Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo oa Ntsotella?

Na Molimo oa Ntsotella?

Na Molimo oa Ntsotella?

Batho ba tloaetse ho araba tjena:

“Molimo o phahame haholo hore a ka khathatseha ka mathata a ka.”

“Ha ke nahane hore oa tšoenyeha le ho tšoenyeha ka ’na.”

Jesu o itse’ng?

“Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo. Empa esita le moriri oa lihlooho tsa lōna kaofela o baliloe. Le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Luka 12:6, 7) Ka sebele Jesu o ile a ruta hore Molimo oa re tsotella.

“Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” (Matheu 6:31, 32) Jesu o ne a kholisehile hore Molimo oa tseba hore na e mong le e mong o hloka eng.

KE ’NETE hore Bibele e re bolella hore Molimo oa re tsotella. (Pesaleme ea 55:22; 1 Petrose 5:7) Haeba oa re tsotella, joale ke hobane’ng ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko tse ngata hakaale kajeno? Haeba Molimo o lerato ebile ke eena ea matla ’ohle, ke hobane’ng ha a sa felise mahlomola?

’Nete eo e leng batho ba ’maloa haholo ba e tsebang ke hore, Satane Diabolose ke eena ’musi oa lefatše lena le khopo. Ha Satane a ne a leka Jesu, o ile a mo tšepisa mebuso eohle ea lefatše, a re: “Ke tla u fa bolaoli bona bohle le khanya ea [mebuso ena], hobane ke bo nehiloe, ’me ke bo fa leha e le mang eo ke lakatsang ho mo fa bona.”—Luka 4:5-7.

Ke mang ea entseng Satane ’musi oa lefatše lee? Ha batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba mamela Satane ’me ba tlōla litaelo tsa Molimo, bonneteng, ba ile ba khetha Satane e le ’musi oa bona. Ho tloha ha marabele ao a mo fetohela, ka mamello Jehova Molimo o ile a fana ka nako e eketsehileng e le hore ho hlake hore puso ea Satane e hlōlehile ka tsela e hlabisang lihlong. Jehova ha aa qobella batho hore ba mo sebeletse, empa o re file monyetla oa hore re khutlele ho eena.—Baroma 5:10.

Kaha Molimo oa re tsotella, o entse litokisetso tsa hore Jesu a re lopolle pusong ea Satane. Haufinyane, Jesu o tla “etsa lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.” (Baheberu 2:14) Ka ho etsa joalo, o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose.”—1 Johanne 3:8.

Lefatšeng lena ho tla boela ho e-ba le paradeise. Ka nako eo, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [batho], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [li tla be] li fetile.”—Tšenolo 21:4, 5. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse bohloko, bala khaolo ea 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Lefatšeng lena ho tla boela ho e-ba le paradeise