Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Amohela Bolumeli bo Bong le bo Bong?

Na Molimo o Amohela Bolumeli bo Bong le bo Bong?

Na Molimo o Amohela Bolumeli bo Bong le bo Bong?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

“Malumeli ’ohle ke litsela tse eang ho Molimo.”

“Ha ho tsotellehe hore na u lumela eng hafeela uena u lumela ka pelo eohle.”

Jesu o itse’ng?

“Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō, ’me ba kenang ka eona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Jesu o ne a sa lumele hore malumeli ’ohle ke litsela tse eang ho Molimo.

“Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.” (Matheu 7:22, 23) Hase hore Jesu o amohela bohle ba ipolelang hore ke balateli ba hae.

BATHO ba bangata ba chesehelang bolumeli ba rata litumelo le meetlo ea bona haholo. Empa ho etsahala’ng ha lithuto tsee li sa lumellane le se ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele? Jesu o ile a bontša hore na ho latela meetlo ea batho ho ka ba kotsi hakae ha a ne a re ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le entse lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la neano [“moetlo,” Bibele—Phetolelo e Ncha] ea lōna.” O ile a tsoela pele ho qotsa mantsoe a Molimo a reng: “Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa leha ho le joalo lipelo tsa sona li suthetse hōle le ’na. Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.”—Matheu 15:1-9; Esaia 29:13.

Hase litumelo feela tsa bohlokoa, empa boitšoaro le bona ke ba bohlokoa. Bibele e re ka batho ba bang ba bolelang hore ba rapela Molimo: “Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona.” (Tite 1:16) Ha e le hantle, ha Bibele e bua ka batho ba mehleng ea rōna e re: “Ba tla rata menate ea lefatše ho e-na le Molimo. Ba tla bonahala eka ba na le bolumeli, athe ba lahlile matla a bolumeli. Ba joalo u ba furalle.”—2 Timothea 3:4, 5, BPN.

Ke habohlokoa hore motho a lumele ka pelo eohle, empa seo ha sea lekana. Hobane’ng? Hobane motho a ka etsa ntho ka pelo eohle athe e fosahetse. Kahoo, ke habohlokoa hore motho a be le tsebo e nepahetseng ka Molimo. (Baroma 10:2, 3) Ho fumana tsebo ea mofuta ona le ho phela ho latela seo Bibele e reng re se etse ho tla re nolofalletsa ho khahlisa Molimo. (Matheu 7:21) Kahoo, ka sebele bolumeli bo nepahetseng bo akarelletsa sepheo se nepahetseng, tumelo e nepahetseng le khato e nepahetseng. ’Me ho nka khato e nepahetseng ho bolela hore re etse thato ea Molimo letsatsi le letsatsi!—1 Johanne 2:17.

Haeba u batla ho tseba ho eketsehileng mabapi le hore na Bibele e ruta eng ka Molimo, kōpa Lipaki Tsa Jehova hore li u rute Bibele lapeng li sa u lefise.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Bolumeli bo nepahetseng bo akarelletsa sepheo se nepahetseng, tumelo e nepahetseng le khato e nepahetseng