Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Ke eng e ileng ea etsa hore mosali ea neng a mokola litaemane a bile a utsoa mosebetsing a fetohe ’me e be ea tšepahalang mosebetsing? Mosali e mong ea ileng a leka ho ipolaea ka makhetlo a mabeli o thusitsoe ke eng hore a qetelle a fumane morero bophelong? Motho ea neng a lemaletse joala le lithethefatsi o ile a thusoa ke eng hore a li tlohele? Ak’u nahane ka seo ba tlang ho se bua.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: MARGARET DEBRUYN

LILEMO: 45

NAHA: BOTSWANA

E NE E LE: SEMOKOLARA LE LESHOLU

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ntate e ne e le Mojeremane empa o ne a fumane litokelo tsa ho ba moahi South-West Africa (eo hona joale e leng Namibia). ’Mè e ne e le Mongologa oa Botswana. Ke hlahetse Gobabis, Namibia.

Lilemong tsa bo-1970, ’muso oa Afrika Boroa o ile oa tiisa letsoho Namibia ’me oa beha melao e thata ea apareteiti litoropong le metseng. Kaha batsoali ba ka e ne e le ba merabe e sa tšoaneng, ba ile ba qobelloa hore ba khaohane. Kahoo, ’Mè o ile a khutlela Ghansi, Botswana, le bana ba hae kaofela.

Ka 1979, ke ile ka fallela Lobatse, Botswana, ’me ka ea lula le lelapa le ileng la nkhōlisa ha ke ntse ke qetela sekolong. Hamorao ke ile ka hiroa ke le tlelereke karacheng e ’ngoe. Ke hōtse ke lumela hore Molimo ha a hlokomele batho, ka hona motho o lokela ho etsa ntho leha e le efe, ebang e nepahetse kapa e fosahetse, e le hore a ikhoantlelle hammoho le ba lelapa la hae.

Kaha ke ne ke ikarabella mosebetsing, ke ile ka nka monyetla oo eaba ke utsoa lintho tse rekisoang tse sebelisoang ho lokisa likoloi. Neng le neng ha terene e ne e feta motseng oa heso bosiu, ’na le metsoalle ea ka re ne re e palama ebe re utsoa ntho leha e le efe eo re ka khonang ho e utsoa. Hape ke ile ka qala ho mokola litaemane, khauta le boronse. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi, ka ba motho ea mabifi ebile ke ne ke e-na le bahlankana ba bangata.

Qetellong ka 1993, ke ile ka tšoaroa ke utsoa ’me ka lelekoa mosebetsing. “Metsoalle” ea ka e ile ea mphuralla hobane e ne e tšaba hore le eona e tla tšoaroa. Seo se ile sa nkutloisa bohloko hoo ke ileng ka ipolella hore ha ke sa tla tšepa motho.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka 1994, ke ile ka kopana le Tim le Virginia, e leng Lipaki Tsa Jehova tseo e neng e le baromuoa. Nakong ea khefu ea motšehare, ba ne ba buisana le ’na mosebetsing o mocha oo ke neng ke o fumane, ba nthusa hore ke ithute Bibele. Hamorao ha ke se ke utloa ke ba tšepa, ke ile ka ba lumella hore ba tle lapeng ho tla ithuta le ’na.

Ka potlako ke ile ka elelloa hore haeba ke batla ho thabisa Molimo, ke ne ke tla lokela ho fetola tsela eo ke phelang ka eona. Ka mohlala, lengolong la 1 Bakorinthe 6:9, 10, ke ile ka ithuta hore “leha e le lihlola, . . . kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Ke ile ka furalla mekhoa eo ea ka ka bonngoe. Ka khaotsa ho utsoa. Ka khaotsa ho tsamaea le litlokotsebe tseo ke hōtseng hammoho le tsona. Eaba Jehova o mpha matla ’me ka hlala bahlankana bohle ba ka.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke loanne ka thata hore ke khone ho laola bohale ba ka ’me ha ke sa tlatsetsa bana ba ka lerata ha lintho li sa tsamaee hantle. (Baefese 4:31) Ke leka ho rarolla mathata ke theotse moea. Ho buisana le bana ba ka ka tsela ena ho etsa hore ho be le khotso ’me lelapa le momahane.

Metsoalle ea ka ea pele, hammoho le baahisani ba ka, ba se ba ntšepa. Ke se ke le mosebetsi ea tšepahalang, ea tšeptjoang, ea seng a tšoara thepa le chelete ka hloko mosebetsing. Ka hona, ke khona ho iphelisa le hoja ke qeta nako e ngata ke thusa ba bang hore ba ithute Bibele. Ka pelo eohle ea ka, ke lumellana le mantsoe a Liproverbia 10:22: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: GLORIA ELIZARRARÁS DE CHOPERENA

LILEMO: 37

NAHA: MEXICO

PELE: O KILE A LEKA HO IPOLAEA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse Naucalpan, Mexico State, e leng sebaka seo batho ba teng e leng barui. Ke bile setlokotsebe ke sa le monyenyane ’me ke ne ke rata ho ea liphathing. Ke qalile ho tsuba ha ke le lilemo li 12, ha ke le lilemo li 14 ka qala ho noa ’me ha ke le lilemo li 16 ka qala ho sebelisa lithethefatsi. Ke ile ka tloha lapeng lilemo tse seng kae hamorao. Boholo ba metsoalle ea ka e ne e tsoa malapeng a se nang kamano e ntle, moo ba neng ba tjolietsoa kapa ba hlekefetsoa ’meleng. Bophelo bo ne bo le boima hoo ka makhetlo a mabeli ke ileng ka leka ho ipolaea.

Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka ba ’motlelara. Ka lebaka leo, ke ile ka tloaelana le bo-ralipolotiki le ba tsa boithabiso. Qetellong ke ile ka nyaloa ’me ka ba le bana, empa eta ho ne ho lla sa ka lapeng. Ke ile ka ’na ka tsoela pele ke tsuba le ho noa ’me ke ne ke kene tloara! bophelong ba boithabiso. Hangata ha ke qoqa ke ne ke bua lintho tse litšila ebile ke rata ho etsa metlae e hlohlontšang litsebe. Ke ne ke le sefela-peloana.

Bongata ba batho bao ke neng ke tloaelana le bona ba ne ba e-na le mekhoa e kang ea ka. Ba ne ba bona eka ha ho na ntho eo ke e hlokang. Empa ke ne ke ikutloa ke phelela lefeela, ke se na morero bophelong.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka 1998, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Bibele e ile ea nthuta hore bophelo bo na le morero. Ke ile ka ithuta hore Jehova Molimo o rerile ho lokisa lefatše hore e be Paradeise, hore o tla tsosa bafu le hore nka ba e mong oa ba tla phela paradeiseng eo.

Ke ile ka boela ka ithuta hore tsela ea ho bontša hore ke rata Molimo ke hore ke mo mamele. (1 Johanne 5:3) Qalong, sena se ne se le boima hobane ho ne ho se mohla ke neng ke amohela tataiso ea mang kapa mang. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka tlameha ho lumela hore nke ke ka tsoela pele ke itaola bophelong. (Jeremia 10:23) Ke ile ka rapela Jehova hore a ntataise. Ke ile ka mo kōpa hore a nthuse e le hore ke phele ka tsela e lumellanang le melao ea hae le hore ke rute bana ba ka ho phela ka tsela e fapaneng le eo nkileng ka phela ka eona.

Ho ne ho nyolosetsa haholo ho etsa liphetoho tse hlokahalang, empa ke ile ka qala ho sebelisa keletso e ho Baefese 4:22-24: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro . . . le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” Ho apara botho bo bocha ho ne ho bolela hore ke lokela ho khaotsa mekhoa e fosahetseng e kang ho tsuba ’me ke ne ke lokela ho ithuta puo e ncha, e se nang mantsoe a nyonyehang. Ke ile ka qeta lilemo tse ka bang tharo ke ntse ke etsa liphetoho tse hlokahalang pele nka kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Ho feta moo, ke ile ka qala ho nka boikarabelo ba ka ka botebo ke le ’mè oa lelapa. Ke ile ka qala ho sebelisa keletso e ho 1 Petrose 3:1, 2: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke leboha Jehova haholo hobane hona joale kea tseba hore bophelo bo na le morero. Ke bona botho ba ka bo ntlafetse haholo ’me ke khona ho hōlisa bana ba ka hantle. Ka linako tse ling, pelo ea ka e-ea ntsoa ka lintho tseo ke li entseng nakong e fetileng, empa Jehova ke eena ea tsebang pelo ea ka. (1 Johanne 3:19, 20) Ha ho pelaelo hore ho phela ka melao ea Bibele ho mphemisitse likotsi ebile ho entse hore ke be le khotso ea kelello.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: JAILSON CORREA DE OLIVEIRA

LILEMO: 33

NAHA: BRAZIL

E NE E LE: LEKHOBA LA JOALA LE LITHETHEFATSI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse motseng o nang le baahi ba ka bang 100 000 oa Bagé, Brazil, o haufi le moeli oa Brazil le Uruguay. Mokhoa oa moo o ka sehloohong oa khoebo e ne e le ho lema le ho rua liphoofolo. Ke hōletse seterekeng sa batho ba futsanehileng moo ho neng ho tletse merusu ka lebaka la lihlopha tsa likebekoa ’me bacha ba moo ba lemaletse joala le lithethefatsi.

Ha ke qeta sekolong, ke ile ka qala ho noa, ho tsuba matekoane le ho mamela ’mino oa rock o morethetho o boima. Ke ne ke sa lumele hore Molimo o teng. Ke ne ke nka hore mahlomola ’ohle le meferefere e teng lefatšeng ke bopaki ba hore Molimo ha a eo.

Ke ne ke le seletsi sa katara ke bile ke le mongoli oa lipina ’me hangata ke ne ke susumetsoa ke ho bala buka ea Bibele ea Tšenolo. Sehlopha sa ka ha sea ka sa atleha joalokaha ke ne ke nahanne, ka hona ke ile ka qala ho phela ka lithethefatsi tse kotsi haholo. Ke ne ke sa tsotelle le haeba nka shoa ka lebaka la ho li sebelisa ho tlōla. Boholo ba libini tseo ke neng ke li rata le ho li nkela holimo li ne li ipolaile ka lithethefatsi.

Ke ne ke alima chelete ho nkhono oa ka ea nkholisitseng e le hore ke lefelle lithethefatsi tseo ke neng ke le lekhoba la tsona. Ke ne ke mo thetsa ha a mpotsa hore na ke etsa’ng ka chelete eo. Ntho e mpe le ho feta ke hore ke ile ka qala ho sebelisana le bademona. Lintho tse amanang le boloi li ile tsa nkhohela hobane ke ne ke nahana hore li tla nthusa hore ke ngole ka tsela e bokheleke.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele le ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, tsela eo ke talimang lintho ka eona e ile ea qala ho fetoha. Butle-butle ke ile ka qala ho tsotella ho phela le ho batla ho ba ea thabileng. Boikutlo bona bo bocha bo ile ba ntšusumelletsa hore ke etse qeto ea ho kuta moriri oa ka o molelele. Ke ne ke o tloheletse ka boomo e le ho bontša hore ha kea khotsofala bophelong ebile ha ke tsotelle letho. Joale ke ile ka lemoha hore haeba ke batla hore Molimo a nkamohele, ke lokela ho khaotsa ho noa ho tlōla, ho sebelisa lithethefatsi hampe le ho tsuba. Hape ke ile ka bona ho hlokahala hore ke khaotse ho mamela ’mino oo ke neng ke o rata.

Lekhetlo la pele ha ke le sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka bala temana ea Bibele e neng e manehiloe leboteng le leng. E ne e le Liproverbia 3:5, 6, e balehang tjena: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Ho nahanisisa ka lengolo leo, ho ile ha nkholisa hore Jehova o tla nthusa hore ke ntlafatse bophelo ba ka haeba ke mo lumella.

Leha ho le joalo, ho fetola tsela eo ke neng ke phetse ka eona ka nako e telele le ho khaotsa ho sebelisa lithethefatsi ho ne ho le thata joalokaha ho ka thoe ke ikhaole letsoho. (Matheu 18:8, 9) Ke ne nke ke ka khona ho tlohela mekhoa ena butle-butle. Ke ne ke tseba hore e tla ba ho hamela letanteng. Kahoo, ke ile ka e tlohela kaofela ka nako e le ’ngoe. Ke ile ka boela ka qoba libaka le batho ba ka ’nang ba nkhulela mekhoeng ea ka ea pele e kotsi.

Ke ile ka ithuta hore ke be motlotlo ka lintho tseo ke li finyeletseng letsatsi ka leng, ho e-na le ho nahana ka lintho tse ’nyahamisang. Ke ile ka lemoha hore ho hloeka ’meleng, boitšoarong hammoho le moeeng ho tla etsa hore ke amohelehe ho Jehova. Ke ile ka rapela Jehova ’me o ile a nthusa hore ke se ke ka hlola ke labalabela mekhoa eo ke seng ke e tlohetse, a nthusa hore ke shebe pele. Ka linako tse ling ke ne ke oela mekhoeng eo hape. Empa ke ne ke sa khaotse ho bala Bibele le motho ea neng a nthuta eona, le hoja ka linako tse ling ke ne ke jeoa ke babalase.

’Nete eo ke neng ke ithuta eona ka Molimo Bibeleng e ne e utloahala, e leng ea hore oa re tsotella, o tla felisa bolumeli ba bohata le hore hona joale o tšehetsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara. (Matheu 7:21-23; 24:14; 1 Petrose 5:6, 7) Linnete tsena li ne li nyallana hantle. Qetellong ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Molimo. Ke ne ke batla ho bontša hore ke ananela lintho tsohle tseo a nketselitseng tsona.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Hona joale ke ikutloa ke phela ka tsela e nang le morero. (Moeklesia 12:13) Ho e-na le hore ke nke lintho ho ba heso, ke ’nile ka ba fa ho itseng. Ke ile ka bolella Nkhono litaba tse molemo tseo ke ithutileng tsona Bibeleng ’me hona joale o nehetse bophelo ba hae ho Jehova. Beng ka ’na ba ’maloa le bona ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova, ho akarelletsa le ba bang bao ke neng ke bina le bona sehlopheng sa ’mino.

Ke se ke nyetse ’me ’na le mosali oa ka re qeta nako e ngata re thusa ba bang hore ba ithute Bibele. Ke ruile molemo o moholo ka hore ebe ke ithutile ho ‘tšepa Jehova ka pelo ea ka eohle.’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Butle-butle ke ile ka qala ho tsotella ho phela le ho batla ho ba ea thabileng”