlang ho “hahamalla boemo ba molebeli” a lokelang ho li finyella. O lokela ‘ho hlaphoheloa kelellong’ ’me ‘a okamele ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle.’ Haeba moholo a na le lelapa, o lokela ho le okamela ka tsela e behang mohlala, kaha “haeba ka sebele motho leha e le ofe a sa tsebe ho okamela ba ntlo ea hae, o tla hlokomela phutheho ea Molimo joang?” (1 Tim. 3:1, 2, 4, 5) E le hore motho a tšoanelehele ho ba molebeli, o lokela ho hlaphoheloa kelellong, ke hore a utloisise ka ho hlaka melao-motheo ea Mangolo ’me a e sebelise bophelong. O lokela ho laola maikutlo, ’me a se ke a potlakela ho ahlola lintho. Ha baholo ba na le litšobotsi tsena, seo se etsa hore ba bang ka phuthehong ba ba tšepe.

14 Balebeli ba boetse ba behela Bakreste-’moho le bona mohlala o motle ka hore ba ba etelle pele tšebeletsong ea tšimo. Jesu o behetse balebeli mohlala tabeng ena. Ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a e etsa ha a le lefatšeng ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. O ile a bontša barutuoa ba hae hore na ba etse mosebetsi ona joang. (Mar. 1:38; Luka 8:1) Kajeno, bahoeletsi baa khothala ha ba paka le baholo, ba bona kamoo baholo ba chesehelang mosebetsi ona o pholosang bophelo, ’me ba ithuta mohlaleng oa bona oa ho ruta! Ho ikemisetsa ha baholo ho sebelisa nako le matla a bona boboleling ba litaba tse molemo le hoja ba phathahane, ho khothatsa bohle ka phuthehong hore ba etse se tšoanang. Baholo ba ka boela ba behela barab’abo bona mohlala o motle ka hore ba lokisetse liboka tsa phutheho le ho nka karolo ho tsona haesita le ho kopanela mesebetsing e meng, e kang ea ho hloekisa Holo ea ’Muso le ho e lokisa.—Baef. 5:15, 16; bala Baheberu 13:7.

Balebeli ba beha mohlala tšebeletsong ea tšimo (Sheba serapa sa 14)

“LE TŠEHETSE BA FOKOLANG”

15. Ke hobane’ng ha baholo ba etsa maeto a bolisa?

15 Molisa ea molemo o potlakela ho  thusa nku ha e lemetse kapa e kula. Ka ho tšoanang, baholo ba lokela ho potlakela ho thusa leha e le mang ka phuthehong ea nang le mathata kapa ea hlokang thuso moeeng. Ba hōlileng le ba kulang ba ka ’na ba hloka ho thusoa ka lintho tse itseng, empa ka ho khetheha ba hloka thuso ea moea le khothatso. (1 Bathes. 5:14) Bacha ka phuthehong ba ka ’na ba loantšana le mathata a kang a “litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Tim. 2:22) Kahoo, ho ba molisa ho akarelletsa ho etela litho tsa phutheho nako le nako ka sepheo sa ho utloisisa maemo ao li tobanang le ’ona le ho li khothatsa ka lintlha tse loketseng tsa Mangolo. Ha maemo ao a ka lokisoa nako e sa le teng, ho ka qojoa mathata a mangata.

16. Baholo ba ka thusa setho sa phutheho se hlokang thuso ea moea joang?

16 Ke’ng se ka etsoang ha mathata a hlaha hoo boemo ba motho ba moea bo bang kotsing? Jakobo o ile a re: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.” (Jak. 5:14, 15) Esita le haeba motho ea kulang moeeng a sa ‘bitse banna ba baholo,’ ba lokela ho potlakela ho mo thusa hang ha ba hlokomela hore o hloka thuso. Ha baholo ba rapela le barab’abo rōna ba bile ba ba rapella ha ba le mathateng, ba khatholla linku tse tlhokomelong ea bona moeeng ’me baa li khothatsa.—Bala Esaia 32:1, 2.

17. Liphello e ba life ha baholo ba etsisa “molisa e moholo”?

17 Balisa ba Bakreste ba leka ho etsisa “molisa e moholo,” Jesu Kreste linthong tsohle tseo ba li etsang ka mokhatlong oa Jehova. Mohlape o rua molemo o moholo ’me o tsoela pele ho atleha ha o thusoa ke banna ba filoeng boikarabelo. Re leboha Jehova, Molisa oa rōna ea babatsehang le ho mo rorisa ka tsena tsohle.