Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng

Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng

Ruta Bana ba Hao

Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng

NA U nahana hore ho thata ho etsa se nepahetseng? *— Haeba u nahana hore ho thata, batho ba bangata ba tla lumellana le uena. Esita le batho ba baholo ba ee ba fumane ho le thata ho etsa seo ba tsebang hore se nepahetse. A re ke re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha ho ne ho le thata haholo hore Josiase a etse liqeto tse nepahetseng. Na ua tseba hore e ne e le mang?—

Josiase e ne e le mora oa Amone, morena oa Juda ’me ha Josiase a hlaha, Amone o ne a le lilemo li 16 feela. Amone e ne e le motho e mobe, joalokaha ntate oa hae, Morena Manase le eena e ne e kile ea e-ba motho e mobe. Ha e le hantle, Manase o ne a kile a qeta lilemo tse ngata e le morena ea khopo. Empa Baassyria ba ile ba mo hapa eaba ba mo isa teronkong e hōle Babylona. Ha Manase a ntse a le teronkong, o ile a kōpa Jehova ka tieo hore a mo tšoarele, eaba Jehova oa mo tšoarela.

Ha Manase a lokolloa, o ile a khutlela Jerusalema moo a ileng a boela a busa e le morena. Hang-hang o ile a lokisa lintho tse mpe tseo a neng a li entse eaba o thusa sechaba hore se sebeletse Jehova. E tlameha ebe o ile a utloa bohloko ha a bona mora oa hae Amone a sa latele mohlala oa hae o motle. Hoo e ka bang ka eona nako eo, Josiase o ile a hlaha. Bibele ha e bolele hore na Manase o ile a qeta nako e kae le setloholo seo sa hae, e leng Josiase. Empa na u nahana hore mohlomong Manase o ile a leka ho se thusa hore se sebeletse Jehova?—

Josiase o ne a le lilemo li tšeletseng feela ha Manase a e-shoa ’me ntate oa hae, Amone e e-ba morena. Amone o ile a busa ka lilemo tse peli feela pele bahlanka ba hae ba mo bolaea. Kahoo, Josiase e ile ea e-ba morena oa Juda a le lilemo li robeli. (2 Likronike, khaolo ea 33) U nahana hore joale ho ile ha etsahala’ng? Na Josiase o ile a khetha ho latela mohlala o mobe oa ntate oa hae, Amone, kapa o ile a latela mohlala o motle oa ntate-moholo oa hae, Manase?—

Le hoja Josiase a ne a sa le monyenyane, o ne a tseba hore o batla ho sebeletsa Jehova. Kahoo, o ile a mamela batho ba neng ba rata Jehova, ho e-na le ho mamela bao e neng e le metsoalle ea ntate oa hae. Josiase o ne a le lilemo li robeli feela, empa o ne a tseba hore o tšoanela ho mamela batho ba neng ba rata Molimo. 2 Likronike 34:1, 2) Na u ka rata ho tseba ho itseng ka batho ba neng ba eletsa Josiase ’me ba mo behela mohlala o motle?—

E mong oa batho ba ileng ba susumetsa Josiase ke moprofeta Sofonia. E ne e le mong ka Josiase, etsoe kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le setloholo sa ntate oa Manase, e leng Morena Ezekiase ea lokileng. Lilemong tsa ha Josiase a sa tsoa qala ho busa e le morena, Sofonia o ile a ngola buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena. Sofonia o ile a lemosa hore na batho ba khethang ho se etse se nepahetseng ba tla hlaheloa ke lintho life ’me ho hlakile hore Josiase o ile a ela hloko litemoso tseo.

E mong oa bona e ne e le Jeremia, eo mohlomong u kileng ua utloela ka eena. Jeremia le Josiase e ne e le bahlankana ba neng ba ntse ba hōla hammoho. Jehova o ile a bululela Jeremia hore a ngole buka ea Bibele e ileng ea rehelloa ka eena. Ha Josiase a shoella ntoeng, Jeremia o ile a ngola pina e khethehileng e bitsoang koli-ea-malla, eo ho eona a neng a bolela hore o saretsoe ka ho tebileng. (2 Likronike 35:25) Re se re ka inahanela hore na e tlameha e-be ba ne ba khothatsana hakaakang hore ba lule ba sebeletsa Jehova ka botšepehi!

U nahana hore u ka ithuta eng mohlaleng oa Josiase?— Haeba joaloka Josiase, le uena ntate oa hao ha a sebeletse Jehova, na ho na le motho e mong ea ka u thusang hore u ithute ka Molimo? Mohlomong motho eo ke ’mè oa hao, nkhono kapa ntate-moholo oa hao, kapa motho e mong eo u amanang le eena. Mohlomong ke motho e mong ea sebeletsang Jehova, eo ’mè oa hao a ka u lumellang hore u ithute Bibele le eena.

Ho sa tsotellehe boemo, le hoja Josiase a ne a sa le tlaase lilemong, o ne a hōlile ka ho lekaneng hoo a neng a tseba hore o lokela ho tloaelana le batho ba sebeletsang Jehova. E se eka u ka mo etsisa ’me u khethe ho etsa se nepahetseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u emele hore a bue.

Lipotso:

○ Ntate oa Josiase le ntate-moholo oa hae e ne e le bo-mang, hona e ne e le batho ba mofuta ofe?

○ Ntate-moholo oa Josiase o ile a etsa phetoho efe bophelong ba hae?

○ Baprofeta ba babeli ba ileng ba susumetsa Josiase hore a etse lintho tse lokileng ke bo-mang, hona ke hobane’ng ha u nahana hore ke habohlokoa hore u tloaelane le metsoalle e joaloka bona?

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

E tlameha ebe Sofonia le Jeremia ba ile ba thusa Josiase joang hore a etse se nepahetseng?