Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

“Le ’ne le Kōpe, ’me le Tla Fuoa”

“Le ’ne le Kōpe, ’me le Tla Fuoa”

“Morena, re rute ho rapela.” (Luka 11:1) Eo ke kōpo e ileng ea etsoa ke e mong oa barutuoa ba Jesu. Ha Jesu a araba, o ile pheta lipapiso tse peli tse re rutang hore na re rapele joang e le hore Molimo a re utloe. Haeba u kile ua ipotsa hore na Molimo o utloa lithapelo tsa hao kapa che, u tla thahasella karabo ea Jesu.—Bala Luka 11:5-13.

Papiso ea pele e bua ka motho ea rapelang. (Luka 11:5-8) Papisong ena, monna ea itseng o amohela moeti har’a mp’a bosiu empa ha a na seo a ka mo ngoathelang sona. Mong’a moeti o hloka thuso ka potlako. Ho sa tsotellehe hore na ke nako efe, o ea ha motsoalle oa hae ho ea alima bohobe. Qalong, motsoalle oa hae o leqe ho tsoha hobane eena le ba lelapa la hae ba se ba robetse. Empa mong’a moeti o ikemiselitse ʼme ha a lihlong ho kōpa ho fihlela motsoalle oa hae a tsoha ʼme a mo fa seo a se kōpang. *

Papiso ee e re ruta eng ka thapelo? Jesu o re bolella hore re lokela ho phehella—ho kōpa, ho batla le ho kokota re sa phetse. (Luka 11:9, 10) Hobane’ng? Na Jesu o ne a fana ka maikutlo a hore Molimo o leqe ho mamela lithapelo tsa rōna? Che. Ntlha ea Jesu ke hore ho fapana le motsoalle eane ea tsilatsilang, Molimo o ikemiselitse ho fa batho ba mo kōpang lintho tse loketseng haeba ba mo kōpa ba e-na le tumelo. Re bontša tumelo e joalo ka ho phehella ha rōna. Ha re kōpa re sa phetse, re bontša hore ka sebele re hloka seo re se kōpang le hore re lumela e le kannete hore Molimo o tla re fa sona, haeba se lumellana le thato ea hae.—Mareka 11:24; 1 Johanne 5:14.

Papiso ea bobeli e bua ka “Ea Utloang thapelo,” e leng Jehova. (Pesaleme ea 65:2) Jesu oa botsa: “Ke ntate ofe har’a lōna eo, haeba mora oa hae a kōpa tlhapi, mohlomong a ka mo nehang noha ho e-na le tlhapi? Kapa haeba a boetse a kōpa lehe, a tla mo neha phepheng?” Karabo e hlakile—ha ho ntate ea tsotellang bana ba hae ea ka ba fang lintho tse kotsi. Joale, Jesu o hlalosa papiso ena: Haeba bo-ntate ba sa phethahalang ba batho ba ‘fa bana ba bona limpho tse ntle,’ “Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang”—e leng mpho e molemo ka ho fetisisa—ho bana ba hae ba lefatšeng ba mo kōpang! *Luka 11:11-13; Matheu 7:11.

Molimo o ikemiselitse ho fa batho ba mo kōpang lintho tse loketseng haeba ba mo kōpa ba e-na le tumelo

Papiso ee e re ruta eng ka Jehova “Ea Utloang thapelo”? Jesu o re kōpa hore re talime Jehova joaloka Ntate ea tsotellang, ea labalabelang ho fa bana ba hae lintho tseo ba li hlokang. Kahoo, barapeli ba Jehova ba ka utloa ba lokolohile ho mo rapela mabapi le seo lipelo tsa bona li se lakatsang. Ho feta moo, kaha baa tseba hore o ba batlela se molemo ka ho fetisisa, ba ka amohela seo a ba fang sona habonolo le haeba karabo e se eo ba neng ba e lebeletse. *

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka April

Luka 7-21

^ ser. 4 Papiso ea Jesu e bontša mekhoa le litloaelo tsa sebele bophelong. Bajuda ba ne ba nka hore ho amohela baeti ka mofuthu ke ntho ea bohlokoa haholo. Lelapa le ne le pheha bohobe bo lekanang letsatsi ka leng, kahoo, ho ne ho tloaelehile hore motho a alime bohobe haeba bo felile. Hape, haeba lelapa le ne le futsanehile, bohle ba ne ba robala fatše ka kamoreng e le ʼngoe.

^ ser. 6 Hangata Jesu o ne a sebelisa lentsoe “hakaakang,” ho bontša hore ntho e nyenyane e ka re ruta thuto ea bohlokoa. Papisong ena, Jesu o ne a bontša hore haeba batho ba khona ho ba molemo, Molimo eena o molemo ho ba feta.

^ ser. 7 E le hore u ithute ho eketsehileng mabapi le hore na u ka rapela Molimo joang hore a u utloe, sheba khaolo ea 17 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.