Fetela boitsebisong

 Ruta Bana ba Hao

Timothea—O ne a Itokisitse a Bile a Ikemiselitse ho Sebeletsa Molimo

Timothea—O ne a Itokisitse a Bile a Ikemiselitse ho Sebeletsa Molimo

“NA U se u itokisitse?” Na u kile ua botsoa potso eo?— Motho ea neng a u botsa eona o ne a batla ho tseba hore na u malala-a-laotsoe. Ka mohlala, mohlomong motho eo o leka ho re: ‘Na u nkile libuka? Na u balile lithuto tsa hao?’ Joalokaha re tla bona, Timothea o ne a itokisitse.

Timothea o ne a boetse a ikemiselitse. Na ua tseba hore seo se bolela’ng?— Ha Timothea a khothalletsoa ho sebeletsa Molimo, o ile a ikutloa joaloka e mong oa bahlanka ba Molimo, ea ileng a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Kaha Timothea o ne a itokisitse a bile a ikemiselitse ho thusa ba bang, o ile a phela bophelo bo monate. Na u ka rata ho tseba ka bophelo ba hae?—

Timothea o ile a hlahela motseng oa Lystra o bohōle ba lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha Jerusalema. Nkhono oa hae Loise le ’mè oa hae, Eunise, ba ne ba khothalletse ho ithuta Mangolo. Ba ile ba qala ho ruta Timothea Lentsoe la Molimo e sa le lesea.—2 Timothea 1:5; 3:15.

Ho etsahetse’ng moo?

Ho ka etsahala hore Timothea o ne a sa ntse a le mocha ha moapostola Pauluse a tsamaea le Barnabase ba ea Lystra leetong la hae la pele le lelelele la ho bolela evangeli. Ho ka etsahala hore ’mè oa Timothea le nkhono oa hae e ile ea e-ba Bakreste ka nako eo. Na u ka rata ho tseba mathata a ileng a hlahela Pauluse le Barnabase?— Batho ba sa rateng Bakreste ba ile ba betsa Pauluse ka majoe, ba mo lahlela fatše, eaba ba mo hulela ka ntle ho motse. Ba ne ba nahana hore o shoele.

Ba neng ba lumela seo Pauluse a neng a se ruta ba ile ba mo bokanela, eaba oa tsoha. Ka le latelang, Pauluse le Barnabase ba tloha, empa ba ile ba khutlela Lystra hamoraonyana. Ha ba fihla moo, Pauluse o ile a bua le barutuoa a re: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Liketso 14:8-22) Na ua tseba hore Pauluse o ne a bolela’ng?— O ne a bolela hore batho ba bang ba ne ba tla tšoenya ba sebeletsang Molimo. Hamorao Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: ‘Bohle ba lakatsang ho phela ka tsela e hlomphang Molimo ba tla hlorisoa.’—2 Timothea 3:12; Johanne 15:20.

 Ha Pauluse le Barnabase ba tloha Lystra, ba ile ba khutlela hae. Likhoeli tse itseng hamorao, Pauluse o ile a khetha ho tsamaea le Silase, eaba ba khutlela libakeng tseo Pauluse a neng a ile a bolela evangeli ho tsona ho ea khothatsa barutuoa ba bacha. Ha ba fihla Lystra, ha ho pelaelo hore Timothea o ne a thabetse ho bona Pauluse hape. O ile a thaba le ho feta ha a kōpuoa hore a tsamaee le Pauluse le Silase. Timothea o ile a lumela. O ne a itokisitse a bile a ikemiselitse ho tsamaea le bona.—Liketso 15:40–16:5.

Ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ngata ka maoto ba le bararo, ba ntan’o kena sekepeng. Ha ba theoha sekepeng, ba ile ba leba Thesalonika le Greece. Batho ba bangata mona ba ile ba fetoha Bakreste. Empa ba bang ba ile ba halefa ’me ba etsa mokhopi. Bophelo ba Pauluse, Silase, le Timothea bo ne bo le kotsing, kahoo, ba leba Berea.—Liketso 17:1-10.

Pauluse o ne a tšoenyehile ka balumeli ba bacha ba Thesalonika, kahoo o ile a re Timothea a khutlele teng. Na u tseba lebaka la see?— Hamorao Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste ba Thesalonika lebaka, a re: ‘Ho le tiisa le ho le tšelisa e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka nyahamang.’ Na u tseba lebaka leo Pauluse a ileng a romela Timothea e monyenyane hore a etse mosebetsi o kotsi hakaalo?— Timothea o ne a sa tsejoe hakaalo ke bahanyetsi bao, ’me o ne a ikemiselitse ho ea. Ho ne ho hlokahala hore a be sebete haholo ho etsa joalo! O ile a tsamaea joang? Ha Timothea a khutlela ho Pauluse, o ile a bolella Pauluse kamoo Bathesalonika ba neng ba tšepahala kateng. Kahoo, Pauluse o ile a ba ngolla, a re: “Re [tšelisehile] ka lōna.’—1 Bathesalonika 3:2-7.

Timothea o ile a sebetsa le Pauluse ka lilemo tse ling tse leshome. Ka mor’a moo, Pauluse o ile a kenngoa teronkong Roma, ’me Timothea, eo le eena a neng a sa tsoa lokolloa teronkong, o ile a ea mo hlola. Ha Pauluse a ntse a le teronkong, o ile a ngolla Bafilipi, mohlomong a sebelisa Timothea hore a mo ngolle. Pauluse o ile a re: ‘Ke na le tšepo ea ho romela Timothea ho lōna, etsoe ha ke na e mong ea tšepahalang joaloka eena le ea tla le sebeletsa hamolemo.’—Bafilipi 2:19-22; Baheberu 13:23.

Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a thaba haholo ha a utloa mantsoe ao. Pauluse o ile a rata Timothea haholo hobane o ne a itokisitse a bile a ikemiselitse ho sebeletsa Molimo. Re tšepa hore le uena u tla etsa joalo.