Fetela boitsebisong

 Ruta Bana ba Hao

Davida—Lebaka le Entseng Hore e be ea Sebete

Davida—Lebaka le Entseng Hore e be ea Sebete

NA HO na le mohla u keng u tšohe? * Boholo ba rōna rea tšoha ka linako tse ling. U ka etsa’ng ha u tšohile?— U ka balehela ho motho e moholo ho uena le ea matla ho u feta. Mohlomong ntate kapa ’mè oa hao a ka u thusa. Re ka ithuta lintho tse ngata ho Davida mabapi le hore na re ka balehela ho mang ha re hloka thuso. O ile a binela Molimo, a re: “Ke tla tšepa uena. . . . Ke tšepile Molimo; nke ke ka tšoha.”Pesaleme ea 56:3, 4.

U nahana hore ke bo-mang ba rutileng Davida ho ba sebete? Na ke batsoali ba hae?— Ho ka etsahala hore ho joalo. Ntate oa hae, e leng Jese, e bile moholo-holo ea neng a tšepahala oa Jesu Kreste, “Khosana ea Khotso” e tšepisitsoeng ke Molimo. (Esaia 9:6; 11:1-3, 10) Ntate oa Jese—e leng ntate-moholo oa Davida—e ne e le Obede. Ho na le buka ea Bibele e reheletsoeng ka ’mè oa Obede. Na u tseba lebitso la hae?— Ke Ruthe, e leng mosali ea neng a tšepahala eo monna oa hae e neng e le Boaze.Ruthe 4:21, 22.

Ke ’nete hore Ruthe le Boaze ba ile ba shoa lilemo tse ngata pele Davida a tsoaloa. E ka ’na eaba u tseba ’mè oa Boaze, e leng nkhono oa ntate-moholo oa Davida. O ne a lula Jeriko ’me o ile a pholosa lihloela tse ling tsa Baiseraele. Ha marako a Jeriko a oa, lelapa labo le ile la sireletseha hobane a ne a leketlisitse khoele e bofubelu bo loileng fensetereng ea hae. Lebitso la hae e ne e le mang?— E ne e le Rahaba, eo e ileng ea e-ba morapeli oa Jehova ea ileng a behela Bakreste mohlala oa ho ba sebete.Joshua 2:1-21; 6:22-25; Baheberu 11:30, 31.

Re ka kholiseha hore ntate oa Davida le ’mè oa hae ba ile ba mo bolella ka bahlanka bao ba tšepahalang ba Jehova hobane batsoali ba ne ba laetsoe hore ba rute bana ba bona lintho tsa mofuta oo. (Deuteronoma 6:4-9) Ho ile ha fihla nako eo ka eona moprofeta oa Molimo ea bitsoang Samuele a ileng a laeloa hore a il’o khetha Davida, e leng oa ho fela ho bara ba Jese, hore e tle e be morena oa ka moso oa Iseraele.1 Samuele 16:4-13.

Ka letsatsi le leng, Jese o ile a roma Davida hore a isetse baholoane ba hae ba bararo lijo ha ba ntse ba loantša lira tsa Molimo tsa Bafilista. Eare ha Davida a fihla, a mathela moleng oa ntoa moo a ileng a utloa ha sefonthoane se bitsoang  Goliathe se nyefola “makhotla a Molimo ea phelang.” Baiseraele bohle ba ne ba tšaba ho ea loana le Goliathe ea neng a ntse a ba qholotsa. Eaba Morena Saule oa utloa hore Davida o batla ho ea loana le eena, kahoo a mo bitsa. Empa ha Saule a bona Davida, o re: “U sa le moshanyana.”

Davida o ile a bolella Saule hore o ile a bolaea tau le bere tse neng li leka ho harola linku tsa’bo. Eaba Davida o re, Goliathe “o tla ba joaloka e ’ngoe ea tsona.” Ha Saule a mo araba, o ile a re: “Tsamaea, ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.” Davida o thonaka majoe a mahlano a boreleli, o a kenya ka mokotleng oa hae oa balisa, o nka letjeketjane ’me o leba ho sefonthoane ho ea se loantša. Ha Goliathe a bona ho tla moshanyana ho eena, oa hoeletsa: “Tloo ho ’na, ’me nama ea hao ke tla e fa linonyana.” Davida o re: “Ke tla ho uena ka lebitso la Jehova,” o bile o re ka lentsoe le phahameng: “Ka sebele ke tla u bolaea.”

Joale Davida o mathela ho Goliathe, o ntša lejoe ka mokotleng oa hae, o le kenya letjeketjaneng ’me o le tjekeletsa ka ho toba phatleng ea Goliathe. Ha Bafilista ba bona hore sefonthoane se shoele, ba tšoha haholo ’me baa baleha. Baiseraele baa ba lelekisa ’me ba hlōla ntoa. Ka kōpo bala pale ena eohle le ba lelapa la hao, e hlahang ho 1 Samuele 17:12-54.

Joaloka mocha, ka linako tse ling u ka ’na ua tšaba ho phetha taelo e itseng ea Molimo. Jeremia o ne a le monyenyane ’me qalong o ne a le boi, empa Molimo o ile a mo bolella: ‘U se ke ua tšoha . . . etsoe “ke na le uena.”’ Jeremia o ile a ba sebete ’me a bolela molaetsa joalokaha Molimo a ne a mo laetse. Joaloka Davida le Jeremia, le uena u ka qetella u le sebete haeba u tšepa Jehova.Jeremia 1:6-8.

^ ser. 3 Haeba u bala sehlooho sena le bana, motoa ona o o hopotsa hore u khefutse ’me u tobise potso ena ho bona.