Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo ke Motho oa Sebele?

Na Molimo ke Motho oa Sebele?

Na Molimo ke Motho oa Sebele?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

“Molimo o hohle, o nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Molimo ke moea.”

“Molimo ke bohlale le matla a sa hlaloseheng.”

Jesu o itse’ng?

“Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo.” (Johanne 14:2) Jesu o ile a bua joalokaha eka Molimo o na le ntlo kapa moo a lulang teng.

“Ke tsoile ho Ntate ’me ke tlile lefatšeng. Ho ekelletsa moo, ke tloha lefatšeng ’me ke ea ho Ntate.” (Johanne 16:28) Jesu o ne a lumela hore Molimo ke Motho oa sebele ea lulang sebakeng se itseng.

HA HO mohla Jesu a ileng a bua ka Molimo e le matla a sa hlaloseheng. Ho fapana le moo, o ne a bua le Molimo a bile a mo rapela. Hangata o ne a bitsa Jehova Ntate oa hae oa leholimo, e leng mantsoe a neng a bontša hore o na le kamano e matla le Molimo.—Johanne 8:19, 38, 54.

Ke ’nete hore “ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe” le hore “Molimo ke Moea.” (Johanne 1:18; 4:24) Empa seo ha se bolele hore ha a na ’mele kapa sona sebōpeho. Bibele e re: “Haeba ho na le ’mele oa nama, ho boetse ho na le oa moea.” (1 Bakorinthe 15:44) Kahoo, na Jehova o na le ’mele oa moea?

E, o na le oona. Ha Jesu a tsosoa, o ile “a kena . . . leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.” (Baheberu 9:24) Sena se re ruta lintlha tse peli tsa bohlokoa ka Molimo. Ea pele, ke ho re ho na le moo a lulang teng. Ea bobeli, ke hore ke Motho, eseng feela matla a sa hlaloseheng a lulang hohle.

Joale, Molimo a ka ba le matla a ho laola lintho hohle joang? Molimo a ka romela moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang kae kapa kae bokahohleng. Molimo o sebelisa moea oa hae o halalelang ho finyella morero oa hae joalokaha ntate a tšelisa bana ba hae le ho ba tšehetsa ka hore a ba tšoare ka letsoho.—Pesaleme ea 104:30; 139:7.

Kaha Molimo ke Motho, o na le botho bo mo khethollang ka lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Bibele e re bolella hore o rata batho ba hae, o thabela mesebetsi ea hae, o hloile borapeli ba litšoantšo ebile bokhopo bo mo utloisa bohloko. (Genese 6:6; Deuteronoma 16:22; 1 Marena 10:9; Pesaleme ea 104:31) Ho 1 Timothea 1:11, o bitsoa “Molimo ea thabileng.” Hase feela Jesu a ileng a re re ka ithuta ho rata Molimo enoa ka pelo eohle!—Mareka 12:30. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le taba ena, sheba khaolo ea 1 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Molimo o sebelisa moea oa hae o halalelang ho finyella morero oa hae joalokaha ntate a tšelisa bana ba hae le ho ba tšehetsa ka hore a ba tšoare ka letsoho