Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Lula re E-na le Boikutlo ba ‘ho Leta’ Joang?

Re ka Lula re E-na le Boikutlo ba ‘ho Leta’ Joang?

‘Ke tla leta.’—MIK. 7:7.

1. Ke’ng e ka ’nang ea etsa hore re fele pelo?

TSAMAISO ea Satane e ile ea kena matsatsing a eona a ho qetela, ha ’Muso oa Bomesia o thehoa ka 1914. Ka mor’a hore ho be le ntoa leholimong, Jesu o ile a lihela Diabolose le bademona lefatšeng. (Bala Tšenolo 12:7-9.) Satane o oa tseba hore o saletsoe ke “nako e khutšoanyane.” (Tšen. 12:12) Empa “nako” eo e se e nkile lilemo tse mashome, ’me ba bang ba ka ’na ba nka hore matsatsi a ho qetela a lieha ho fela. Na re fela pelo ha re ntse re letetse Jehova hore a nke khato?

2. Ho tla tšohloa eng sehloohong see?

2 Ho fela pelo ho ka ba kotsi, kaha ho ka re etsisa lintho ka lepotlapotla. Re ka etsa’ng hore re lule re e-na le boikutlo ba ho leta? Sehlooho sena se tla re thusa ho etsa seo ka ho araba lipotso tse latelang. (1) Mohlala oa moprofeta Mikea o re ruta’ng ka mamello? (2) Ke liketsahalo life tse tla bontša hore nako ea rōna ea ho leta e felile? (3) Re ka bontša joang hore re ananela mamello ea Jehova?

RE KA ITHUTA’NG MOHLALENG OA MIKEA?

3. Maemo a ne a le joang Iseraele mehleng ea Mikea?

3 Bala Mikea 7:2-6. Mehleng ea puso ea Morena Akaze ea khopo, moprofeta oa Jehova ea bitsoang Mikea o ile a bona Baiseraele ba thekesela tumelong, ho fihlela ba se ba le boemong bo nyarosang. Mikea o tšoantša Baiseraele bao ba sa tšepahaleng le “sehlahla se hlabang” le “lekhoakhoa la meutloa.” Feela joalokaha sehlahla se hlabang kapa lekhoakhoa la meutloa le hlaba motho ea fetang ho lona, Baiseraele bao ba bolileng ba ne ba silafatsa batho bao ba sebelisanang le bona. Bobolu bo ne bo iphile matla hoo le malapa a neng a qhalana. Kaha Mikea o ne a elelloa hore ha ho seo a ka se etsang ho lokisa boemo, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova. Ka mor’a moo, o ile a letela Molimo  ka mamello hore a nke khato. Mikea o ne a kholisehile hore Jehova o tla nka khato ka nako ea Hae e loketseng.

4. Re tobana le mathata afe?

4 Joaloka Mikea, re tlameha ho phela har’a batho ba ichebileng bobona. Ba bangata ba bona ‘ha ba na teboho, ha ba tšepahale ebile ha ba na lerato la tlhaho.’ (2 Tim. 3:2, 3) Rea nyahama ha batho bao re sebetsang le bona, bao re kenang sekolo le bona le baahelani ba bontša boithati. Empa bahlanka ba bang ba Molimo ba tobana le bothata bo tebileng le ho feta. Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba tla hanyetsoa ke beng ka bona, ’me o ile a sebelisa mantsoe a tšoanang le a tlalehiloeng ho Mikea 7:6 ha a hlalosa liphello tse neng li tla tlisoa ke molaetsa oa hae. Jesu o ile a re: “Ke tletse ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntat’ae, le morali khahlanong le ’m’ae, le mosali e mocha khahlanong le ’m’ae matsale. Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Mat. 10:35, 36) Ruri ho thata ho mamella ho songoa le ho hanyetsoa ke beng ka uena ba sa lumeleng seo u se lumelang! Haeba re tobana le teko e joalo, a re se keng ra inehela. Ho e-na le hoo, a re luleng re tšepahala ’me ka mamello re letele Jehova hore a lokise litaba. Haeba re lula re mo kōpa hore a re thuse, o tla re fa matla le bohlale e le hore re mamelle.

5, 6. Jehova o ile a putsa Mikea joang, empa ke’ng eo Mikea a sa kang a e bona?

5 Jehova o ile a putsa mamello ea Mikea. Mikea o ile a bona ha Morena Akaze le puso ea hae e khopo e fela. O ile a bona ha mora oa Akaze, e leng Morena Ezekiase ea lokileng, a lula teroneng ’me a tsosolosa borapeli bo hloekileng. Molaetsa oa Jehova oa kahlolo khahlanong le Samaria oo Mikea a neng a o phatlalatsa, o ile oa phethahala ha Baassyria ba futuhela karolo e ka leboea ea ’muso oa Iseraele.—Mik. 1:6.

6 Empa Mikea ha aa ka a bona phethahatso ea boprofeta bohle boo Jehova a neng a mo bululetse hore a bo bolele. Ka mohlala, Mikea o ile a ngola, a re: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; ’me lichaba li tla phallela ho eona. Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova.’” (Mik. 4:1, 2) Mikea o ile a shoa nako e telele pele boprofeta boo bo phethahala. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala ho Jehova ho isa lefung, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba etsa’ng. Tabeng ena, Mikea o ile a re: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona; empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Mik. 4:5) Mikea o ile a khona ho leta ka mamello nakong eo e thata, kaha o ne a kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa lintho tsohle tseo a li tšepisitseng. Moprofeta eo ea tšepahalang o ile a tšepa Jehova.

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka le utloahalang la ho tšepa Molimo? (b) Ke’ng e tla etsa hore nako e fete ka potlako?

7 Na le rōna re tšepa Jehova ka tsela eo? Re na le lebaka le utloahalang la ho mo tšepa. Re bone ha boprofeta ba Mikea bo phethahala. “Karolong e qetellang ea matsatsi,” batho ba limilione ba tsoang lichabeng, merabeng le malemeng ’ohle ba ’nile ba phallela ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’ Le hoja ba tsoa lichabeng tse loantšanang, barapeli bana ba teile “lisabole tsa bona hore e be mehoma,” ’me ba hana ho “ithuta ntoa.” (Mik. 4:3) Ruri ke tlotla ho balelloa har’a batho ba Jehova ba ratang khotso!

8 Ke ho utloahalang hore ebe re batla hore Jehova a felise tsamaiso ena e khopo haufinyane. Leha ho le joalo, re lokela ho talima lintho ka tsela eo Jehova a li  talimang ka eona, e le hore re lete ka mamello. O khethile letsatsi leo a tla ahlola batho ka lona a sebelisa “monna eo a mo behileng,” e leng Jesu Kreste. (Lik. 17:31) Empa pele nako eo e fihla, Molimo o fa batho ba mefuta eohle monyetla oa hore ba fumane ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete,’ ba sebelise seo ba ithutang sona, ’me ba bolokehe. Bophelo ba batho bo kotsing. (Bala 1 Timothea 2:3, 4.) Haeba re phathahane ka ho thusa ba bang hore ba fumane tsebo e nepahetseng ka Molimo, nako e setseng pele kahlolo ea Jehova e fihla e tla feta ka potlako. Haufinyane nako eo ea kahlolo e tla fihla ka tšohanyetso. Ha nako eo e fihla, ruri re tla thaba hore ebe re ne re phathahane ka ho bolela molaetsa oa ’Muso!

KE LIKETSAHALO LIFE TSE TLA BONTŠA HORE NAKO EA HO LETA E FELILE?

9-11. Na 1 Bathesalonika 5:3 e se e phethahetse? Hlalosa.

9 Bala 1 Bathesalonika 5:1-3. Haufinyane lichaba li tla re, “Khotso le tšireletseho!” Haeba re sa batle ho tsometsoa ke phatlalatso ena, re lokela ‘ho lula re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.’ (1 Bathes. 5:6) E le ho re thusa hore re lule re falimehile moeeng, a re hlahlobeng ho se hokae liketsahalo tse lebisang phatlalatsong ena e ikhethang.

10 Ka mor’a lintoa tse peli tsa lefatše, lichaba li ile tsa bolela hore li batla khotso. Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, li ile tsa theha Selekane sa Lichaba ka tšepo ea hore se tla tlisa khotso. Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše teng, li ne li tšepile hore Machaba a Kopaneng ke oona a tla tlisa khotso lefatšeng. Baeta-pele ba mebuso le ba bolumeli ba ne ba lumela hore mekhatlo ena e tla tlisa khotso. Ka mohlala, ka 1986, Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa hohle hore selemo seo ke Selemo sa Machaba sa Khotso. Selemong sona seo, baeta-pele ba linaha le ba malumeli a mangata ba ile ba imatahanya le hlooho ea Kereke e K’hatholike Assisi, Italy, ho ea rapella khotso.

11 Leha ho le joalo, phatlalatso eo le tse ling tse tšoanang le eona ha lia ka tsa phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho  1 Bathesalonika 5:3. Hobane’ng? Hobane “timetso ea tšohanyetso” e boletsoeng esale pele temaneng eo ha e e-s’o etsahale.

12. Ke’ng eo re e tsebang ka phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho”?

12 Ke bo-mang ba tla etsa phatlalatso ee e ikhethang ea “Khotso le tšireletseho”? Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana le ba malumeli a mang ba tla khatha tema efe? Baeta-pele ba mebuso ba tla kenella joang phatlalatsong ee? Mangolo ha a re bolelle. Seo re se tsebang ke hore ho sa tsotellehe hore na phatlalatso eo e etsoa joang kapa hore na e ka ’na ea utloahala e le ea sebele hakae, e tla be e se ea ’nete. Tsamaiso ena ea khale e tla tsoela pele e laoloa ke Satane. E bolile ’me ha ho letho le tla ke le fetohe. E ka ba ho soabisang hakaakang haeba leha e le mang oa rōna a ka kholoa leshano la Satane eaba o lahla botšepehi ba Bokreste!

13. Ke hobane’ng ha mangeloi a tšoere meea ea timetso?

13 Bala Tšenolo 7:1-4. Ha re ntse re letetse ho phethahala ha boprofeta bo ho 1 Bathesalonika 5:3, mangeloi a matla a ntse a tšoere meea ea timetso ea matšoenyeho a maholo. A e tšoaretse’ng? Moapostola Johanne o hlalosa lebaka le leng la bohlokoa—e leng ho tiisoa ha ho qetela ha “makhoba [a tlotsitsoeng] a Molimo oa rōna”. * Hang ha ho tiisoa hoo ha ho qetela ho se ho phethiloe, mangeloi a tla lokolla meea eo ea timetso. Ho tla etsahala’ng ka mor’a moo?

14. Ke’ng e bontšang hore ho timetsoa ha Babylona e Moholo ho atametse?

14 Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e tla felisoa. “Batho le matšoele le lichaba le maleme” ba tla sitoa ho e pholosa. Re se re ntse re bona hore e haufi le ho timetsoa. (Tšen. 16:12; 17:15-18; 18:7, 8, 21) Ha e le hantle, mecha ea litaba e bontša hore hona joale batho ba bangata ha ba sa tšehetsa bolumeli le baeta-pele ba bolumeli, ’me ba tsoela pele ho ba khahlanong le bona. Leha ho le joalo, baeta-pele ba Babylona e Moholo ba nahana hore ha ba kotsing. Empa ha e le hantle ba kotsing! Ka mor’a hore ho etsoe phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho!” mekhatlo ea lipolotiki ea tsamaiso ea Satane e tla hlanohela bolumeli ba bohata ’me e bo felise. Babylona e Moholo e ke ke ea hlola e e-ba teng! Ka sebele re lokela ho letela liketsahalo tseo tse hlollang re sa fele pelo.—Tšen. 18:8, 10.

RE KA BONTŠA JOANG HORE RE ANANELA MAMELLO EA MOLIMO?

15. Ke hobane’ng ha Jehova a sa potlakele ho nka khato?

15 Ho sa tsotellehe thohako eo batho ba ntseng ba e tlisetsa lebitso la hae, Jehova o letile ka mamello hore a nke khato ka nako e loketseng. Jehova ha a batle hore motho leha e le ofe ea tšepahalang a timetsoe. (2 Pet. 3:9, 10) Na ke kamoo le rōna re ikutloang kateng? Pele letsatsi la Jehova le fihla, re ka bontša hore re ananela mamello ea hae ka litsela tse latelang.

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho thusa batho ba khathetseng moeeng? (b) Ke hobane’ng ha batho ba khathetseng moeeng ba lokela ho khutlela ho Jehova ka potlako?

16 Thusa ba khathetseng moeeng. Jesu o ile a re ho ba le thabo leholimong ha nku e le ’ngoe e lahlehileng e fumanoa. (Mat. 18:14; Luka 15:3-7) Ho hlakile hore Jehova o amehile ka ho teba ka batho bohle ba bontšitseng hore ba rata lebitso la hae, esita le haeba hona joale ba sa mo sebeletse ka mafolofolo. Ha re ba thusa hore ba khutlele ka phuthehong, seo se thabisa Jehova le mangeloi.

17 Na u e mong oa bao hona joale ba sa sebeletseng Molimo ka mafolofolo? Mohlomong ho na le motho ea u utloisitseng  bohloko ka phuthehong, kahoo ua khaotsa ho kopanela le mokhatlo oa Jehova. Kaha e ka ’na eaba ho se ho fetile nako, ipotse: ‘Na ke ikutloa ke khotsofetse ke bile ke thabile ho feta pele? Na ke Jehova ea ntšitetsoeng kapa ke motho ea sa phethahalang? Na Jehova Molimo o kile a etsa ntho leha e le efe ho nkutloisa bohloko?’ Ha e le hantle, o lula a re batlela se molemo. Esita le haeba re sa phelele boinehelo ba rōna ho eena, o re lumella ho thabela lintho tse molemo tseo a fanang ka tsona. (Jak. 1:16, 17) Haufinyane letsatsi la Jehova le tla fihla. Ena ke nako ea hore re khutlele ho Ntate oa rōna ea lerato le phuthehong ea hae—e leng sona feela sebaka se sireletsehileng matsatsing ana a ho qetela.—Deut. 33:27; Baheb. 10:24, 25.

Bahlanka ba Jehova ba leka kahohle ho thusa ba khathetseng moeeng hore ba khutlele ho Jehova (Sheba serapa sa 16 le 17)

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšehetsa ba etellang pele?

18 Tšehetsa ka botšepehi ba etellang pele. Kaha Jehova ke Molisa ea lerato, o oa re tataisa ebile o oa re sireletsa. O khethile Mora oa hae hore e be Molisa ea ka Sehloohong oa mohlape oa hae. (1 Pet. 5:4) Baholo ba liphuthehong tse fetang 100 000 ba alosa linku tsa Molimo ka ho li fa tlhokomelo ka bonngoe. (Lik. 20:28) Ha re tšehetsa ka botšepehi ba khethiloeng hore ba etelle pele, re bontša hore re ananela sohle seo Jehova le Jesu ba re etselitseng sona.

19. Re ka etsa’ng hore re momahane?

19 Momahanang. See se bolela’ng? Ha lebotho le koetlisitsoeng hantle le hlaseloa ke ba lireng, masole a iketsa khokanyana-phiri, ke hore aa momahana. Kahoo ha a hlaselehe habonolo. Satane o hlasela batho ba Molimo ka matla le ho feta. Ena hase nako ea hore re loantšane. Ho e-na le hoo, ke nako ea hore re momahane, re hlokomolohe mefokolo ea ba bang, ’me re bontše hore re tšepa tataiso ea Jehova.

Ena ke nako ea hore re momahane khahlanong le Satane le bademona (Sheba serapa sa 19)

20. Re lokela ho etsa’ng hona joale?

20 E se eka kaofela ha rōna re ka lula re falimehile moeeng ’me re bontše boikutlo ba ho leta. A re leteleng ka mamello phatlalatso ea “Khotso le tšireletseho!” le ho tiisoa ha ho qetela ha batlotsuoa. Ka mor’a moo, mangeloi a mane a tla lokolla meea ea timetso, ’me Babylona e Moholo e tla felisoa. Ha re ntse re letetse liketsahalo tseo tsa bohlokoa, a re lateleng tataiso ea ba khethiloeng hore ba etelle pele mokhatlong oa Jehova. A re iketseng khokanya-phiri khahlanong le Diabolose le bademona! Ena ke nako ea ho mamela keletso ea mopesaleme, ha a re: “E-bang sebete, ’me e se eka lipelo tsa lōna li ka ba matla, lōna bohle ba letetseng Jehova.”—Pes. 31:24.

^ ser. 13 Sheba sehlooho se leqepheng la 30-31, Molula-Qhooeng oa January 1, 2007, se bontšang hore na phapang ke efe pakeng tsa ho tiisoa ha pele ha batlotsuoa le ho tiisoa ha bona ha ho qetela.