PINA EA 10
Rorisang Jehova
-
1. Rorisang Jehova ’Mopi.
Tsebahatsang bitso la hae.
Lemosang ka tsatsi la hae
Hoba joale le atametse.
Jehova o re joale ke nako
Ea hore Jesu a buse.
Tsebisang bohle ka tlho’nolofatso
Tseo Jah a tla li tlisa.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova ’Mopi.
Le bolelle bohle ka eena.
-
2. Rorisang Jehova ’Mopi.
Le rorise bitso la hae
Ka pelo tse nyakaletseng,
Le bolelleng bohle ka eena.
O moholo ebile o matla,
Empa o’ikokobelitse.
Ke Ntate ea mosa le ea mohau.
O re fa tseo re li hlokang.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova ’Mopi.
Le bolelle bohle ka eena
(Sheba le Pes. 89:27; 105:1; Jer. 33:11.)