Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Jehova ba Lahla ho se Loke

Batho ba Jehova ba Lahla ho se Loke

“E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.”—2 TIM. 2:19.

1. Ke’ng eo e leng ea bohlokoa borapeling ba rōna?

NA U kile ua bona lebitso Jehova le ngotsoe mohahong oa sechaba kapa musiamong? Ha ho pelaelo hore u ile ua hlolloa ke seo ’me ua thaba. Lebaka ke hore re nka lebitso la Molimo e le la bohlokoa borapeling ba rōna—etsoe re Lipaki Tsa Jehova! Lefatšeng ka bophara ha ho na batho ba sebelisang lebitso la Molimo ka tsela eo re le sebelisang ka eona. Empa rea tseba hore tlotla ea ho jara lebitso la Molimo e tsamaea le boikarabelo.

2. Tlotla ea ho jara lebitso la Molimo e tsamaea le boikarabelo bofe?

2 Ho sebelisa lebitso la Molimo ka bohona ha ho etse hore Jehova a re amohele. Re lokela ho phela ka melao ea hae ea boitšoaro. Ke ka lebaka leo Bibele e hopotsang bahlanka ba Jehova hore ba lokela ho ‘furalla se sebe.’ (Pes. 34:14) Moapostola Pauluse o ile a totobatsa molao-motheo oo ha a ngola a re: “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.” (Bala 2 Timothea 2:19.) Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re tsebahala ka ho sebelisa lebitso la hae. Empa re ka lahla ho se loke joang?

TLOHANG BOBENG

3, 4. Ke temana efe eo e leng khale e qakile litsebi tsa Bibele, hona hobane’ng?

3 A re ke re hlahlobeng Mangolo a tsamaisanang le mantsoe  a Pauluse a ho 2 Timothea 2:19. Temaneng eo o buile ka “motheo o tiileng oa Molimo,” a ntan’o bua ka liphatlalatso tse peli tse ngotsoeng ho oona. Phatlalatso ea pele e reng, “Jehova o tseba ba hae,” ho bonahala eka e qotsitsoe ho Numere 16:5. (Sheba sehlooho se fetileng.) Phatlalatso ea bobeli e reng, “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke,” ke khale e qakile litsebi tsa Bibele. Hobane’ng?

4 Mantsoe ao a Pauluse a fana ka maikutlo a hore o a nkile mohloling o mong. Empa ha ho bonahale eka ho na le mantsoe a tsamaisanang le ana a Pauluse ka Mangolong a Seheberu. Kahoo, moapostola o ne a bolela’ng ha a re: “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke”? Pauluse o buile mantsoe ao ha a qeta ho qotsa Numere khaolo ea 16, e buang ka borabele ba Kora. Na mohlomong phatlalatso ee ea bobeli e amana le lintho tse ileng tsa etsahala nakong eo ea borabele?

5-7. Ke lintho life tse etsahetseng mehleng ea Moshe tseo Pauluse a neng a bua ka tsona ha a ngola mantsoe a tlalehiloeng ho 2 Timothea 2:19? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Bibele e re bara ba Eliabe, e leng Dathane le Abirame, ba ile ba ikopanya le Kora ba li hula pele ho fetoheleng Moshe le Arone. (Num. 16:1-5) Ba ile ba hanyetsa Moshe pepenene ’me ba nyelisa bolaoli boo Molimo a mo fileng bona. Marabele ao a ile a tsoela pele a le har’a bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, a beha bomoea ba bona kotsing. Ha nako e fihla ea hore Jehova a bontše phapang pakeng tsa barapeli ba hae ba tšepahalang le marabele ao, o ile a fana ka taelo e hlakileng.

6 Tlaleho eo e re: “Eaba Jehova o bua le Moshe, o re: ‘Bua le phutheho, u re, “Tlohang litabernakeleng tsa Kora, Dathane le Abirame!”’ Ka mor’a moo Moshe a ema ’me a ea ho Dathane le Abirame, ’me banna ba baholo ba Iseraele ba ea le eena. Joale a bua le phutheho, a re: ‘Ka kōpo, suthang ka pel’a litente tsa banna bana ba khopo ’me le se ke la ama ntho leha e le efe ea bona, hore le se ke la felisoa libeng tsohle tsa bona.’ Kapele-pele ba tloha ka pel’a tabernakele ea Kora, Dathane le Abirame, ka mahlakoreng ’ohle.” (Num. 16:23-27) Ka mor’a moo, Jehova a timetsa marabele ao kaofela. Ka lehlakoreng le leng, barapeli ba tšepahalang—ba ileng ba lahla ho se loke ka ho tloha litenteng tsa banna bao—ba ile ba sireletsoa.

7 Jehova o bona se ka pelong! O lemoha botšepehi ba bahlanka ba hae. Empa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba ile ba lokela ho nka khato e tiileng ea ho ikarola ho batho bao ba sa lokang. Ka hona, e ka ’na eaba Pauluse o ne a bua ka tlaleho e ho Numere 16:5, 23-27 ha a ngola, a re: “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.” Ho etsa qeto e joalo ho ne ho tla ba tumellanong le mantsoe a Pauluse a reng, “Jehova o tseba ba hae.”—2 Tim. 2:19.

“U HANE LITSEKISANO TSA BOOATLA LE TSE HLOKANG TSEBO”

8. Ke hobane’ng ha ho sebelisa lebitso Jehova kapa ho ba setho sa phutheho ea Bokreste ho sa lekana?

8 Ha Pauluse a ne a bua ka lintho tse etsahetseng mehleng ea Moshe, o ne a hopotsa Timothea hore o lokela ho nka khato e tiileng ho sireletsa kamano e babatsehang eo a nang le eona le Jehova. Ho ba setho sa phutheho ea Bokreste ho ne ho sa lekana, feela joalokaha ho bitsa lebitso Jehova ho ne ho sa lekana mehleng ea Moshe. Barapeli ba tšepahalang ba lokela ho nka khato e tiileng ea ho lahla ho se loke. See se ne se bolela’ng ho Timothea? Hona bahlanka ba Jehova kajeno ba ka ithuta’ng keletsong eo ea Pauluse e bululetsoeng?

9. “Litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo” li ile tsa ama phutheho ea Bokreste joang lekholong la pele la lilemo?

 9 Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e tobileng mabapi le liketso tsa ho se loke tseo Bakreste ba lokelang ho li lahla kapa ho li qoba. Ka mohlala, litemaneng tse potolohileng 2 Timothea 2:19, Pauluse o ile a re Timothea ‘a se ke a loana ka mantsoe’ ’me a “sesefe lipuo tsa lefeela.” (Bala 2 Timothea 2:14, 16, 23.) Ba bang ka phuthehong ba ne ba buella lithuto tsa bokoenehi. Ho ne ho boetse ho bonahala eka ba bang ba tsosa likhang. Esita le haeba lintho tseo ba li buang li ne li se khahlanong le Mangolo ka ho feletseng, li ne li baka likarohano. Li ne li etsa hore ba tjolietsane le ho phehisana khang, ’me seo se ba fokolisa moeeng. Kahoo, Pauluse o ile a totobatsa hore ho ne ho hlokahala hore ba “hane litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo.”

10. Re lokela ho etsa’ng ha re kopana le bakoenehi?

10 Kajeno, hase hangata ho bang le bakoenehi ka phuthehong. Empa haeba re utloa motho a bua lithuto tse sa thehoang Mangolong ho sa tsotellehe hore na ke ka tsela efe, ho hang ha rea lokela ho mo mamela. E ka ba booatla ho phehisana khang le bakoenehi ebang ke ka ho bua le bona ka ho toba, ka ho araba melaetsa ea bona ea Inthanete kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe. Esita le haeba u buisana le motho ea joalo ka sepheo sa hore u batla ho mo thusa, ho etsa joalo ho tla be ho le khahlanong le keletso ea Mangolo eo re sa tsoa e tšohla. Ho e-na le hoo, joaloka bahlanka ba Jehova, re lahla bokoenehi le ho bo qoba ka ho feletseng.

Qoba ho phehisana khang le bakoenehi (Sheba serapa sa 10)

11. Ke’ng e ka tsosang “litsekisano tsa booatla,” hona baholo ba Bakreste ba ka beha mohlala o motle joang?

11 Ho boetse ho na le lintho tse ling ntle ho bokoenehi, tse ka senyang khotso ka phuthehong. Ka mohlala, ho ba le maikutlo a sa tšoaneng ka boithabiso ho ka tsosa “litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo.” Ke ’nete hore haeba batho ba itseng ba khothalletsa boithabiso bo hananang le melao ea Jehova ea boitšoaro, baholo ba Bakreste ha baa lokela ho iphapanyetsa seo, moo feela ba qobang qhoebeshano. (Pes. 11:5; Baef. 5:3-5) Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba buella maikutlo a bona. Ka botšepehi, ba khomarela keletso ea Mangolo e fuoeng balebeli ba Bakreste, e reng: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, . . . eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.”—1 Pet. 5:2, 3; bala 2 Bakorinthe 1:24.

12, 13. (a) Lipaki Tsa Jehova li etsa joang ha ho tluoa tabeng ea ho khetha boithabiso, hona li latela melao-motheo efe ea Bibele? (b) Melao-motheo e tšohliloeng serapeng sa 12 e sebetsa joang le litabeng tse ling tsa botho?

12 Tabeng ea boithabiso, mokhatlo ha o hlahlobe lifilimi, lipapali tsa video, libuka, kapa lipina e le hore o re bolelle hore na re lokela ho qoba life. Hobane’ng? Bibele e khothalletsa bohle hore ba koetlise “matla a bona a ho lemoha a . . . ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Ka Mangolong ho na le melao-motheo eo Mokreste a ka e latelang ha a khetha boithabiso. Linthong tsohle, re lokela ho ikemisetsa ‘ho nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’ (Baef. 5:10) Bibele e fa lihlooho tsa malapa boikarabelo, kahoo li ka ’na tsa khetha ho se lumelle boithabiso bo itseng malapeng a tsona. *1 Bakor. 11:3; Baef. 6:1-4.

13 Melao-motheo ea Bibele eo re sa tsoa e tšohla ha e sebetse feela tabeng ea  ha re khetha boithabiso. Ho ba le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea moaparo le boitlhopho, bophelo le phepo e nepahetseng kapa lintho tse ling le hona ho ka ’na ha tsosa likhang. Kahoo, haeba ho se na molao-motheo oa Mangolo oo motho a o tlōlang, batho ba Jehova ba qoba ho phehisana khang ka lintho tse kang tseo, kaha “lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 Tim. 2:24.

QOBA LITLOAELANO TSE MPE!

14. Pauluse o ile a etsa papiso efe ho bontša bohlokoa ba ho qoba litloaelano tse mpe?

14 Ke ka litsela life hape batho ba bitsang lebitso la Jehova ba ka lahlang ho se loke? Ke ka ho qoba ho tloaelana le batho ba etsang lintho tse sa lokang. Ho thahasellisang ke hore Pauluse o ile a boela a etsa papiso e ’ngoe ka mor’a eo ea “motheo o tiileng oa Molimo.” O ile a bua ka ‘ntlo e khōlō’ eo ka ho eona ho se nang “lijana tsa khauta le silevera feela empa hape ho na le lijana tsa lehong le letsopa, le tse ling bakeng sa morero o hlomphehang empa tse ling bakeng sa morero o haelloang ke tlhompho.” (2 Tim. 2:20, 21) Ka mor’a moo, o ile a eletsa Bakreste hore ‘ba lulelle hōle’ kapa ba ikarole lijaneng tseo tse sebelisetsoang morero “o haelloang ke tlhompho.”

15, 16. Re ka ithuta’ng papisong ea ‘ntlo e khōlō’?

15 Papiso ee e bolela’ng? Papisong ena, Pauluse o bapisa phutheho ea Bokreste le ‘ntlo e khōlō,’ ’me litho tsa phutheho le “lijana.” Ka tlung, lijana tse ling li ka ’na tsa silafatsoa ke chefo kapa lintho tse ling tse sa hloekang. Mong’a ntlo o tla beha lijana tse joalo thōko le tse hloekileng, tseo a li sebelisetsang ho pheha.

16 Le kajeno batho ba Jehova ba loanelang ho phela ka bohloeki, ba lokela ho qoba ho tloaelana le batho ba ka phuthehong ba tsoelang pele ho hlompholla  melao ea Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 15:33.) Haeba re lokela ‘ho furalla’ ba bang ka phuthehong, ke habohlokoa le ho feta hore re qobe ho tloaelana le batho ba ka ntle ho phutheho, bao ba bangata ba bona ‘ba ratang chelete, ba sa mameleng batsoali, ba sa tšepahaleng, bao e leng baetselletsi, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki le ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo’!—2 Tim. 3:1-5.

JEHOVA O HLOHONOLOFATSA BOIKEMISETSO BA RŌNA

17. Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba totobatsa joang hore ba khahlanong le ho se loke?

17 Bibele e re Baiseraele ba ile ba nka khato ha ba bolelloa hore ‘ba tlohe litabernakeleng tsa Kora, Dathane le Abirame.’ Tlaleho e re, “kapele-pele ba tloha.” (Num. 16:24, 27) Ha baa ka ba qeaqea kapa hona ho senya nako. Mangolo a boetse a bontša kamoo ba ileng ba etsa seo ka botlalo kateng. Ba ile “ba tloha . . . ka mahlakoreng ’ohle.” Baiseraele bao ba tšepahalang ba ne ba sa batle ho ipeha kotsing. Ba ile ba mamela ka pelo eohle. Ba bontša ka ho hlaka hore ba ka lehlakoreng la Jehova le hore ba khahlanong le ho se loke. Re ithuta’ng mohlaleng oo?

18. Sepheo sa Pauluse e ne e le sefe ha a khothalletsa Timothea hore a “balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha”?

18 Re lokela ho nka khato hang-hang re bile re sa qeaqee ha re sireletsa kamano ea rōna le Jehova. Ke sona seo Pauluse a neng a batla ho se totobatsa ha a khothalletsa Timothea hore a “balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Tim. 2:22) Ka nako eo, Timothea o ne a se a tiile, mohlomong a fetile lilemo tse 30. Empa ka linako tse ling ‘litakatso tsa bocha’ ha li felle lilemong tse itseng feela. Haeba li tla, Timothea o ne a lokela ho ‘li balehela.’ Ka mantsoe a mang, Timothea o ne a lokela ho lahla ho se loke. Jesu le eena o ile a re: “Haeba leihlo la hao le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Mat. 18:9) Kajeno, Bakreste ba nka keletso ena ka ho teba ’me ha ba tsilatsile ho nka khato ka lintho tse behang bomoea ba bona kotsing.

19. Ba bang ba nkile khato efe e tiileng ho itšireletsa moeeng?

19 Batho ba bang ba neng ba e-na le bothata ba ho noa haholo pele e ba Lipaki, ba entse qeto ea ho tlohela joala ka ho feletseng. Ba bang ba qoba mefuta e itseng ea boithabiso eo mohlomong e sa fosahalang, empa e ka ba tsosetsa litakatso tse fosahetseng tseo ba lekang ho li loantša. (Pes. 101:3) Ka mohlala, pele mora e mong oabo rōna e ba Paki, o ne a rata tantši e tsamaisanang le boitšoaro bo bobe e neng e etsoa liphathing tseo a neng a atisa ho ea ho tsona. Empa ka mor’a ho ithuta ’nete, o ile a etsa qeto ea ho se hlole a tantša meketeng, esita le ho ea Lipaki, hobane a tšaba hore o tla tsosa takatso kapa menahano e fosahetseng. Ke ’nete hore Bakreste ha baa beheloa molao oa hore ba se ke ba noa joala, ba tantša kapa ba etsa lintho tse ling tse seng phoso. Empa kaofela ha rōna re lebeletsoe hore re nke khato e tiileng ho itšireletsa linthong tse ka re ntšang kotsi moeeng.

20. Le hoja e se kamehla ho leng bonolo ho lahla ho se loke, ke’ng e re fang tšepo le ho re khothatsa?

20 Tlotla ea ho jara lebitso la Molimo e tsamaisana le boikarabelo. Re lokela ho lahla ho se loke ’me re ‘furalle se sebe.’ (Pes. 34:14) Ke ’nete hore ka linako tse ling ha ho bonolo ho etsa seo. Empa hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o tla lula a rata bahlanka “ba hae” ba latelang litsela tsa hae tse lokileng.—2 Tim. 2:19; bala 2 Likronike 16:9a.

^ ser. 12 Sheba sehlooho se hlahang ho jw.org/st se reng, “Na ho na le Lifilimi, Libuka Kapa Lipina Tseo le li Hanelang?” tlas’a karolo e reng MABAPI LE RŌNA > LIPOTSO TSE BOTSOANG HANGATA.