Fetela boitsebisong

 Ruta Bana ba Hao

Na U ke U be Mōna? Barab’abo Josefa ba ne ba le Mōna

Na U ke U be Mōna? Barab’abo Josefa ba ne ba le Mōna

A RE ke re hlalose hore na motho ea mōna ke ea joang. Na u kile ua utloa u sa rate motho hobane ba bang ba re o molemo, o motle kapa o bohlale? *— Sena se etsahala haeba u le mōna ka motho e mong.

Ka lapeng ngoana a ka ba mōna haeba batsoali ba mo khetholla. Bibele e re bolella ka lelapa le leng leo mōna o ileng oa le bakela mathata a maholo. A re ke re tšohleng mathata ao o ileng oa a baka le seo re ka ithutang sona ketsahalong eo.

Josefa e ne e le mora oa bo11 oa Jakobo, ’me barab’abo ba ne ba le mōna. Na u tseba lebaka?— Ke hobane ntate oa bona, Jakobo, o ne a rata Josefa haholo. Ka mohlala, Jakobo o ile a etsetsa Josefa seaparo se setle se metsero. Jakobo o ne a rata Josefa haholo-holo hobane e ne “e le mora oa botsofali ba hae” ebile e le letsibolo la mosali oa hae eo a neng a mo rata haholo, ea bitsoang Ragele.

Bibele e re ‘ha barab’abo Josefa ba bona hore ntate oa bona o mo rata ho ba feta, ba ile ba mo hloea.’ Eare ka letsatsi le leng Josefa a bolella ba lelapa labo hore o lorile kaofela ha bona, ho akarelletsa le ntate oa hae, ba mo inamela. Bibele e re, ‘barab’abo ba mo honohela,’ ’me le ntate oa hae a mo khalemela ka matla ha a ba phetela toro eo.Genese 37:1-11.

Hamorao ha Josefa a le lilemo li 17, barab’abo ba ne ba le hōle ba alositse mohlape oabo bona oa linku le lipōli. Eaba Jakobo o re Josefa a e’o bona hore  na ba ntse ba phela joang. Na ua tseba hore boholo ba bona ba ne ba batla ho mo etsa’ng ha ba mo bona a e-tla?— Ba ne ba batla ho mo bolaea! Empa ba babeli ba bona, e leng Rubene le Juda ba ne ba sa batle ho etsa joalo.

Ha bahoebi ba bang ba feta moo ba leba Egepeta, Juda o ile a re: ‘A re mo rekiseng.’ Eaba baa mo rekisa. Ba hlaba pōli ’me ba ina seaparo sa Josefa ka har’a mali a eona. Hamorao ba se bontša ntate oa bona, ’me a re: ‘E tlameha ebe sebata se bohale se harotse Josefa!’Genese 37:12-36.

Hamorao Josefa e ile ea e-ba thatohatsi ea Faro morena oa Egepeta. O ile a mo rata kahobane Molimo a ile a thusa Josefa hore a hlalose litoro tse peli tsa Faro. Toro ea pele e ne e le ea likhomo tse supileng tse nonneng tse ileng tsa lateloa ke tse supileng tse otileng. Toro ea bobeli e ne e le ea liqoapi tsa lijo-thollo tse supileng tse nonneng tse ileng tsa lateloa ke tse supileng tse omeletseng. Josefa o ile a re litoro tsena ka bobeli li ne li bolela hore ho tla ba le lilemo tse supileng tsa chai e khōlō tse tla lateloa ke lilemo tse supileng tsa tlala e khōlō. Faro o ile a laela hore Josefa a ikarabelle bakeng sa ho boloka lijo nakong ea lilemo tsa nala e le ho itokisetsa lilemo tsa tlala.

Ha tlala e fihla, lelapa labo Josefa le neng le lula hōle le ile la hloka lijo. Jakobo a romela baholoane ba Josefa ba leshome Egepeta ho ea batla lijo. Ba ile ba fihla ho Josefa, empa ba ne ba sa mo tsebe. Josefa ha aa ka a itsebisa bona, ’me o ile a ba leka e le hore a bone haeba ba fetohile, eaba oa hlokomela hore ba soabetse hore ebe ba ile ba mo sotla hakaalo. Josefa a itsebisa bona. Ba thabelana haholo.—Genese, khaolo ea 40 ho ea ho 45.

Pale ee ea Bibele e u ruta’ng ka mōna?— Mōna o ka baka mathata a maholo, esita le ho etsa hore motho a batle ho utloisa ngoan’abo bohloko! A re ke re bale Liketso 5:17, 18 le Liketso 7:54-59 ’me re bone hore na mōna o ile oa etsa hore batho ba tšoare barutuoa ba Jesu joang.— Ka mor’a ho bala litemana tsee, na ua hlokomela hore ke hobane’ng ha re lokela ho qoba mōna?—

Josefa o ile a phela lilemo tse 110. A ba le bana le litloholo le litloholoana. Ha ho pelaelo hore hangata Josefa o ne a ba ruta hore ba ratane ’me ba qobe mōna.Genese 50:22, 23, 26.

^ ser. 3 Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u emele hore a bue.