Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu o re Bontša Hore na re ka Phela Bophelo bo Nang le Morero Joang

Jesu o re Bontša Hore na re ka Phela Bophelo bo Nang le Morero Joang

“Tsamaea hantle feela joalokaha Jesu a tsamaile.”—1 Johanne 2:6, NET Bible.

JOALOKAHA re bone sehloohong se fetileng, Jesu o phetse bophelo bo nang le morero. Kahoo, haeba re batla ho phela bophelo bo nang le morero, ekaba hantle hore re etsise mohlala oa hae re be re mamele keletso ea hae.

Ha e le hantle, Jehova o re phehella hore re etse joalo, feela joalokaha lengolo le ka holimo le bontša. Ho tsamaea joaloka Jesu ho akarelletsa ho etsisa mohlala oa hae bophelong bohle ba rōna esita le ho sebelisa lithuto tsa hae. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re ratoe ke Molimo le hore re phele bophelo bo nang le morero.

Lithuto tsa Jesu li ne li akarelletsa linnete tsa motheo tsa Bibele tse ka re thusang ho tsamaea feela joalokaha a ile a tsamaea. Re ka fumana linnete tsena tse ’maloa Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng. A re ke re hlahlobeng tse seng kae tsa linnete tsena, ’me re bone kamoo re ka li sebelisang kateng bophelong ba rōna.

MOLAO-MOTHEO: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

KAMOO MOLAO-MOTHEO ONA O KA RE THUSANG KATENG HORE RE BE LE BOPHELO BO NANG LE MORERO:

Jesu o bontšitse hore ka tlhaho batho ba batla ho tseba Molimo. Re labalabela ho tseba likarabo tsa lipotso tse kang: Ke hobane’ng ha re le teng moo lefatšeng? Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale lefatšeng? Na ruri Molimo oa re tsotella? Na ho na le bophelo ka mor’a lefu? Re hloka ho tseba likarabo tsa lipotso tse kang tsena e le hore re phele bophelo bo nang le morero. Jesu o ne a tseba hore ho na le mohloli o le mong feela o tšepahalang o ka arabang lipotso tseo—e leng Lentsoe la Molimo. Jesu o ile a rapela Ntate oa hae a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Na ehlile lentsoe la Molimo le ka re thusa hore re mo tsebe?

MOHLALA OA SEBELE:

Kaha Esa e ne e le moetelli-pele oa sehlopha sa ’mino se tsebahalang, o ne a bulehetsoe ke litsela tsa hore e be khalala ea ’mino oa rock. Leha ho le joalo, Esa o ne a ikutloa a sa thaba ka ho feletseng. O re: “Le hoja ke ne ke thabile ha ke le sehlopheng sena, ke ne ke lakatsa eka nka phela bophelo bo nang le morero haholoanyane.” Ka mor’a nako Esa o ile a kopana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O re: “Ke ile ka mo hloma lipotso. Ke ile ka rata likarabo tsa hae tse utloahalang le tse lumellanang le Bibele eaba ke lumela ho ithuta Bibele le eena.” Seo Esa a ileng a ithuta sona ka Bibeleng se ile sa mo ama maikutlo ’me sa mo susumetsa hore a inehele ho Jehova. O re: “Nakong e fetileng ke ne ke lula ke kene maqakabetsing empa hona joale bophelo ba ka bo na le morero e le kannete.” *

MOLAO-MOTHEO: “Ho thaba ba mohau.”—Matheu 5:7.

KAMOO MOLAO-MOTHEO ONA O KA RE THUSANG KATENG HORE RE PHELE BOPHELO BO NANG LE MORERO:

Mohau o akarelletsa ho bontša kutloelo-bohloko, ho ba mosa le ho ba ea nahanelang ba bang. Jesu o ile a bontša mohau ho batho ba hlokang. O ne a susumetsoa ke kutloelo-bohloko e matla ho thusa batho ba mahlomoleng. (Matheu 14:14; 20:30-34) Ha re etsisa Jesu ka ho ba mosa, re etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero haholoanyane, hobane ba bontšang mosa ho ba bang ba fumana thabo. (Liketso 20:35) Re ka bontša mohau ho batho ba bang ka ho bua le ho etsa liketso tse mosa, le ho imolla ba hlokang thuso ea rōna. Na ehlile ho bontša mohau ho batho ba bang ho ka eketsa thabo ea rōna?

Maria le Carlos

MOHLALA OA SEBELE:

Maria le monna oa hae Carlos, ke mohlala oa batho ba ileng ba bontša ba bang mosa. Ntate oa Maria o shoetsoe ke mosali ’me morao tjena ha a sa khona ho tsoha liphateng. Maria le Carlos ba ile ba mo nka hore ba lule le eena e le hore ba ka mo hlokomela ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba qetile masiu a mangata ba sa robale, ebile ka linako tse ling ba ne  ba tlameha ho mo potlakisetsa sepetlele ha lefu la hae la tsoekere le totile. Baa lumela hore ka linako tse ling ba ee ba ikutloe ba khathetse haholo. Ho ntse ho le joalo ba thabile, feela joalokaha Jesu a boletse, hobane ba khotsofatsoa ke hore ba khona ho hlokomela Ntate oa Maria ka seo a se hlokang.

MOLAO-MOTHEO: “Ho thaba ba nang le khotso.”—Matheu 5:9.

KAMOO MOLAO-MOTHEO ONA O KA RE THUSANG KATENG HORE RE PHELE BOPHELO BO NANG LE MORERO:

Ha e le hantle poleloana e reng, “ho ba le khotso” e bolela “ho bōpa khotso.” Haeba re le batho ba phehellang khotso, seo se ka etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero haholoanyane joang? Har’a tse ling, re thabela ho ba le likamano tse ntle le batho bao re phelang le bona. Re etsa hantle ha re mamela keletso ea Bibele e reng: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) “Batho bohle” ba akarelletsa litho tsa lelapa la rōna, esita le batho ba bang bao e seng balumeli-’moho le rōna. Na ho phehella khotso le “batho bohle” ho ka etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero haholoanyane?

Nair

MOHLALA OA SEBELE:

Ak’u nahane ka pale ea ’mè e mong ea bitsoang Nair. Ka lilemo tse ngata, Nair o ile a tobana le likhatello tse ngata tse ileng tsa mo leka tabeng ea ho boloka khotso, haholo-holo ka lelapeng la hae. Ho tloha ha monna oa hae a ne a mo siea lilemong tse ka bang tse 15 tse fetileng esale a ntse a hōlisa bana a le mong. E mong oa bara ba hae o ne a lemalletse lithethefatsi ’me hangata o ne a e-ba hlaha a bile a beha bophelo ba Nair le ba morali oa hae kotsing. Nair o re seo a ithutileng sona ka Bibeleng se mo thusitse hore a be le matla a ho phehella khotso leha a le tlas’a maemo ao a lekang. O leka hore a se ke a etsa likhang kapa hona ho loana. O leka ho ba mosa, ho utloela ba bang bohloko le ho utloisisa boemo ba bona. (Baefese 4:31, 32) Nair o kholisehile hore ho phehella khotso ho mo thusitse hore a be le likamano tse molemohali le litho tsa lelapa la hae esita le batho ba bang.

HO NAHANA KA BOKAMOSO

Haeba re latela keletso e bohlale ea Jesu re tla fumana thabo le khotsofalo bophelong. Leha ho le joalo, e le hore re phele bophelo bo nang le morero e le kannete, ho boetse ho hlokahala hore re tsebe hore na bokamoso bo tla ba joang. Ho phaella moo, haeba feela seo re neng re se tseba e ne e le hore re tla tsofala, re kule re be re shoe, bophelo bo ne bo tla ba le morero ofe? Empa sena ke sona se etsahalang lefatšeng.

Leha ho le joalo, ho na le litaba tse molemo! Ho na le mahlohonolo a mangata ao Jehova a a tšoaretseng bohle ba lekang ho “tsamaea hantle feela joalokaha Jesu a tsamaile.” Jehova o tšepisa hore haufinyane o tla tlisa lefatše le lecha la ho loka, moo batho ba tšepahalang ba tla phela feela joalokaha a ne a rerile—e leng hore ba phele ka ho sa feleng ba phethahetse. Lentsoe la hae le re: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Maria, e leng nkhono ea lilemo li 84, eo re buileng ka eena sehloohong se qalang letoto lena la lihlooho, o thabisoa ke ho ba le tšepo ea hore o tla bona ha mantsoe ao a phethahala. Ho thoe’ng ka uena? Na u ka rata ho tseba haholoanyane ka “bophelo ba sebele” bo tla ba teng tlas’a ’Muso oa Molimo? (1 Timothea 6:19) Haeba ho joalo, u ka ikopanya le Lipaki Tsa Jehova tsa moo u lulang teng kapa ua ngolla bahatisi ba makasine ena. *

^ ser. 8 U ka bala pale eohle ea bophelo ba Esa sehloohong se reng “Bibele e fetola batho—Ke ne ke le motho ea sehlōhō”.

^ ser. 18 Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e thusitse batho ba bangata ho ithuta seo Mangolo a se rutang ka lihlooho tse fapa-fapaneng tsa Bibele.