Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | MOLIMO O IKUTLOA JOANG KA HO TSUBA?

Seoa se Aparetseng Lefatše Lohle

Seoa se Aparetseng Lefatše Lohle

Ho tsuba koae ho bolaea batho ka sehlōhō.

  • Lilemong tse lekholo tse fetileng ho shoele batho ba 100 000 000 ka lebaka la ho tsuba koae.

  • Selemo le selemo ho shoa batho ba 6 000 000 ka lebaka la ho tsuba koae.

  • Ka karolelano, ho tsuba koae ho bolaea motho a le mong metsotsoana e meng le e meng e tšeletseng.

Ebile ha ho bonahale eka maemo a tla fetoha.

Ba boholong ba lekanya hore haeba maemo a ntse a tsoela pele ka mokhoa ona, ka selemo sa 2030, ho tla be ho se ho shoa batho ba 8 000 000 selemo le selemo ka lebaka la ho tsuba koae. Ba boetse ba bolela hore ha lilemo tsa bo-2000 li feela ho tla be ho se ho shoele batho ba limilione tse sekete.

Ho tsuba koae ha ho ame batho ba tsubang feela. Ho boetse ho ama ba malapa a bona, ba utloisoang bohloko ke ho shoeloa ke mong ka bona le mathata a lichelete, hammoho le batho ba sa tsubeng ba 600 000 ba shoang selemo le selemo ka lebaka la ho hema mosi oa koae. Batho bohle ba imeloa ke litšenyehelo tsa bongaka tse ntseng li nyoloha.

Ho fapana le mafu a mang a seoa ao lingaka li a batlelang pheko, seoa sena se ka felisoa ’me pheko ea sona ea tsebahala. Dr. Margaret Chan, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o ile a re: “Seoa sena se bakiloe ka ho feletseng ke batho ’me se ka felisoa feela ke boiteko bo kopanetsoeng ba batho le mebuso.”

Ho feta leha e le neng pele, linaha tse ngata li bontšitse hore li leka ho felisa koluoa ena. Ho tloha ka August 2012, linaha tse ka bang 175 li ile tsa lumela hore li tla nka bohato ho thibela ho sebelisoa ha koae. * Leha ho le joalo, ho na le mekhatlo e meng e matla e susumetsang batho hore ba ’ne ba tsube koae. Selemo le selemo, indasteri ea koae e sebelisa libilione tsa liranta ho bapatsa e le hore e hohele bareki ba bacha, haholo-holo basali le bacha ba lulang linaheng tse futsanehileng. Ka lebaka la hore koae e etsa hore ba e tsubang ba e lemalle, seo se bolela hore ho tla lula ho shoa batho ba bangata har’a ba limilione tse sekete ba tsubang koae ba seng ba ntse ba e lemalletse. Haeba ba tsubang koae hona joale ba sa khaotse, ho tla shoa batho ba bangata haholo lilemong tse mashome a mane tse tlang.

Lipapatso le ho lemalla koae li etsa hore batho ba lule ba tšoasehile mokhoeng ona oo ba lakatsang ho tsoa ho oona. Naoko o ile a feta bothateng bo joalo. O ile a qala ho tsuba esale mocha. O ne a ipona e le motho oa bohlokoa ha a etsisa batho ba tsubang ba hlahang lipapatsong. Le hoja a ile a bona batsoali ba hae ba bolaoa ke kankere ea matšoafo ka lebaka la ho tsuba, o ile a tsoela pele a tsuba, esita leha a ntse a hōlisa barali ba hae ba babeli. O re: “Ke ne ke tšoha hore ke tla tšoaroa ke kankere ea matšoafo ’me ke tšoenyehile ka hore bana ba ka ba tla kula, empa ho ntse ho le joalo ke ne ke sa khone ho khaotsa. Ke ne ke nahana hore nke ke ka hlola ke tlohela ho tsuba.”

Empa Naoko o ile a khaotsa ho tsuba. Ntho e ileng ea mo susumetsa hore a khaotse ho tsuba ke e thusitseng batho ba limilione hore ba se ke ba tsuba koae. Ntho eo ke’ng? Re kōpa u bale ho ea pele.

^ ser. 11 Mehato e meng e ileng ea nkoa e akarelletsa ho ruta batho ka likotsi tsa ho tsuba koae, ho thibela ho bapatsoa ha koae, ho nyolla lekhetho la koae le ho etsa mananeo a ho thusa batho hore ba khaotse ho tsuba.