Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | NA MOLIMO OA U TSOTELLA?

Molimo oa U Tšelisa

Molimo oa U Tšelisa

‘Molimo, ea tšelisang ba behiloeng tlaase oa re tšelisa.’—2 BAKORINTHE 7:6.

‘Mora oa Molimo o ile a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’—BAGALATA 2:20

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA NA LE LIPELAELO?: Batho ba bang ba bona e le boithati ho kōpa Molimo hore a ba thuse ho sebetsana le mathata a bona esita leha ba le maqakabetsing ’me ba hloka matšeliso. Mosali e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ha ke bona hore na batho ba bangata ba na le mathata a boima hakae lefatšeng, mathata a ka a bonahala e se letho hoo nka tsilatsilang ho kōpa thuso ho Molimo.”

SEO LENTSOE LA MOLIMO LE SE RUTANG: Molimo o se a thusitse batho le ho ba tšelisa ka tsela e hlollang. E mong le e mong lefatšeng kajeno o futsitse sebe, e leng ho hlōleha ho phetha melao ea Molimo ka botlalo. Leha ho le joalo, Molimo “o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” (1 Johanne 4:10) Molimo o sebelisa sehlabelo sa lefu la Jesu, ho etsa hore re tšoareloe libe, re be le letsoalo le hloekileng le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso. * Empa na sehlabelo seo se entsoe molemong oa batho ka kakaretso feela, kapa na se bontša hore Molimo oa u tsotella?

Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a anngoe ke sehlabelo sa Jesu hoo a ileng a ngola mantsoe ana: ‘Ke phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’ (Bagalata 2:20) Ke ’nete hore Jesu o shoele le pele Pauluse e e-ba Mokreste. Empa Pauluse o ile a talima sehlabelo seo e le mpho eo a e fuoang ke Molimo ka ho toba.

Lefu la sehlabelo la Jesu ke mpho eo Molimo ka ho toba a u fang eona. Mpho eo e tiisa hore na u motho oa bohlokoa hakae ho Molimo. E ka u fa “matšeliso a sa feleng,” kahoo ea u “tiisa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le lentsoeng le leng le le leng le molemo.”—2 Bathesalonika 2:16, 17.

Empa Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Ho na le bopaki bofe ba hore kajeno Molimo o batla hore u be haufi le eena?

^ ser. 5 E le hore u ithute ka ho eketsehileng ka sehlabelo sa Jesu, bala khaolo ea 5 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.