Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 105

“Molimo ke Lerato”

“Molimo ke Lerato”

(1 Johanne 4:​7, 8)

  1. 1. Jah Molimo ke lerato.

    Kahoo, re mo etsiseng.

    Rata ’Mopi le oa heno

    Hore tsohle li loke.

    Re tla phela re thabile

    Haeba re rata batho.

    Re phele joaloka Kreste,

    Re phele ka lerato.

  2. 2. Haeba re rata Jehova,

    Re tla rata le batho.

    Ha re oela oa re thusa

    ’Me oa re phahamisa.

    Lerato le tla re thusa

    Hore re mamellane

    ’Me re be batho ba mosa,

    Re lule re thabile.

  3. 3. Khalefo e se u buse

    ’Me e se u laole.

    Kopa thuso ho Molimo.

    O tla u thusa hore

    U be motho ea lerato,

    U rate ho tsoa pelong.

    A re etsiseng Jehova,

    Re rateng batho bohle.