Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | KAMOO U KA SEBETSANANG LE HO TŠOENYEHA

Ho Tšoenyeha ka Lelapa

Ho Tšoenyeha ka Lelapa

Janet o re: “Nakoana ka mor’a hore Ntate a hlokahale, monna oa ka o ile a mpolella hore o ratana le mosali e mong. Ho e-s’o ee kae, o ile a phutha mehasoana ea hae ’me a ntšiea le bana ba rōna ba babeli a sa re fonanisa le ho re fonanisa.” Janet o ile a fumana mosebetsi, empa moputso oa hae o ne o fokola hoo a neng a sa khone le ho patala ntlo. Leha ho le joalo, mathata a hae e ne e se a lichelete feela. O re:“Ke ne ke ema hlooho ha ke nahana ka boikarabelo boo ke lokelang ho bo jara ke le mong. Ke ne ke ikutloa ke le molato ha ke sa khone ho etsetsa bana ba ka lintho tseo batsoali ba bang ba li etsetsang bana ba bona. Le hona joale, ke tšoenyeha ka hore na batho ba re talima joang le bana ba ka. Na ebe ba nka hore ke ’na ea qhalileng lelapa la ka?”

Janet

Thapelo e thusa Janet ho khoba matšoafo le ho hlaolela ho ba motsoalle oa Molimo. Janet o tsoela pele o re: “Bosiu e ne e le eona nako e boima ka ho fetisisa, kaha ho khutsitse ke ne ke tšoenyeha le ho feta. Ho rapela le ho bala Bibele ho nthusa hore ke robale. Lengolo leo ke le ratang haholo ke Bafilipi 4:6, 7 le reng: ‘Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.’ Ke qetile masiu a mangata ke rapela ’me khotso ea Jehova e ’nile ea nthusa ho khoba matšoafo.”

Jesu o ile a bontša kamoo thapelo e ka re thusang kateng ha re e-na le matšoenyeho a mefuta eohle ha a re: “Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.” (Matheu 6:8) Leha ho le joalo, re lokela ho mo kōpa. Thapelo ke tsela e ka sehloohong eo ka eona re ka “atamelang ho Molimo.” Ho tla etsahala’ng ha re atamela ho eena? ‘O tla atamela ho rōna.’—Jakobo 4:8.

Ha re rapela hase feela hore re bolella Molimo matšoenyeho a rōna. Empa Jehova, e leng “Ea Utloang thapelo,” o thusa bohle ba mo rapelang ka tumelo. (Pesaleme ea 65:2) Ke ka hona Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore “ba rapele kamehla ’me ba se ke ba tela.” (Luka 18:1) Ka tumelo, re lokela ho tsoela pele ho kōpa Molimo hore a re tataise a be a re thuse. Ha ho mohla re lokelang ho belaella hore o lakatsa ho re thusa ebile o na le matla a ho etsa joalo. Ha re ‘rapela re sa phetse,’ seo se tla bontša hore re na tumelo ea sebele.—1 Bathesalonika 5:17.

HA E LE HANTLE HO BA LE TUMELO HO BOLELA’NG?

Ha e le hantle tumelo ke’ng? Ho ba le tumelo ho akarelletsa ho tseba Molimo hantle. (Johanne 17:3) Mohato oa pele ke ho ithuta ka eena ka Bibeleng. Re ithuta hore o bona e mong le e mong oa rōna ebile o labalabela ho re thusa. Leha ho le joalo, ho ba le tumelo ea sebele ho akarelletsa ho fetang feela ho tseba Molimo. Ho akarelletsa ho ba le kamano e ntle le eena. Joalokaha re tseba, re ke ke ra theha setsoalle ka letsatsi le le leng. Kahoo, tumelo ea rōna ho Molimo ea “eketseha” ha re ithuta haholoanyane ka eena, leha re “etsa lintho tse mo khahlisang” kapa a re thusa. (2 Bakorinthe 10:15; Johanne 8: 29) Ke eona tumelo eo e thusang Janet hore a hlōle ho tšoenyeha.

Janet o re: “Se nthusitseng ho ba le tumelo ho Jehova, ke ho bona kamoo a ’nileng a nthusa kateng. Re ’nile ra tšoaroa ka leeme ’me re bona eka re ke ke ra khona ho mamella. Kaha ke ne ke rapela ka tieo, hangata Jehova o ne a re thusa ka tsela eo ke sa e lebellang. Ha ke mo leboha, seo se nkhopotsa kamoo a nthusitseng kateng. O re thusa kamehla, le hona ka nako e loketseng. Hape o mphile metsoalle ea ’nete eo e leng banna le basali ba moea. Ba lula ba re tšehetsa ’me ba behela bana ba ka mohlala o motle.” *

“Kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho Malakia 2: 16 Jehova a re o ‘hloile tlhalo.’ Molekane ea se nang molato o ikutloa a soetsehile habohloko. Ho se ho fetile lilemo tse ngata molekane oa ka a tsamaile, empa ka linako tse ling ke jeoa ke bolutu ebile ke ikutloa ke se na thuso. Ha ke le boemong boo, ke leka ho thusa motho e mong ka tsela e itseng, ’me seo se etsa hore ke be betere.” Janet o fokotsa ho tšoenyeha ka ho sebelisa molao-motheo oa Bibele o reng re se ke ra itšehla thajana. *Liproverbia 18:1.

Molimo “ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali.”—Pesaleme ea 68:5

Janet o re: “Ke tšeliseha haholo ha ke hopola hore Molimo ‘ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali.’ A ke ke a re lahla kherehloa joaloka monna oa ka.” (Pesaleme ea 68:5) Janet oa tseba hore Molimo ha a re leke “ka lintho tse mpe.” Ho e-na le hoo, o fana ka bohlale “ka seatla se bulehileng ho bohle,” ebile o fana ka “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore re ka sebetsana le ho tšoenyeha.—Jakobo 1:5, 13; 2 Bakorinthe 4:7.

Re ka etsa’ng haeba re tšoenngoa ke hore bophelo ba rōna bo kotsing?

^ ser. 10 Bakeng sa ho fumana litsela tse ling tsa ho sebetsana le ho tšoenyeha, sheba lihlooho tse letotong le reng “Na U ka Laola se Etsahalang Bophelong ba Hao?Tsoheng! ea July 2015, ’me e boetse e fumaneha ho www.pr418.com/st.